ho hlokomela tse ka bakang ho ata ha covid-19...batho bohle ba ka tshwaetswa ke lefu la covid-19,...

2
Dikokwana-hloko tsa mofuta wa Corona di ngata, mme di baka mokgohlane wa mefuta e fapa-fapaneng; o bobebe (jwalo ka sefuba) kapa mokakallane o kotsi (jwalo ka MERS - Middle East Respiratory Syndrome le SARS – Severe Acute Respiratory Syndrome). Mofuta o mocha wa mokgohlane o bakwang ke Coronavirus o hlahelletse lekgetlo la pele toropong ya Wuhan, China, ka Tshitwe 2019. Sewa sena se bitswa COVID-19. Mokgatlo wa lefatshe wa bophelo (World Health Organization - WHO) o sebetsa ka thata mmoho le ditsebi, mebuso le babang ho fokisa tsebo ka lefu la COVID-19. Hona ho tla thusa ho fana ka lesedi le tsebo ya hore basebetsi ba ka itlhokomela jwang le ho thibela ho ata ha lefu lena. Haeba mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle a belaela hore o na le lefu la COVID -19, ho tlameha ho etswe diteko (tsa mamina kapa sekgohlela) laboratoring ho hlahloba le ho netefa tsa seo. Lesedi le tsebo e pharaletseng di ka fumanwa ho tswa ho National Institute for Communicable diseases (NICD). Hape o ka ipalla leqephe la bona ho marangrang a internet (www.nicd.ac.za) ho tseba haholowanyane. Mona o ka fumana keletso ka ho nka mamina/dikgohlela tsa mokudi, ho di romela laboratoring le mecha ya ho fumana ba belaellwang ba na le tshwaetso ya COVID-19. O ka ba letsetsa dinomorong tsena (sechaba: 080 002 9999) kapa (ba tsa bophelo: 082 883 9920). HO HLOKOMELA TSE KA BAKANG HO ATA HA COVID-19 Beng ba mesebetsi (Bahiri) ba tshwanetse: Ho lemoha dintho tse ka bakelang basebetsi tshwaetso, mme ba etse matsapa ho thibela seo. Ho lemoha ha ekaba basebetsi ba ile ba kopana le batho ba belaellwang ho ba le tshwaetso ya COVID-19 nakong ya tshebetso. Ho lemoha ha ekaba basebetsi ba ile ba sebetsa sebakeng se nang le tshwaetso kapa ba kopana le dintho tse belaellwang ho ba le tshwaetso nakong ya tshebetso. Ho lemoha basebetsi ba kulang kapa ba neng ba etetse dibaka tse nang le lefu la COVID-19, mme ba belaellwa hore ba ka ba le tshwaetso hore ba iswe tlhatlhobong hang-hang. Batho bohle ba ka tshwaetswa ke lefu la COVID-19, empa batho ba sebetsanang le batho ba bang ba kotsing ya ho tshwaetswa ho feta basebetsi ba bang bohle. Le basebetsi ba mmele e fokolang (jwalo ka bakudi ba lefu la tswekere (diabetes), asthma le mafu a pelo) ba kotsing ya ho tshwaetswa ha bonolo. Basebetsi ba kotsing ya ho tshwaetswa ke: Ba sebetsang difofaneng (e.g., ba thusang baeti sefofaneng, ba hlwekisang, ba lokisang tse robehileng, etc.) Madibohong (e.g., ba tsa tshireletso le ba bang ba sebetsang madibohong) Ba tsa bophelo (e.g. ba thuso-ya-pele, baoki, dingaka le babang) Ba dilaboratoring (e.g. ba tekgnoloji, bo-ramahlale, ba fuputsang mafu le ba thusang) Ba di-mmochara le thlathlobong ya ditopo Ba sebetsang ka matlakala le dikgwerekgwere (e.g. ba hlekang bohlaswa, ba hlwekisang metsi le ba rekisang tse lahlilweng) BASEBETSI BA KOTSING YA HO TSHWAETSWA O BELAELA HORE O TSHWAEDITSWE KE COVID-19? Tsebisa mookamedi oa hao mosebetsing kapa eya kliniking ya bophelo kapele-pele. Haeba o na le matshwao a belaetsang, tsebisa mooki/ngaka ka batho bohle bao o kopaneng le bona, le hore o ne o etetse sebaka se nang le sewa sa COVID-19. TSHWAETSO YA COVID -19 E NETEFATSWA JWANG? Ho tshwara motho kapa ho ama dibaka tse nang le tshwaetso. Ho hema marothodi a nang le tshwaetso ha o ka ba haufi (2 metres) le moo mokudi wa COVID-19 a kgohlelang kapa a ithimolang. Matshwao a lefu lena a iponahatsa ka mor’a matsatsi a 2- 14, ho isa ho matsatsi a 21 ka mor’a tshwaetso. O FUMANA JWANG TSHWAETSO YA LEFU LA COVID-19

