guidebook sesotho large format -...
TRANSCRIPT
Stigma-‐Free Faith Communities Sesotho
Liphutheho tsa Bolumeli tse Hlokang Sekhobo
Tataiso ea Moetapele oa Bolumeli Phelisong ea Sekhobo se mabapi
le HIV le AIDS
Phuptjane 2013
© EMPACT Africa June 2013
Phutheho ea Bolumeli e Hlokang Sekhobo …
1. E bua phatlalatsa ka HIV le AIDS, ‘moho le lintlha tse amanang tse joalo ka boitśoaro litabeng tsa thobalano le tlhokeho ea tekano ea bong
2. E fana ka tsela e tiileng ka nako eohle melaetsa ea kutloelo bohloko, e sa ahloleng, ho batho ba phelang le HIV
3. E hlalosa HIV le AIDS joalo ka bokuli bo bong le bo bong, e seng kotlo kapa boitšoaro bo bobe
4. E fana ka lintlha tsa motheo mabapi le HIV le AIDS, ho kenyeletsoa mekhoa ea tśoaetso, kalafo le thibelo
5. E khothaletsa litho tsohle ho ba le seabo ka botlalo bophelong ba phutheho ea bolumeli, ho sa natsoe boemo ba HIV
6. E tsepamisa maikutlo holima tlhokomelo le tśehetso ea batho ba phelang le HIV, ho fapana le ka moo ba tśoaelitsoeng ka teng
7. E khothaletsa ho phela ka tsela e molemo ka lihlopha tsa thuto le tśehetso tsa batho ba nang le HIV
8. E khothaletsa ka sehlahlo ho etsoa ha liteko ho litho tsohle le ho hlophisetsa phihlello (ho fumaneha ha bonolo) ho likeletso tsa maikutlo ha ho thojoa ha maikutlo le (ho etsa) liteko
9. E tiisa boikarabello ba motho ka mong bakeng sa litho tsohle ho tseba boemo ba tsona ba HIV le ho qoba boitśoaro bo nang le kotsi ea tśoaetso ea HIV
10. E sebeletsana ka cheseho le mekhatlo e meng ho rarolla litaba tse amang HIV le AIDS sechabeng ka bophar
© EMPACT Africa June 2013 Page 1
Na Bukana Ee ke ea Hau? Ipotse lipotso tse peli:
• Na HIV le AIDS ke litaba tsa bohlokoa bakeng sa phutheho ea heno ea bolumeli?
• Na batho ba nang le HIV ba bona phutheho ea heno ea bolumeli joalo ka sebaka tšepo le tšehetso?
Haeba u araba ka hore “Ee” potsong ea pele le “Che” ho ea bobeli, ke moo sekhobo sa HIV le AIDS e leng bothata phuthehong ea heno ea bolumeli. Bukana ena e fana ka tataiso e sebelisehang mabapi le ho hlola sekhobo le ho fetola phutheho ea bolumeli ea heno ho ba sebaka sa tšepo le tšehetso bakeng sa batho ba phelang le lefu lena.
Haeba o arabile ka “Ee” le “Ee,” o ka ̍na oa inahanela ho nka boitlhahlobo bo bukaneng ena ho tiisa karabo ea hao, ebe o tsoelapele ho etsa seo o ntseng o se etsa.
Haeba o arabile ka “Che” potsong ea pele, teng o lokela ho botsa hore na HIV le AIDS ke litaba tsa bohlokoa bakeng sa sechaba ka bophara seo phutheho ea heno ea bolumeli e leng karolo ea sona. Haeba HIV le AIDS e le litaba tsa bohlokoa sechabeng ka bophara, teng monyetla ke hore ke litaba tsa bohlokoa hape phuthehong ea heno ea bolumeli. Haeba HIV le AIDS e se litaba tsa bohlokoa sechabeng ka bophara, teng u lokela ho leboha. Empa pele o iphapanyetsa tsona, inahane hore na ha se hore e ka ̍na ea ba li ipatile feela ̍me ha li tśohloe ka tsela e bulehileng. Haeba ho le joalo, bukana ena e tla o thusa ho thibela HIV le AIDS hore ebe mathata a maholo ho feta mona. E se eka u ka fumana tataiso ea Moea o Halalelang le matla ha u loanela ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS. Dr. David Barstow Austin, Texas, USA Phuptjane 2013
© EMPACT Africa June 2013 Page 2
Sekhobo sa HIV le AIDS Ho na le sekhobo se amanang le HIV le AIDS. Hobane HIV ke lefu le tśoaetsanoang haholo ka ketso ea thobalano, batho ba tsoaelitsoeng ke HIV ha ngata ba tobana le ho khesoa le ho ahloloa ke batho ba bang. Batho ba shoa ka lebaka la kameho e bakoang ke sekhobo sena. Tšabo ea ho khesoa e baka hore batho ba qobe ho etsa teko ea lefu lena le ho lieha ho fumana kalafo e neng e tla khonahatsa hore ba phele bophelo bo ba atlehisang. Sekhobo se pharaletse hoo se etsang hore seoa sena se mpefale – lefu lena le jaleha ka potlako ka lebaka la sekhobo.
Sekhobo se ka`na sa felisoa haeba liphutheho tsa bolumeli tsa lefatse li nka khato ho se loantša. Ho tloha khale, liphutheho tse ngata tsa bolumeli li bontšitse ho ba le maikutlo a matla a ahlolang batho ba phelang le tšoaetso ea HIV. Lichabeng tse ling, kahlolo e nketsoe sebaka ke ho thola, empa sena se sa ntse se etsa hore sekhobo se kekele ka matla. Ka lehlohonolo, ha liphutheho tsa bolumeli li nka mehato e itahlelang ka setotsoana tšebetsong ho loantša sekhobo, ba ka se hlola ka katleho, `me e be libaka tsa tšepo le tšehetso bakeng sa batho ba phelang le tśoaetso ea HIV.
Ho felisa sekhobo ka katleho ho hloka boetapele bo matla ba lehae. Baetapele ba liphutheho tsa lehae tsa bolumeli ba boemong bo ikhethileng ba ho felisa sekhobo hara balumeli ba bona le ka hare ho sechaba ka bophara. Bukana ena e ngoletsoe ho thusa baetapele ba liphutheho tsa bolumeli ba lehae ho atleha boitekong ba bona ba ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS. Bukana ena e na le likarolo tse tharo:
• Libopeho tsa phutheho ea bolumeli e se nang sekhobo • Mosebetsi o tsoileng matsoho bakeng sa ho felisa sekhobo • Moralo oa phetolo e ekeletsoang holima o mong
Ea pele ke ho fana ka motheo, ha ea boraro e hlalosa mehato e nkuoang bakeng sa phetoho e atlehileng e isang phuthehong ea bolumeli e hlokang sekhobo.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 3
Libopeho tsa Phutheho ea Bolumeli e se Nang Sekhobo
Liphutheho tsa bolumeli tse atlehileng ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS li ka bonoa ka libopeho tse leshome, tse thathamisitsoeng bokahareng ba leqephe le koahelang bukana ena, `me li hlalositsoe ka botlalo ha morao. Mosebetsi oa ho ba le phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e kenyeletsa ho fetola e ̍ngoe le e ̍ngoe ea libopeho tsena ho e fokolang ho isa ho e matla. Leha ho na le likamano tse rarahaneng hara libopeho tsena, ka kakaretso li ka saloa morao ka tlhahlamano, moo e `ngoe e ahelloang holima tse tlileng pele:
• Sebopeho sa pele se mabapi le pheliso ea ho thola: haeba litaba tse rarahaneng tse mabapi le HIV le AIDS li ke ke tsa tšohloa ka tsela e bulehileng, ho ke ke ha khonahala hore sekhobo se felisoe.
