h thuso ea - black sash · thuso ea sechaba h o ngolisetsa e ngwe ya di kerante tsena, u hlokahala...
Post on 26-Sep-2020
4 Views
Preview:
TRANSCRIPT
Thuso ea Sechaba
Ho ngolisetsa e ngwe ya di kerante tsena, u
hlokahala hore:
• U hlahlobe ditokomane tseo u di hlokang pele u ya
SASSA.
• Mme o tlatse diforomo tsa kopo tse hlokwang ho
tlatswa ka pela moofisiri wa SASSA.
• U tla fuaoa resiti yaho nnetefatsa hore u ngolisitse.
• • Tshebetso ena e nka matsatsi a 90.
• Haeba u atlehile, tefo ea hau ea pele e ka kenyelletsa
lekhetho la morao ho tloha nakong eo thuso ya hau e
amoheloang.
• U tla fumana tsebiso e ngotsoeng haeba kopo ea hau
e fokotsehile.
U ka romela dipotso tsa hao ka imeile ho
help@blacksash.org.za.
#knowyourrights
Ha ebe o na le mathata a ho fumana thusa officing tsa
SASSA, U ka letsetsa ofising tsa Black Sash bakeng sa
tshehetso le keletso ya mahala ya semolao ho
072-663-3739 .
Ha ebe u na le dipotso tse amanang le kerante ya
sechaba, o ka letsetsa ofising ya SASSA nomorong ya
08600-601-011 ya mahala.
Mmuso wa Afrika Borwa o thehile Ejensi ya tsireletso ya
sechaba ya Afrika Borwa (SASSA).
SASSA e sebedisa teko ya bokgoni ho etsa qeto ya ho bona
hore na u tsoaneleha ho fumane kerante ya sechaba. Sena
se thusa SASSA ho nnetefatsa hore batho ba hlokang thuso
ba fumana thuso. Qeto ena e etswa ho itsitlehiloe ka hore nna
u kgola bokae, mme le hore na seo u nang le sona ke sefeng.
Hona le mefuta e Hona le mefuta e robedi ya kerante tsa Sechaba e
fumanehang:
1. Kerante ya kgodiso ya ngwana:
• Kerante ya kgodiso ya ngwana e etseditswe ho fana ka
thuso ditlhokong tsa bana bao bahlokomedi ba bona ba
sehloohong ba sa kgoneng hoba fa tsehetso e lekaneng.
• Ditsebeletso tsa bana ba tlhokomelo ea bana ke tsa bana
badilemo tse 0 - 18.
•• U hlokahala hore u fihlelle ditlhoko tsa teko ya bokgoni.
2. Kerante ya Ngwana ya hlokometsweng Nako e itseng:
• Wena le ngwana le hlokahala hore le be le dula Afrika
Borwa.
• Ngwana u hlokahala hore a ba le ka tlase ho dilemo tse 18.
• U tlamehile hore u be le taelo ya lekgotla la molao ele
bopakiba hore u motswadi ya filweng boemo boo.
3. Kerante ya ngwana ya sa itekanelang:
• Hore u tle u lokelehe bakeng sa kerante ya Tlhokomelo
ya Ngwana ya sa itekanelang u tswanetse u be u le
mohlokomedi wa ngwana ya sa itekanelang.
•• Ngwana eo u lokela hoba ka tlase ho dilemo tse 18,
mme o lokela hore ngaka ya pofeshenenale ha e
mohlahloba e fumane hore ngwana ha itekanela.
• Le mekhatlo ea ho itsetleha ka tlhokomelo ea
tlhokomelo bakeng sa bana ho tloha ho 1 ho ea ho lilemo
tse 18 (sena ke hobane ho thata ho hlahloba bokooa ho
bana ba ka tlase hodilemo tse 1).
• Mme u tla hlo• Mme u tla hlokahala hore u etsisoe teko ya bokgoni ho
bona hore na ebe wa tswaneleha.
4. Kerante ya penshene:
• U ka ngodisetsa kerante ya maqheku ha eba o le dilemo tse 60 kapa
ho feta.
• U hlokahala hore u fihlelle ditlhoko tsa teko ya bokgoni.
5. Kerante ya ba sa itekanelang:
• • Kerante ya batho ba sa itekanelang, kaya motho o feng kapa o feng
ya fumanoeng ke ngaka ya porofeshene hore hana matla a ho sebetsa.
• Kerante ena e fapane ka ha e fumaneha maemong a moshwelella
kapa a nakwana.
• Haeba o e fumana maemong a nakwana, kerante ya hao e tla lekolwa
botjha ho bona hore ebe o sa ntse o tshwaneleha.
• U hlokahala hore u fihlelle ditlhoko tsa teko ya bokgoni.
6. Grant-in- Aid:
• Grant-in-Aid ke kerante ya motho ya hlokomelang leqheku kapa
motho ya sa itekanelang.
• Ngaka kapa social worker ke yona e tla etsa qeto ya hore nna motho
eno ea hlokomeloang u hloka hlokomelo.
7. Kerante ya mekaubere ya ntwa:
• Ho• Hore u tswanelehe kerante ena ya mekaubere ya ntwa u lokela hore u
be o lwane ntoeng ya pele le ya bobedi ya lefatse (world war 1 le
Korean war).
• Hau oa lokeloa ho hlokomeloa setsing sa mmuso.
8. Kimollo ya nakong ya koduwa:
• Kimollo ya nakong ya koduwa ke kerante e fuoa batho ha mathata a le
teng kapa ha ba emetse karabo ya ngoliso ya kerante.
• Kimollo ena e pataloa ka kgoedi tse tharo feela.
• U ka fumana kimollo ena ka mokhwa oa chelete, dijo kapa di voucher.
top related