Upload: others

Post on 02-Aug-2020

1 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Page 1: HO HLOKOMELA TSE KA BAKANG HO ATA HA COVID-19...Batho bohle ba ka tshwaetswa ke lefu la COVID-19, empa batho ba sebetsanang le batho ba bang ba kotsing ya ho tshwaetswa ho feta basebetsi

Dikokwana-hloko tsa mofuta wa Corona di ngata, mme di baka mokgohlane wa mefuta

e fapa-fapaneng; o bobebe (jwalo ka sefuba) kapa mokakallane o kotsi (jwalo ka MERS

- Middle East Respiratory Syndrome le SARS – Severe Acute Respiratory Syndrome).

Mofuta o mocha wa mokgohlane o bakwang ke Coronavirus o hlahelletse lekgetlo la

pele toropong ya Wuhan, China, ka Tshitwe 2019. Sewa sena se bitswa COVID-19.

Mokgatlo wa lefatshe wa bophelo (World Health Organization - WHO) o sebetsa ka

thata mmoho le ditsebi, mebuso le babang ho fokisa tsebo ka lefu la COVID-19.

Hona ho tla thusa ho fana ka lesedi le tsebo ya hore basebetsi ba ka itlhokomela

jwang le ho thibela ho ata ha lefu lena.

Haeba mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle a belaela hore o na le lefu la COVID -19, ho tlameha ho etswe diteko (tsa mamina kapa sekgohlela) laboratoring ho hlahloba le ho netefa tsa seo. Lesedi le tsebo e pharaletseng di ka fumanwa ho tswa ho National Institute for Communicable diseases (NICD). Hape o ka ipalla leqephe la bona ho marangrang a internet (www.nicd.ac.za) ho tseba haholowanyane. Mona o ka fumana keletso ka ho nka mamina/dikgohlela tsa mokudi, ho di romela laboratoring le mecha ya ho fumana ba belaellwang ba na le tshwaetso ya COVID-19.

O ka ba letsetsa dinomorong tsena (sechaba: 080 002 9999) kapa (ba tsa bophelo: 082 883 9920).

HO HLOKOMELA TSE KA BAKANG HO ATA HA COVID-19

Beng ba mesebetsi (Bahiri) ba tshwanetse:

Ho lemoha dintho tse ka bakelang basebetsi

tshwaetso, mme ba etse matsapa ho thibela

seo.

Ho lemoha ha ekaba basebetsi ba ile ba

kopana le batho ba belaellwang ho ba le

tshwaetso ya COVID-19 nakong ya

tshebetso.

Ho lemoha ha ekaba basebetsi ba ile ba

sebetsa sebakeng se nang le tshwaetso kapa

ba kopana le dintho tse belaellwang ho ba le

tshwaetso nakong ya tshebetso.

Ho lemoha basebetsi ba kulang kapa ba

neng ba etetse dibaka tse nang le lefu la

COVID-19, mme ba belaellwa hore ba ka ba

le tshwaetso hore ba iswe tlhatlhobong

hang-hang.