• Sebopeho sa bobeli ke sona se ka nkoang mohlomong se le bohlokoa ka ho fetisisa: meetlo ea rona ea bolumeli e re tlama ho tšoara batho bohle ka lerato le kutloelo-‐bohloko, e seng ho ba ahlola.
• Libopeho tsa boraro, bone, le bohlano li shebisisa tsebo ea bonnete: HIV ke lefu; borasaense ba utloisisa ka moo le tšoaetsanoang ka teng le ka moo le ka thibeloang ho tšoaetsa batho ba bang; lingaka li tseba ka moo le jang setsi ka teng le ka moo le alafuoang ka teng; ha ho hlokehe hore hore ho be le tšabo ea ho ba le kopano e tloaelehileng feela le batho ba nang le HIV.
• Libopeho tsa botšelela le bosupa li shebana le tšehetso: seo phutheho ea bolumeli e ka se etsang ho fana ka thuso e sebetsang ho thusa batho ba phelang le tšoaetso ea HIV.
• Libopeho tsa borobeli, borobong le leshome li sebetsana le ho loantśana le seoa sena ka tsela e pharaletseng ho feta: bohlokoa ba ho etsa liteko bakeng sa balumeli; tlhokeho ea ho qoba boitšoaro bo sa bolokehang; tlhokahalo ea ho fihlella boholo ba sechaba.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 4
1. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e bua phatlalatsa mabapi ka HIV le AIDS, hammoho le lintlha tse amanang tse joalo ka boitšoaro ba tsa thobalano le tlhokeho ea tekano ea bong.
Ho bohlokoa ho tšohla litaba tse mabapi le HIV le AIDS pepeneneng. Lihlooho tsena li ka ba thata hore ho buuoe ka tsona, hobane ho ka ̍na ha ba le lithibelo tsa bochaba kapa tsa kelello tse mabapi le ho qala lipuisano. Empa ntle le hore ho qaloe puisano, ho ke ke ha khoneha hore phutheho ea bolumeli e ka sebetsana ka katleho le sekhobo se mabapi le HIV le AIDS. Ka litsela tse ngata, mohato ona oa pele ke oona o thata ka ho fetisisa, o hlokang sebete le kutloelo-‐bohloko ho tsoa ho baetapele ba liphutheho ea bolumeli. Liphutheho tse fapaneng tsa bolumeli li ka fana ka menyetla e mengata e fapaneng bakeng sa lipuisano tse bulehileng mabapi le litaba tse amanang le HIV le AIDS. Bakeng sa liphutheho tse ling tsa bolumeli, litšebeletso tsa bolumeli e ka ba tsona tse hloahloa ka ho fetisisa. Bakeng sa ba bang, ho ka ̍na ha eba le linako tsa ho ruta. Ntlha ea bohlokoa ke hore lihlooho tse joalo li tšohloe ka tsela e bulehileng le e pharaletseng hara litho tsa phutheho ea bolumeli.
Potso ea Bohlokoa
• Ke khafetsa hakae HIV, AIDS, tšekamelo ea tsa bong, bong, le lihlooho tse ling tse tšoanang li tšohloang ka tsela e bulehileng litšebeletsong tsee tsa bolumeli le liphuthehong tse ling tsa litho tsa phutheho ea bolumeli?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 5
2. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e fana ka tsela e tiileng ̍me e phetapheta ho fana ka melaetsa ea kutloelo-‐bohloko, e seng kahlolo, ho batho ba nang le HIV.
Lerato le kutloelo-‐bohloko bakeng sa batho bohle li khubung ea ho hlola sekhobo sa HIV le AIDS. Lerato le kutloelo-‐bohloko ke metheo ea bongata ba meetlo ea bolumeli; empa metheo ena e ka ba thata haholo ho e bontša, haholo-‐holo ha ho tobanoe le litaba tsohle tsa sechaba, bochaba le litumelo tse mabapi le seoa sena sa AIDS.
E le ho felisa sekhobo, melaetsa ea kutloelo-‐bohloko bakeng sa batho ba tšoaelitsoeng ke HIV e bohlokoa haholo mabapi le boikarabello ba batho ka bo-‐mong ho qoba tšoaetso. Melaetsa ea boikarabello ba batho ka bo-‐mong e bohlokoa (sheba Libopeho #9), empa e ka baka hore batho ba tšoaelitsoeng ke HIV ba ikutloe ba le molato, mme ka hona ba sa amoheloa phuthehong ea bolumeli. Melaetsa ea kutloelo-‐bohloko le lerato e tlameha ho thathiseletsoa e le ho qoba ho theha maikutlo a molato le tšoabo. Liphuthehong tse ngata tsa bolumeli, sena ke bofokoli bo boholo ka ho fetisisa hara libopeho tsena tse leshome tsa phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo. Ho fetola mefokolo ena hore e be matla ho hloka khathallo le phetapheto tse tsoellang, bobeli ka mantsoe le ka liketso, e le hore phutheho ea bolumeli e khone ho ba sebaka sa tšepo le tšehetso bakeng sa batho ba phelang le tšoaetso ea HIV.
Potso ea Bohlokoa
• Ho atile haholo ho feta hore melaetsa ea bolumeli e thathiseletse kutloelano-‐bohloko le lerato bakeng sa batho ba tšoaelitsoeng ke HIV, ho fapana le boikarabello ba batho ka bonngoe ba ho qoba tšoaetso?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 6
3. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e hlalosa HIV le AIDS joalo ka bokuli ba bongaka, e seng kotlo kapa boitsoaro bo soto.
Ena ke taba ea motheo e tlamehang ho sekasekoa. Ho bohlokoa hore litho tsa phutheho ea bolumeli li lemohe hore HIV ke lefu. Leha tšoaetso e ka ̍na ea ba e bakiloe ke boitśoaro bo nkuoang bo le soto, bosoto ha se metso ea sesosa sa tšoaetso. Tšoaetso e hlaha ha kokoana-‐hloko ea vaerase e kena ̍meleng oa motho. Sena se ka ̍na sa be se etsahetse ka litsela tse ngata, tse ling e le tse amanang le boitśoaro bo ka nkoang bo le soto, empa tse ling e le tse se nang kamano ea letho le boitsoaro bo soto.
