ho lwantsha malaria hlahlobo ya dithethefatsinew.pub.ac.za/wp-content/uploads/2015/06/web...ya bona...
TRANSCRIPT
-
Ntate, na nka sebedisa khomputara ya hao.
DNADNA
Ha ho na dipapadi tsa letho ho fihlela o qeta mosebetsi wa
hao wa sekolo.
Ha se papadi. Ke Bioinformatics. Ke batla ho bona hore na ke amana le Madiba!
Bio eng?
Bioinformatics! e mabapi le tshebediso ya dikhomputara ho araba dipotso tsa bayoloji.
Ka ho ithuta ka DNA ya ka, nka ho bolella hore baholo-holo ba ka ke bo mang. E re ke hlalose.
O amana le Madiba? O a
thaba.
Khoutu e phelang
Disele tsa dintho tse phelang di na le DNA.
DNA e entswe ka dikhemikale tse nne (tsona re di bitsa A, C, G le T ka bokgutshwane).
Diboloko tsena tse hahang di bopa khoutu kapa resipe, sehlopha sa ditaelo tse
sebediswang ho etsa diprotheine tse bopang sele.
DNA ya rona e hlaha batswading ba rona mme DNA ya bona le yona e hlaha batswading ba bona. Ka hoo ba leloko le bona ba na le DNA e tshwanang le ya e mong le e mong wa bona.
DNA
DNA
DNA
DNA
DNA
DNA
Ka ho bapisa DNA ya batho ba bangata, borasa-ense ba ka bona ka moo ba amanang ka teng.
Na hoo ba ho etsa
jwang?
LELAPA LE LE LENG LE LEHOLOLELAPA LE LE LENG LE LEHOLODisele tsa letlalo di nkuwa ka hare
lerameng - hoo ha ho bohloko!
DNA e nkuwa diseleng tseo laboratoring.
Ka ho sebedisa
dikhomputara, DNA ena e
bapiswa le DNA e nkuweng bathong
lefatsheng lohle!
BIOINFORMATICSBIOINFORMATICS
Borasaense jwale ba nahana hore batho bohle ba lefatsheng ba amana le sehlopha sa batho se kileng sa dula mona Afrika.
Ma-Khoi San a Afrika e ka borwa ke ona leloko la haufi le bona le sa
ntsaneng le phela. Madiba o amana haholo le
batho ba ma-Khoi San. Mohlomong le nna!
Lewatl
e la
Atlant
ic
AFRIKA
AsiaBye!
Ka hoo re sebedisa matla a dikhomputara mmoho le tsebo ya rona ya bayoloji
bakeng sa ho araba dipotso. Hona ho bitswa
bioinformatics.
Bio-informatics e ka sebediswa
hape le bakeng sa:
HO LWANTSHA MALARIA HLAHLOBO YA DITHETHEFATSIDikhomputara
di ka noha sebopeho sa diprotheine
(diboloko tsa ho haha tsa dintho tse
phelang). Di ka sebedisetswa
ho lekola hore na kalafo ya malaria e ka bolaya
diprotheine tsa malaria, empa
e seng tsa batho.
Dikhomputara di ka etswa hore di sebetse jwalo ka disele. Re ka lekola sephetho sa dithethefatsi tse ntjha khomputa-reng ho ena le seleng e phelang.
Ena ke ntho e ntle haholo - re ka be re nahanne
ka hona kgale kwana.
The Public Understanding of Biotechnology (PUB) is implemented by SAASTA on behalf of the Department of Science and Technology. Visit us at www.pub.ac.za, email: [email protected] Tel: (012) 392 9300 Fax: (012) 320 7803. Produced by Jive Media (www.jivemedia.co.za) and Rapid Phase (Pty) Ltd.
This product is licensed under a Creative Commons Attribution-Non-Commercial-No Derivative Works 2.5 South Africa License (www.creativecommons.org)