Batho bohle ba ka tshwaetswa ke lefu la COVID-19, empa batho ba sebetsanang le

batho ba bang ba kotsing ya ho tshwaetswa ho feta basebetsi ba bang bohle. Le

basebetsi ba mmele e fokolang (jwalo ka bakudi ba lefu la tswekere (diabetes),

asthma le mafu a pelo) ba kotsing ya ho tshwaetswa ha bonolo.

Basebetsi ba kotsing ya ho tshwaetswa ke:

Ba sebetsang difofaneng (e.g., ba thusang baeti sefofaneng, ba hlwekisang, ba

lokisang tse robehileng, etc.)

Madibohong (e.g., ba tsa tshireletso le ba bang ba sebetsang madibohong)

Ba tsa bophelo (e.g. ba thuso-ya-pele, baoki, dingaka le babang)

Ba dilaboratoring (e.g. ba tekgnoloji, bo-ramahlale, ba fuputsang mafu le ba thusang)

Ba di-mmochara le thlathlobong ya ditopo

Ba sebetsang ka matlakala le dikgwerekgwere (e.g. ba hlekang bohlaswa, ba

hlwekisang metsi le ba rekisang tse lahlilweng)

BASEBETSI BA KOTSING YA HO TSHWAETSWA

O BELAELA HORE O TSHWAEDITSWE KE COVID-19?

Tsebisa mookamedi oa hao mosebetsing kapa eya kliniking ya bophelo kapele-pele.

Haeba o na le matshwao a belaetsang, tsebisa mooki/ngaka ka batho bohle bao o kopaneng le bona, le hore o ne o etetse sebaka se nang le sewa sa COVID-19.

TSHWAETSO YA COVID -19 E NETEFATSWA JWANG?

Ho tshwara motho kapa ho ama dibaka tse nang le tshwaetso.

Ho hema marothodi a nang le tshwaetso ha o ka ba haufi (2 metres) le moo mokudi wa COVID-19 a

kgohlelang kapa a ithimolang.

Matshwao a lefu lena a iponahatsa ka mor’a matsatsi a 2- 14, ho isa ho matsatsi a 21 ka mor’a tshwaetso.

O FUMANA JWANG TSHWAETSO YA LEFU LA COVID-19

Page 2: HO HLOKOMELA TSE KA BAKANG HO ATA HA COVID-19...Batho bohle ba ka tshwaetswa ke lefu la COVID-19, empa batho ba sebetsanang le batho ba bang ba kotsing ya ho tshwaetswa ho feta basebetsi

.

Ditokelo tsa basebetsi ke hore bahiri le balaodi ba etse tse

latelang:

Mekgwa e nepahetseng le maemo a paballeho a ya latelwa

ka nako tsohle ho thibela tshwaetso, esita le diaparo tsa ho

itshireletsa tse lekaneng di be teng.

Ba fane ka thuto le lesedi le tataisang basebetsi le hoba

hlokomedisa ka mehla ka kotsi ya ho fumana tshwaetso ya

COVID-19.

Basebetsi ba be le bolokolohi ba ho tlaleha ba sa tshabe ho

kgethollwa le ho nyefolwa.

Eletsa le ho kgothaletsa basebetsi ho ithlatlhoba, ho tlaleha

matshwao a tshwaetso, mme ba dule hae haeba ba kula

Tlalehela ho komishinara ya dithlapiso (compensation

commissioner) haeba tshwaetso e bakilwe ke mosebetsi.

DITOKELO TSA

BASEBETSI HO THIBELA LE HO FOKOTSA

TSHWAETSO YA COVID-19

MOSEBETSINGSebaka sa tshebetso se tshwanela ho hlahlojwa ho bona hore

ke eng e ka bakang le ho akofisa tshwaetso ya COVID-19.

Sephetho sa dipatlisiso se tsebiswe basebetsi bohle.

Taolo ya sebaka sa tshebetso

Mohiri e mong le e mong o lokela ho dula a le malala-a

laotswe ka mehato ya tshohanyetso.

Sehlopha sa tshebetso se lokela ho tseba le ho

dumellana ka mekgwa ya puisano le kgokahanyo le ba

lefapha la bophelo le haufi.

Kgothaletsa basebetsi ho fumana ente ya mokgohlane

(flu vaccine).