Ho bohlokoa ho lemoha phapang lipakeng tsa libopeho tsena tse peli tsa boitšoaro ba batho:
• Boitśoaro bo “Seng soto”, ke hore, boitśoaro bo ikamahanyang le mekhoa le meetlo ea bolumeli
• Boitśoaro bo “Bolokehileng”, ke hore, boitśoaro bo sa bakeng kotsi ea phetiso ea tśoaetso ea HIV
Ka mehla ho tla lula ho na le likhang tse mabapi le hore ke boitšoaro bofe bo “seng soto ” kapa bo “soto.” Empa sebopeho sa “bolokehile” ke taba e amang ̍nete, e fumanoeng ke saense le bongaka. E le ho hlola sekhobo, ho bohlokoa ho ananela phapano ena le ho tsepamisa maikutlo holim̍a polokeho, e seng bosoto.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse utloisisang hore, mabapi le phetiso ea tšoaetso ea HIV, boitšoaro bo “seng soto” e ka ̍na ea se be ha kaalo boitśoaro bo “bolokehileng” mme boitśoaro bo “sa bolokehang” e ka ̍na ea se be ha kaalo boitśoaro bo “soto?”
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 7
4. Phutheho ea bolumeli e se nang sekhobo e fana ka linnete tsa motheo tse mabapi le HIV le AIDS, ho kenyeletsoa mekhoa ea phetiso ea tšoaetso, kalafo, le thibelo.
Ho bohlokoa hore litho tsa phutheho ea bolumeli li tsebe linnete tsa motheo tse mabapi le HIV le AIDS, ho kenyeletsoa mekhoa ea phetiso ea tšoaetso, mekhoa ea thibelo, le liprothokole tsa kalafo. Tsebo ena e tiisa kananelo ea hore HIV le AIDS ke litaba tse amang bongaka. Ho tseba linnete hape ho ka ba le thuso ho feliseng litsebo tse senyang le litumelo tsa bohata, mme sena sa khonahatsa hore litho li utloisise hore ke eng se sebetsang le se sa sebetseng mabapi le ho thibela phetiso ea tśoaetso ea HIV. Litaba tse ling li ka ̍na ea ba tse bakang phephetso mabapi le ho li ka tšohloa, joalo ka tšebeliso ea likhohlopo. Ho ka ̍na ha ba le maikutlo a hore ho ho bua ka tšebeliso ea likhohlopo ho khothaletsa boitśoaro bo nkuoang bo le soto. Empa le ha ho le joalo, ho bohlokoa ho bohle hore ba utloisise hore likhohlopo ke tsela ea bohlokoa ea ho thibela phetiso ea tśoaetso. ea HIV nakong ea ketso ea thobalano. Tsebo ea tśebeliso ea likhohlopo ke taba e amang lefu le bophelo.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse utloisisang le ho bua ka nepo mabapi le HIV le AIDS, ̍moho le mekhoa ea phetiso ea tšoaetso, kalafo, le thibelo?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 8
5. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e khothaletsa litho tsohle ho ba le seabo ka botlalo bophelong ba phutheho ea bolumeli, ho sa natsoe boemo ba HIV.
Tsebo ea motheo e mabapi le phetiso ea tšoaetso ea HIV e bontsa hore ha ho kotsi ea phetiso ea tšoaetso nakong ea likopano e tloaelehileng le ha batho ba kopana le batho ba tšoaelitsoeng. Ka lebaka lena, ha ho letho le lokelang ho tšajoa ha motho ea phelang le tšoaetso ea HIV a nka karolo liketsahalong tsa phutheho ea bolumeli. Ha litho li tseba linnete tsena, melaetsa ea khothatso le kamohelo e lebisa litšebelisanong tse feletseng le batho ba nang le tśoaetso ea HIV liketsahalong tsohle tsa liphutheho tsa bolumeli. Sena, ka hona, se etsa hore litho tsa phutheho ea bolumeli li bone lehlakore la botho la lefu lena le ho lemoha hore batho ba phelang le tśoaetso ea HIV ke batho boemong ba pele ̍me ho ba bobeli ke batho ba nang le tšoaetso ea HIV.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse nang le tšoaetso ea HIV tse nkang karolo ka bolokolohi liketsahalong tsa tloaelo tsa phutheho?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 9
6. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e tsepamisa maikutlo holima tlhokomelo le tśehetso ea batho ba phelang le HIV, ho sa tsotellehe mokhoa oo motho a fumaneng tšoetso ka oona.
Ha motho a itlhahisa hore o na le tšoaetso ea HIV, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a e hlokang ke kamohelo e hlokang litśehollo. Empa le ha ho le joalo, bakeng sa batho ba bangata, ntho ea pele eo ba e etsang ka mor`a ho tseba hore motho e mong o na le tśoaetso ea HIV ke ho ipotsa hore na motho eo o tśoaelitsoe joang. Ha ba susumetsoa ke kutloelo-‐bohloko, litho tsa bolumeli ba tlameha ho se botse mabapi le sesosa sa tśoaetso. Ho fapana le mona, ba tlameha ho bontša kamohelo ea bona ho motho eo`me ba botse hore na ba ka mo thusa ka tsela efe.
Litho tse ling tsa phutheho li ka `na tsa se ke tsa re letho hobane ba ipotsa hore na ha ba tsebe hore ba ka thusa joang. Empa ha ngata, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke kamohelo ea motho eo, ho mo bontša lerato le thuso ka lintho tse ka etsoang mabapi le ho phela le tśoaetso ea HIV.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse itlhahisitseng boemo ba tsona ba ho ba phela le tśoaetso ea HIV, e kaba sephiring kapa phatlalatseng?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 10
7. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e khothaletsa hore motho a nahane ka tsela e nang le molemo ka ho iphumanela thuto le lihlopha tsa tšehetso tsa batho ba phelang le tšoaetso ea HIV.
“Ho phela ka tsela e nang le molemo” ho bolela lintlha tse itseng tsa boitšoaro ba motho tse khonahatsang hore batho ba nang le tśoaetso ea HIV ba phele bophelo bo bolelele bo nang le molemo. Ho phela ka tsela e nang le molemo ho na le liphephetso tse ngata, ho kenyeletsoa mehato e nkuoang bakeng sa tšebeliso ea meriana le tsa phepo, `moho le mekhoa ea ho fihlella litleliniki le ho beha meriana leihlo.
Ho phela ka tsela e molemo hape ho kenyeletsa ho nka mekhoa ea tlhokomelo ea ho thibela tśoaetso ea lefu lena ho batho ba bang. Ho nka mekhoa ea tlhokomelo ho ama kutloisiso ea linnete tse mabapi le phetiso ea tśoaetso le thibelo,`moho le boitšoaro ba motho le khothatso ho tsoa ho batho ba bang.
Lihlopha tsa ho ithusa kapa tsa tsehetso li ka ba le katleho e kholo mabapi le ho thusa batho ba nang le HIV ho sebetsana le litaba tsena kaofela. Ho etsa mohlala, batho ba lihlopheng tsa tsehetso ba ka khothatsana ho noa meriana kamehla `me ba ka ithuta ka moo batho ba bang ba tobaneng le liphephetso tse tšoanang le tsa bona.
Potso ea Bohlokoa
• Na ho na le lihlopha tsa tšehetso tse sebetsang `me tse nang le thuso, tse ka hara sehlopha sa bolumeli kapa sechabeng ka bophara, bakeng sa batho ba phelang le tšoaetso ea HIV?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 11
8. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e khothaletsa ka sehlahlo ho etsoa ha liteko ho litho tsohle le ho hlophisetsa phihlello ho likeletso tsa maikutlo le liteko.
Motho e mong le e mong o tlameha ho tseba boemo ba hae ba HIV, joalo feela ka ha a tlameha ho tseba lintlha tse ling tsa bokuli boo a ka bang le bona. Ho na le tloaelo ea ho nahana hore ke batho ba amehang boitśoarong bo sa bolokehang feela ba hlokang ho etsoa liteko, empa `nete ke hore, batho bohle ba tlameha ho etsoa teko, ho kenyeletsoa ba nahanang hore ha ba kotsing. Ho na le mabaka a mabeli:
Lebaka le leng ke la bongaka. Ho na le litsela tse `maloa tse fapaneng tsa ho tšoaetsoa ke HIV `me batho ba ka `na ba ba etsa phoso ka ho nahana hore ha ba kotsing. Lebaka la bobeli le amana le sekhobo. Haeba batho bohle ba etsoa teko, liteko li fetoha ketso ea tloaelo. Ha ho motho ea hobosoang hobane a batlile ho etsa teko, mme ha ho sa na sekhobo se amahanngoang le ho etsa teko. Haeba litho li botsoa hore na ke mang ea entseng teko ea HIV, `me batho bohle ba phahamisa matsoho a bona, mona phutheho ea bolumeli e tseleng e lebisang sechabeng se hlokang sekhobo.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse entsoeng teko bakeng sa HIV tse tsebang ka boemo ba tsona?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 12
9. Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e tiisa boikarabello ba motho ka mong bakeng sa litho tsohle ho tseba boemo ba tsona ba HIV le ho qoba boitsoaro bo (litloaelo tse)nang le kotsi ea tšoaetso ea HIV.
Taba-‐taba mona e holima boikarabello ba motho ka boeena. Ho na le lintho tse ling tse tlamehang ho etsoa ke baetapele kapa ke phutheho ea bolumeli ka kakaretso, empa motho ka mong o na le boikarabello ba ha e le eena. Boikarabello bo le bong boholo ke ho tseba boemo ba hae ba HIV. Bo bong ke ho se etse boitśoaro bo sa sireletsehang bo bakang kotsi ea ho tšoaetso ke HIV, e kaba ho tsoa ho bona kapa ho ea bathong ba bang kapa ho tsoa bathong ba bang ho tla ho bona.
Ha ho tśohloa boikarabello ba ho se itšoare ka tsela e sa bolokehang, ho molemo ho hopola phapang lipakeng tsa boitšoaro bo “seng soto” le bo “sireletsehileng” ba batho, joalo ka ha bo boletsoe Sebopehong sa #3. Boemong ba phetiso ea tšoaetso ea HIV, boikarabello ba motho bo tsepamisa maikutlo holima ho qoba boitšoaro bo sa bolokehang.
Ho tšohleng boikarabello a motho, hape ho bohlokoa hore batho ba bang ba ka `na ba se be le khetho e lokolohileng mabapi le boitśoaro bo sa bolokehang. Ho etsa mohlala, mosali ea betiloeng a ke ke a tlamella mohlaseli oa hae hore a sebelise khohlopo.
Potso ea Bohlokoa
• Ke litho tse kae tse ananelang tlhoko ea ho nka boikarabello ba ho qoba tšoetsano ea HIV?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 13
10. Phutheho e hlokang sekhobo e sebeletsana ka cheseho le mekhatlo e meng ho rarolla litaba tse amang HIV le AIDS sechabeng ka bophara.
Ha phutheho ea bolumeli e ba le tsebo, kutloelo-‐bohloko, le tšehetso, hoo ho ka felisa sekhobo har’a litho tsa eona, ba ka fetoha mehlala ho batho ba bang ‘me e be babuelli ba matla ba batho ba phelang le tśoaetso ea HIV. Phutheho e matla e hlokang sekhobo e ka thusa ho felisa sekhobo se mabapi le HIV le AIDS sechabeng ka kakaretso.
Potso ea Bohlokoa
• Na phutheho ea bolumeli e tsejoa joalo ka sebaka sa tšepo, tšehetso le bobuelli bakeng sa batho ba nang le tśoaetso ea HIV?
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 14
Tšebetso e Tsoileng Matsoho Bakeng sa ho Felisa Sekhobo
A. Ruta kerekeng le sechabeng mabapi le ho hlola sekhobo sa HIV le AIDS.
Litśebeletso tsa lithuto tsa bolumeli, linako tse khethehileng tsa thuto le liphutheho tse ling tsa bolumeli ke libaka tsa bohlokoa tsa ho teka le ho tiisa melaetsa e mabapi le sekhobo. Katleho e tla ipapisa le tšebeliso ea phetapheto mme e tsoelletsehang ea lithuto tsa bolumeli le menyetla e meng ea ho ruta – bonyane hang ka khoeli. Likateng tsa molaetsa o hlakileng li ka ‘na tsa fapa-‐fapana, empa mekhahlelo e ‘maloa e pharaletseng e bohlokoa: Tlhahisoleseling – E tsepamisitse maikutlo holima linnete tsa motheo tse mabapi le HIV le AIDS, e le hore litho tsohle li be le tlhahisoleseling e ntle.
Kamohelo – Ho thathiseletsa boleng ba motho e mong le e mong, ho amohela batho bohle ho nka karolo bophelong ba phutheho ea bolumeli, ho sa natsoe maemo a bona a HIV.
Kutloelo–bohloko – E tsepamisitse maikutlo holim’a tlameho ea botho bo amohelehang ea ho rata le ho hlompha, ho sa natsoe boemo ba HIV.
Khothatso – E reretsoe haholo batho ba tšoenyehileng mabapi le HIV le AIDS, ho ba netefaletsa hore phutheho ea bolumeli ke sebaka sa tšepo le tšehetso.