Ba belaellwang ba na le tshwaetso ba iswe tulong e

ikgethang hang hang.

Thibela le ho fokotsa ho ata ha tshwaetso ya COVID-19

ka ho se dumelle ba kulang ho kopana le ba phetseng

hantle (ba se sebetse, ba mpe ba ye setsing sa bophelo).

Ho latelwe ka potlako mekgwa e phatlaladitsweng ke

Lefapha la bophelo ka methathi e lokelang ho latelwa ho

tlaleha ka lefu lena.

Mekgwa le disebediswa tsa ho thibela

tshwaetso Dikamore tse kgethehileng bakeng sa bakudi ba COVID-19,

jwaloka setsing sa bophelo.

Ela hloko mekgwa ya tshebetso e ka jalang marothodi a nang le

tswaetso moyeng jwaloka ho thusa ba sitwang ho hema ka ho ba

pompela moya kapa ho ba ntsha dikgohlela le mamina (e.g.

nebulising, suctioning).

Ho bolaya dikokwana-hloko ka ho hlakola ka mokedikedi o nang

le 70% ethanol.

Se hase ka metsi kapa wa futhela ho hlatswa dibaka tse ka bang di

na le tshwaetso, kaha hoo ho ka jala-jala tshwaetso moyeng.

Re kgothaletsa disebediswa tsa ho hlwekisa le ho bolaya dipeo tsa

mafu (e.g. UVGI).

Diaparo tsa ho itshireletsa

Thibela ho ata ha tshwaetso nakong ya ho kgohlela le ho

ithimola ka ho apara ho tshireletsang sefahleho (e.g.

facemask).

Ba tshwarang bakudi ba rwale diatlana (gloves) ho

itshireletsa ha ba hlwekisa le ho hlokomela bakudi.

Ntle leha mokgatlo wa lefatshe wa bophelo (WHO) o ka

fetola, dithusa-ho-hema (e.g. N95 respirators) di ka

sebediswa feela ho itshireletsa nakong ya mekgwa ya

tshebetso e ka jalang marothodi a nang le tshwaetso

moyeng jwaloka ho thusa ba sitwang ho hema ka ho ba

pompela moya kapa ho ba ntsha dikgohlela le mamina (e.g.

nebulising, suctioning).

Diaparo tse itshireletsang di tshwanetse ho sebediswa di

hlwekile ho thibela tshwaetso.

MEHLODI YA LESEDI LENA 1. https://www.who.int/docs/default-source/coronaviruse/who-rights-roles-respon-hw-covid-

19.pdf?sfvrsn=bcabd401_0

2. https://www.osha.gov/SLTC/covid-19/

3. https://www.paho.org/hq/index.php?option=com_content&view=article&id=15696:coronavirus-disease-covid-

19&Itemid=4206&lang=en

4. https://www.worldometers.info/coronavirus/

BOIKARABELO BA BASEBETSI

Hlatswa matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi (metsotswana e ~20) kapa o sebedise di-hlatswa

matsoho (hand sanitizer).

Latela melao le melawana ya bohlweki le paballeho ka nako yohle.

Hopola ho kwahela molomo le nko ka thishu kapa setsu ha o kgohlela kapa o ithimola.

Taba ya bohlokwa-hlokwa ke ho qoba ho tshwaetswa kapa ho tshwaetsa ba bang.

Latela mekgwa e nepahetseng ka nako yohle ha o apara, o hlobola le ho lahla diaparo tsa ho

itshireletsa.

Tlaleha hang ha o lemoha maemo a ka behang bophelo ba batho kotsing kapa mathateng.

Itlhatlhobe, mme o elellwe ha o kaba le matshwao a tshwaetso hore o tlalehele ho batsamaisi ba

hao mosebetsing. Ha o kula kapa o belaela hore ekaba o na le tshwaetso dula hae, seke wa ya

mosebetsing, mabenkeleng kapa wa tjhaka.

Ho tseba kabotlalo ikopanye le NICD: 080 002 9999 www.nicd.ac.za or

www.nioh.ac.za