Bobuelli – Bo tsepamisitse maikutlo holima seabo se bohlokoa sa liphutheho tsa bolumeli ho khothaletseng litokelo tsa batho ba nang le HIV sechabeng ka bophara, ho kenyeletsoa litokelo tsa batho bao meetlo e sa ba kenyeletseng haholo sechabeng, joalo ka basali le bana. Boikarabello – Bo thathiseletsa tlhoko ea hore litho li sebetsane ka botsona le HIV: ba tsebe boemo ba bona ba HIV le ho tlohela boitśoaro bo bakang kotsi ea ho fetisa tśoaetso ea HIV. Melaetsa ea batho bobona ea boikarabello e tlameha ho nehelanoa ka hloko, ho qoba ho tebela batho ba ka nnang ba ikutloa eka ba ahloloa.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 15
B. Ho teka litaba tsa batho ka bo-‐mong ke batho ba nang le tšoaetso ea HIV kapa ba anngoeng bobona ke HIV.
Lipale tsa batho li etsa hore batho ba tobane le HIV le AIDS ka kotloloho. Taba ena ea ho tobana le lefu lena e fetola litumelo tseo ba nang le tsona hore ba utloisise e le ruri mathata a bakoang ke lefu lena bathong, ba utloisisa litaba tsena e se e se pale feela, empa ele ntho eo ba e bonang le ho e utloa ka sebele. C. Ho etsa liseshene tsa thuto. Qalong ea tšebetso ea phetolo ea sechaba, ho na le tlhoko e kholo ea tlhahisoleseling ea nnete e mabapi le HIV le AIDS. Ha sechaba se qala ho fetoha ka tsebo ea HIV le AIDS, se tlameha ho rutoa le ho fuoa linnete tsohle ka HIV le AIDS. Sena se ka etsoa nakong ea tšebeletso ka phuthehong kapa ha behelloa nako e itseng ka thoko bakeng sa ho fana ka tsebo le linnete ka HIV le AIDS.
D. Ho fana ka lisebelisuoa tsa thuto. Ho molemo ho fana ka lisebelisoa tsa thuto tse kang libuka kapa lipampitšana tsa tlhaiso leseling. Hona le lintlha tse peli tse bohlokoa haholo: (1) linnete tsa motheo tse mabapi le HIV le AIDS; (2) melaoana ea tataiso e mabapi le ho phela ka tsela e molemo.
E. Ho etsa liseshene tsa lipuisano tse holima lihlooho tse itseng. Liseshene tsa lipuisano li khothaletsa kopano har’a litho tsa phutheho ea bolumeli. Sena se bohlokoa bakeng sa lihlooho tse amang bobeli linnete le maikutlo, joalo ka litaba tsa thobalano, kapa litaba tse amang bong kapa tekano. Bakeng sa lihlooho tse ling, liseshene tse arohaneng bakeng sa banna, basali, le bacha li lokile ka ho fetisisa. Bakeng sa lihlooho tse ling, lihlopha tse tsoakaneng li ka `na tsa ba hloahloa ho feta.
F. Ho fana ka libaka tsa ho etsa liteko le ho fana ka likeletso ka nako e le nngoe le litšebeletso tsa bolumeli le liketsahalo tse ling tsa liphutheho tsa bolumeli.
Ho bohlokoa hore litho tsohle tsa phutheho ea bolumeli li etsoe teko. Phumaneho ea libaka tsa ho etsa liteko ka kopanelo le litšebeletso tsa lithuto tsa bolumeli le liketso tse ling tsa phutheho, ea bolumeli e thusa ka tsela e kholo (haholo.) Ho bohlokoa bakeng sa liphetho hore li bolokoe sephiring le hore baeletsi ba tsa maikutlo ba fumanehe.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 16
G. Ho hlophisa tšehetso kapa lihlopha tsa batho hore ba iphumanele thuso.
Lihlopha tsa tšehetso li ka thusa batho ba nang le tšoaetso ea HIV ho tobana le bokuli ba bona. Ka nako e ‘ngoe ho lokile haholo ho ba le lihlopha tse arohaneng bakeng sa banna, basali, le bacha, kapa ho ka ba molemo haholo ho ba le sehlopha se tsoakiloeng. Lihlopha tsa tšehetso li kopana khafetsa bakeng sa lipuisano tse mabapi le lihlooho tsa litaba, joalo ka ho phela ka tsela e nang le molemo le ho ikamahanya le merero ea kalafo le ho tšepahalla meriana. Hape ho na le litsela tsa tlhaho tsa ho fana ka thuso ea tsa maeto Ke batho ba teng ba ka fanang ka thuso(j.k., maeto a ho ea litleliniking). Qetellong, ba ka sebetsa joalo ka sehlopha sa tšebetso bakeng sa liketso tsa ho kenya chelete. Ho sebetsa ‘moho lihlopheng tsa tšehetso hape ho theha maqhama a matla le liphutheho tsa bolumeli ka kakaretso.
H. Baetapele ba bolumeli ba ka etsoa liteko pontšeng ea bohle. Ho ka ba molemo haholo hore baetapele ba phutheho ea bolumeli ba etsoe teko ea HIV pontšeng ea phutheho eohle. Liketso tse joalo li bontša hore bona ke bothata bo re amang bohle, ha ho na seo re ka reng ke “Rona Khahlanong le Bona.” Liphetho li tlameha ho bolokoa sephiring. Haeba moetapele oa bolumeli a na le HIV, ha morao a ka khetha ho itlhahisa mabapi le boemo ba hae, mohlomong e le boitlhaloso ba hae nakong ea ho ruta, empa ha a lokela ho etsa joalo hanghang ka mora hore a etse teko.
I. Ho bontša boikitlaetso ba ho felisa sekhobo pontšeng.
Liphoustara tse bontśitsoeng libakeng tse pepeneneng, matsoao le libenara ke matśoao a bonahalang a boikitlaetso ba ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS.
J. Ho tšoara liketsahalo tsa tlhokomeliso ‘moho le mekhatlo e meng ea sechaba.
Mesebetsi ea bohlokoa sechabeng ka kakaretso e kenyeletsa matšolo a thuto, matsatsi a ho etsa liteko, le kananelo ea Letsatsi la Lefatśe la AIDS ka la 1 Tsitoe.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho
© EMPACT Africa June 2013 Page 17
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho tse Khothaletsoang Ho fetola libopeho tse itseng ho li fetolela ho tloha se be mefekolong hore e be tsa matla, tse ling tsa lintho tsena tse sebetsang ka tsela e tsoileng matsoho li bohlokoa ho feta tse ling. Tafole e latelang e bontša hore ke litšebetso life tse tsoileng matsoho (tse leibotsoeng ka A ho fihla ho J maqepheng a 14-‐16), tse bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa libopeho life. Fumana mola o nang le nomoro ea sebopeho mme u sekaseke litšebetso tse tsoileng matsoho tse tšoailoeng. Ho etsa mohlala, bakeng sa Sebopeho sa #5 (“Phutheho ea bolumeli e hlokang sekhobo e bua phatlalatsa mabapi ka HIV le AIDS, hammoho le lintlha tse amanang tse joalo ka boitšoaro ba tsa thobalano le tlhokeho ea tekano ea bong”), Tśebetso e Tsoileng Matsoho ea A (ho ruta tsa bolumeli le tsa tsebo’), B (lipale tsa batho ka bobona), H (ho etsoa liteko ha baetapele ka bobona), le I (lipontšo tsa liphoustara pontśeng) li a thusa.
Litšebetso tse Tsoileng Matsoho A B C D E F G H I J
Libo
peho
1 � � � � 2 � � � � 3 � � � � � 4 � � � � 5 � � � � 6 � � � � � � 7 � � � � 8 � � � � 9 � � � � � � 10 � � � � � �
Ho hlakile, liketso tse ling le tsona li ka sebelisoa, ka hona chate ena e tlameha ho sebelisoa joalo ka tataiso, e seng thibelo.
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 18
Phetolo e Etsoang Holima e Nngoe Ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS ho hloka maiteko a tsoellang a nako e telele. Sena se ka etsoa hantle ka ho fetisisa ka matoto a mabili a liphetoho, moo le le leng le nkang nako e ka bang likhoeli tse leshome le metso e ‘meli. Lebili le kenyeletsa liketso tse ‘ne tsa motheo:
• Lekanya – Fumana matla le mefokolo hara libopeho tse leshome • Tsepamisa maikutlo – Khetha libopeho tsa mefokolo tseo u ka
tsepamisang maikutlo holim’a tsona nakong ea lebili lena • Morero – Qala moralo oa maoa o lokelang libopeho tse
tsepamisetsoang maikutlo • Etsa – Etsa liketso mme o fetole lintlha tsa mefokolo ho ba tsa matla,
‘me u li sale morao
Qetellong ea lebili ka leng, pheta tekanyo ho hlahloba khatelopele le ho khetha libopeho. tseo u tla tsepamisa maikutlo holima tsona lebiling le latelang.
LEKANYA Matla le Mefokolo
TSEPAMISA MAIKUTLO Dibopehong tse Fokolang
NKA KHATO Ho Fokotsa Sekhobo
RERA Diketso tse Khetholohileng
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 19
Lekanya
Lebili ka leng la phetolo le qala ka tekanyo. Sepheo sa tekanyo ke ho utloisisa maemo ka ho qolleha phuthehong ea bolumeli, e le ho matlafatsa khatelopele e seng e entsoe le ho fumana se ka etsoang se latelang. Tsela e ‘ngoe ea ho etsa tekanyo ke ho sekaseka ha bonolo feela se seng le se seng sa libopeho tse leshome le ho etsa qeto ea hore na sebopeho seo ke matla kapa ke mofokolo phuthehong ea bolumeli, kapa hore ha se bobeli matla kapa mofokolo. Botsa Lipotso tsa Bohlokoa tse fanoeng le litlhahloso tsa sebopeho ka seng ho u thusa ho etsa qeto.
Maqephe a tšebetso a hoketsoeng a Merero ea Likhato a ka sebelisetsoa ho tlaleha liphetho tsa tekanyo.
Chebisiso Ho bohlokoa ho shebisisa libopeho tse ‘maloa feela nakong ea lebili ka leng la phetolo, hobane ho thata haholo ho etsa mosebetsi o motle libopehong tse ngata ka nako e le ‘ngoe. Ka kakaretso, ho molemo haholo ho shebisisa libopeho tse peli kapa tse tharo. Khetho ea libopeho tseo u ka li shebisisang e itsetlehile holim’a maemo a khetholohileng a phutheho ea bolumeli. Liphetho tsa tekaneo li fana ka tataiso e ntle. Qalong, shebisisa libopeho tse nang le lipalo tse tlase tseo e seng matla. Ho etsa mohlala, haeba #1 e le mofokolo kapa e le bohareng, e tlameha ho ba chebisiso lebiling la pele, hobane ha ho khonehe ho matlafatsa libopeho tse ling ntle le ho felisa ho thola ha batho.
Maikutlo a nang le kutloelo-‐bohloko a bohlokoa hoo Sebopeho sa #2 se tlamehang ho ba chebisiso ea lebili la phetolo e ‘ngoe le e ‘ngoe ho fihlela se fetohile matla a bonahalang.
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 20
Morero
Ka mora hore libopeho tsa chebisiso li khethoe, mohato o latelang o ama ho rera liketso tsa pheliso ea sekhobo tse tla etsoa nakong ea lebili la phetolo. Lebili la phetolo le tlameha hore ka kakaretso le nke likhoeli tse tšeletseng ho isa ho tse leshome le metso e ‘meli. Liketso tse khethehileng tse lokelang ho lateloa li e itšetlehile holim’a bobeli libopeho tsa chebisiso le tsebo le boiphihlelo ba baetapele ba phutheho ea bolumeli. Litšebetso tse ‘maloa tse tsoileng matsoho, tse itšetlehileng holim’a lilemo tse ‘maloa tsa boiphilelo, li fanoe pejana bukaneng ena. Tafole e leqepheng la 17 e bontśa hore ke life ea litśebetso tsena tse tsoileng matsoho tse thusang haholo bakeng sa libopeho tsa lichebisiso tse fapaneng. Leha ho le joalo, ka ho ipapisa le maemo, liketso tse ling li ka ‘na tsa loka.
Ketso
Karolo ea ho qetela ea lebili la phetolo e kenyeletsa ho etsa liketso tse reriloeng. Maemong a mang, e ka ‘na ea ba bohlale ho fetola karolo ea moralo e sa le hare ho lebili ho itloaetsa maemo a fetohang.
Ka litsela tse ngata, ena ke eona feela karolo ea lebili e felang e le bohlokoa, hobane ena ke karolo eo bonnete e tla ama sekhobo sa HIV le AIDS. Hape ena ke karolo e hlokang mamello, hobane ho tla ba le litšitiso tse sa lebelloang le liphephetso tse lokelang ho hloloa. Sebelisa Maqephe a hoketsoeng a Ho Rera Khato ho rekota liphetho tsa karolo ka ‘ngoe ea lebili la phetolo.
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 21
Ho Tobana le Liphephetso Ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS ke taba e nang le phephetso e kholo. Ho na le mabaka a mmaloa:
• U tlameha ho fetola maikutlo a hao a matlafetseng ka nako ea meloko e mengata.
• U tlameha ho tšohla lintlha tsa boitšoaro ba batho tseo batho ba fumanang ho le thata ho bua ka tsona.
• U tlameha ho sebetsana le maano a thutotumeli a bakang linganyisano.
• U tlameha ho kopanya litaba tse mabapi le thuto-‐Molimo le linnete tsa bophelo ba batho maemong a rarahaneng alefatše.
• U ka ‘na oa thulana le khanyetso ho tsoa lithong tsa phutheho ea heno ea bolumeliYou must change attitudes that have developed through many generations.
E le ho phethahatsa tobana le liphephetso tsena, oena, joalo ka moetapele, u tlameha ho:
• Ananela kameho e bakoang ke sekhobo • Ikitlaeletsa ho nka mehato e lokelang ea tharollo • Tsitlalla ho fihlela sekhobo se hlotsoe
Ho bohlokoa ho hopola hore sekhobo sa HIV le AIDS ke taba e amang lefu le bophelo. Batho ba sechabeng sa heno, le lichabeng tse ling ho potoloha lefatse, ba shoa ka lebaka la sekhobo. Ka litsela tse ngata, sekhobo ke mokhahlelo oa ho qetela ntoeng ena ea ho hlola seoa sa AIDS. Saense ea bongaka e ka alafa lefu lena le ho le thibela ho jaleha, empa sena ke ha feela batho ba ikutloa ba lokolohile hore ba ka etsoa liteko le ho batla thuso. Likhato tsa baetapele ba phutheho ea bolumeli ea lehae joalo ka oena ba ka netefatsa hore re nka monyetla o feletseng oa likhatelopele tsa bongaka tse teng le ho felisa seoa sena sa AIDS.
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 22
Mohlala oa Lebili la Phetolo
Phihlello
Phutheho ea bolumeli e fumana hore Libopeho tsa #1, #4, le #9 ke matla, ‘me Libopeho tsa #2 le #5 ke mefokolo. Libopeho tse ling ha se matla kapa mefokolo.
Chebisiso
Phutheho ea bolumeli e etsa qeto ea ho shebisisa Libopeho tsa #2 le #5, tseo e leng mefokolo, le Sebopeho sa #3, seo esong ho be matla.
Moralo
Phutheho ea bolumeli e khetha Litšebetso tse Tsoileng Matsoho, A, B le I:
A – Melaetsa e nang le tlhahisoleseling e mabapi le tlhalohanyo lipakeng tsa mahlakore a bophelo ba batho a “seng mabe” le a “bolokehileng” (sheba Sebopeho sa #3), hammoho le molaetsa oa kamohelo, kutloelo, le khothatso B – Lipale tsa batho ba nang le tšoaetso ea HIV le moetapele oa bolumeli ea nang le HIV I – Lingoloa tse manamisitsoeng maboteneng tlung ea thapelo
Ketso
Phutheho ea bolumeli e etsa liketso ho latela morero. Ha re ntse re etsa liketso tsena, ho bonahetse hore tlhalohanyo lipakeng tsa boitśoaro bo seng bobe ‘me bo bolokehileng, e bile taba e thata haholo bakeng sa molaetsa o le mong tšebeletsong e le ‘ngoe, ka hona Tšebetso e Tsoileng Matsoho ea E e ekelitsoe:
E – Nako ea puisano e mabapi le tlhalohanyo lipakeng tsa litloaelo tse ntle ‘me tse bolokehileng tabeng ea HIV
1
2
3
4
Phetoho e Etsoang Holim’a e ‘ngoe
© EMPACT Africa June 2013 Page 23
Phutheho!ea!bolumeli!e!Se!nang!Sekhobo!–!Leqephe!la!Mosebetsi!la!Moralo!oa!Likhato!
!!!©!2013!EMPACT!Africa! !!www.empactafrica.org!!
!Phihlello!
! Fumana!matla!le!mefokolo!Chebisiso!
! Khetha!libopeho!tseo!o!tla!sebetsa!ho!tsona!Moralo!
! Khetha!litšebetso!tse!hloahloa!ka!ho!fetisisa!
! Etsa!moralo!oa!likhoeli!tse!6!ho!isa!ho!12!tse!tlang!Ketso!
!Etsa!liketso!tse!reriloeng!
!!
!! ! !
Litśeb
etso!tse!Tsoileng!M
atsoho
!A.!Ruta!lentsoe!le!th
uto!e!mab
api!le!
sekhob
o!B.!Tekan
g!lipale!tsa!ba
tho!ka!bo?mon
g!
C.!Etsa!liseshe
ne!tsa!thup
ello!
D.!Fan
a!ka!lisebe
lisoa
!tsa!thuto!
E.!Etsan
g!liseshe
ne!tsa!ipuisano
!!
F.!Fan
a!ka!liteko!le!likeletso!tsa!maikutlo
!
G.!H
loph
isa!lihlop
ha!tsa!tśehetso
!H.!Etsa!ba
etap
ele!ba
!bolum
eli!lite
ko!
pontśeng
!I.!Bo
ntśa!boikitla
etso!pon
tśeng
!
J.!Etsa!liketso!tsa!sechab
eng!
Libopeho! E!a!fokola! E!matla! Chebisiso! ! ! ! ! ! ! ! ! ! ! !1.!E!bua!phatlalatsa!ka!HIV!le!AIDS,!‘moho!le!lintlha!tse!amanang!tse!joalo!ka!litloaelo!tsa!thobalano!le!tlhokeho!ea!tekano!ea!bong! ! ✔! ! ! ! ! ! 2.!E!fana!ka!tsela!e!tiileng!ka!nako!eohle!melaetsa!ea!kutloelo,!e!seng!kahlolo,!ho!batho!ba!nang!le!HIV!
✔! ! ✔! ✔ ✔ ! ✔
3.!E!hlalosa!HIV!le!AIDS!joalo!ka!bokuli!bo!bong!le!bo!bong,!e!seng!kotlo!kapa!boitśoaro!bo!bobe! ! ! ✔!
✔ ✔ ! ! ! 4.!E!fana!ka!lintlha!tsa!motheo!mabapi!le!HIV!le!AIDS,!ho!kenyeletsoa!mekhoa!ea!tśoaetso,!kalafo!le!thibelo! ! ✔! ! ! ! ! ! 5.!E!khothaletsa!litho!tsohle!ho!ba!le!seabo!ka!botlalo!bophelong!ba!phutheho!ea!bolumeli,!ho!sa!natsoe!boemo!ba!HIV!!
✔! ! ✔! ✔ ✔ ! ✔ 6.!E!tsepamisa!maikutlo!holima!tlhokomelo!le!tśehetso!ea!batho!ba!phelang!le!HIV,!ho!fapana!le!ka!moo!ba!tśoaelitsoeng!ka!teng! ! ! ! ! ! ! ! ! ! 7.!E!khothaletsa!balumeli!ho!phela!ka!tsela!e!molemo!ka!lihlopha!tsa!thuto!le!tśehetso!tsa!batho!ba!phelang!le!HIV! ! ! ! !
! ! ! ! 8.!E!khothaletsa!ka!sehlahlo!ho!etsoa!ha!liteko!ho!litho!tsohle!le!ho!hlophisetsa!ho!fumana!litšebeletso!tsa!tlhabollo!le!liteko!haufinyane! ! ! ! ! ! ! ! 9.!E!tiisa!boikarabello!ba!motho!ka!mong!bakeng!sa!litho!tsohle!ho!tseba!boemo!ba!tsona!ba!HIV!le!ho!qoba!litloaelo!tse!behang!batho!kotsing!ea!tśoaetso!ea!HIV! ! ✔! ! ! ! ! ! ! ! 10.!E!sebeletsana!ka!cheseho!le!mekhatlo!e!meng!ho!rarolla!litaba!tse!amang!HIV!le!AIDS!sechabeng!ka!bophara!
! ! ! ! ! ! ! ! ! !
1!
2!
3A!
3B!
4!
2!
3A!
1!
!Leqephe!la!Mosebetsi!la!Moralo!oa!Likhato!
!!!!!!!!!!!©!2013!EMPACT!Africa! www.empactafrica.org!
!
!Khoeli! Ketso!e!Reriloeng! Liketso!tsa!Tloaelo!Phupu! Borapeli!ka!molaetsa!o!
mabapi!le!tlhalohanyo!lipakeng!tsa!litloaelo!tse!seng!mpe!le!litloaelo!tse!bolokehileng!!
Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!tlhalohanyo!litloaelo!tse!seng!mpe!le!litloaelo!tse!bolokehileng!!
Phato! Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!kamohelo!
Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!kamohelo!Ho#ipha#nako##ea#puisano#e#holima#tlhalohanyo#lipakeng#tsa#boitśoaro#bo#seng#soto#le#boitśoaro#bo#bolokehileng!
Loetse! Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!kutloelo5bohloko!
Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!kutloelo5bohloko!
Mph! Borapeli!le!pale!ea!motho!ea!nang!le!tšoaetso!ea!HIV!!
Borapeli!le!pale!ea!motho!ea!nang!le!tšoaetso!ea!HIV!!
Pul! Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!khothatso!Maneha!lipampiri!tse!kholo!maboteng!
Borapeli!ka!molaetsa!o!mabapi!le!khothatso!Maneha!lipampiri!tse!kholo!tse!ngotsoeng!maboteng!!
Tśi! Borapeli!le!mapaki!a!moetapele!oa!bolumeli!ea!phelang!le!tšoaetso!ea!HIV!!
Borapeli!le!pale!ea!moetapele!oa!bolumeli!ea!phelang!le!tšoaetso!ea!HIV!!
! ! !
3B! 4!
© EMPACT Africa June 2013 Page 24
Lisebelisoa tse Ling EMPACT Africa e fana ka tšehetso ea marang-‐rang bakeng sa baetapele ba bolumeli ha ba loanela ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS:
• Tekanyo ea sekhobo ho phutheho • Merero ea likhato le tatello • Bolisa le tlhahlobiso • Lithuto tse ithutiloeng
EMPACT Africa hape e fana ka litšebeletso tse ling ho liphutheho tsa bolumeli:
• Matšolo a tlhahlobo ea sekhobo • Thupelo ea boetapele • Mehato ea sekhobo bakeng sa mefuta ea bolumeli
Bakeng sa tlhahisoleseling e feletseng, etela: www.empactstigmafree.org
Ho ka ‘na ha ba le mehloli e meng marangranng e kenyeletsang: • UNAIDS (Joint United Nations Program on HIV/AIDS)
www.unaids.org • CABSA (Christian AIDS Bureau for Southern Africa)
www.cabsa.org.za • INERELA+ (International Network of Religious Leaders Living
With or Personally Affected by HIV) www.inerela.org
• Stigma Action Network www.stigmaactionnetwork.org
• GNP+ (Global Network of People Living with HIV/AIDS) www.gnpplus.net
• Ecumenical Advocacy Alliance www.e-‐alliance.ch
• World Council of Churches www.wcc-‐coe.org
© EMPACT Africa June 2013
Phatlalatso le Khasanyo Lisebelisoa tsena li ka hatisoa hape ntle le tefiso ea letho bakeng sa merero e seng ea khoebo, ka tumello ea mongolo e tsoang ho EMPACT Africa le ka kananelo e lokelang ea EMPACT Africa. Bakeng sa tumello kopana le.
Lisebelisoa tsena li thehiloe ho tsoa kutloisisong ea bolumeli ba Bokreste Afrika e ka Boroa. EMPACT Africa e na le thahasello holima ho sebetsa mmoho le balekane ba ka thoko ho lokisetsa lisebelisoa tsena meetlo e meng ea bolumeli le litikoloho tsa libaka, le ho etsa hore li fumanehe ka lipuo tse ling.
Haeba o na le thahasello ea ho hatisa lisebelisoa tsena hape kapa ho li hlophisetsa maemo a mang a fapaneng, ka kopo ikopanye le:
Liteboho Lisebelisoa tsena li bontša lithuto tse ithutiloeng nakong ea lilemo tse hlano tsa ho sebetsa le baetapele ba Bokreste Afrika e ka Boroa. Nakong eo, re bile le lehlohonolo la ho sebetsa ‘moho le Bahokahanyi ba HIV & AIDS ba likereke tse ‘maloa: Moruti Pearson Banda, Moruti Komforce Blackie, Moruti Buyeloa Maringa, Mof. Andisiwe Matiwane, Moruti Buhle Mpofu, Moruti Teboho Motumi, Mong. Costin Mwale, Moruti Gerald Phiri, Mof. Pamela Vakala. Batho ba bang ba bangata le bona ba tlatselitse, ho kenyeletsoa: Moruti Canon Dr. Gileon Byamugisha, Mong. Joseph Collins, Moruti Paul Friesen, Moruti Janet Guyer, Moruti J. P. Mokhethi-‐Heath, Dr. Sue Parry, Mof. Lyn van Rooyen, Dr. Joyce Statz, Moruti Lawrence Temfwe, Dr. Douglas Tilton, Mof. Linha Barstow, le sehlopha sohle sa EMPACT Africa se Austin, Texas, USA.
Khatiso ya Sesotho ya bukana ena ea tataiso e hlahisitsoe ke CABSA le Folio Online, ka thuso ho tsoa ho Moruti Teboho Motumi, le ka tśhehetso ho tsoa ho Fetzer Institute, le ho tsoa ho WHPC Tuesday Morning Men's Group. Dr. David Barstow President, EMPACT Africa
© EMPACT Africa June 2013
“Sekhobo se lutse e le sona sekhoqetsane se seholo se thibelang batho ho nka likhato tse lokelang. Ke lebaka la sehlooho le thibelang batho ba bangata ho bona ngaka ho fumana hore na ba na le tšoaetso kapa che, le hona ho batla kalafo haeba tšoetso e le teng. Ho thusa ho etsa AIDS ‘molai ea lenyele, hobane batho ba tšaba tlontloleho ea ho bua ka eona, kapa ho nka mehato ea tlhokomelo e fumanehang ha bonolo. Sekhobo ke lebaka la sehlooho la hore ke hobaneng seoa sa AIDS se tsoelapele ho thefula sechaba ho potoloha lefatśe.”
Ban Ki-moon, Mongoli Kakaretso oa Machaba a Kopaneng
“Ha re bolaoe ke lefu lena. Re bolaoa ke sekhobo.”
setho se nang le tśoaetso ea HIV, Reformed Church in Zambia
“Ke nahana hore batho bohle bao ke ba bolokileng nakong ea lilemo tse ‘maloa tse fetileng. Haeba re ne re qalile lenaneo la EMPACT pejana, ba bangata ba bona ba ka be ba ntse ba phela kajeno”
Moruti Gerald Phiri, Church of Central Africa Presbyterian
EMPACT Africa ke mokhatlo oa bolumeli o seng oa mmuso mme o sa etseng phaello, oo ntlokholo ea oona e leng Austin, Texas, USA, mme o ikitlaeletsa ho thusa baetapele ba bolumeli Afrika e ka Boroa ho felisa sekhobo sa HIV le AIDS liphuthehong tsa bona. Bakeng sa tlhahisoleseling e nngoe, ikopanye le EMPACT Africa PO Box 164333 Austin, TX 78716 USA www.empactafrica.org [email protected]