lefapha la temo, meru le tsa ditlhapi riphaboliki ya ... · ho thuswa ka hlompho, ditsebiso, ho...
TRANSCRIPT
LEFAPHA LA TEMO, MERU LE TSA DITLHAPI
RIPHABOLIKI YA AFORIKABORWA
Bukatataiso ena e hlophisitswe ho latela karolo ya 14 ya Molao wa
Kgothaletso ya ho Fihlella Ditsebiso, 2000
(Molao wa No. 2 wa 2000)
E hlophisitswe: Motlatsi wa Mohlanka wa Ditsebiso
Ofisi e Phahameng ya Ditsebiso
Mof Priscilla Tsotso Sehoole
Mohala : 012 319 6527
Fekese : 012 319 6161
I-meile : [email protected]
E ntlafaditswe : 31 Tlhakubele 2011
Mantswe a Ketelopele
Mantswe a ketelopele a Letona
Jwalokaha re bitoha ka sebete ditleneng tsa mmuso wa kgethollo o neng o
sebeletsa kgwebo ya ona sephiring, naha ya rona e ratehang e bile mohlala o
kganyang wa demokerasi, ho sebeletsa ditaba pepeneneng hammoho le ka
toka. Katleho e fihleletsweng ka 1994 e ile ya toboketswa ke Ketsamolao ya
Ditokelo- karolo ya 8 ya Molao wa Motheo wa Aforikaborwa wa 1996 (Molao
wa No. 108 wa 1996).
Seo e leng sa bohlokwa ho etsa bonnete ba hore batho ba rona ba ke ke ba
hlola ba iphumana kamoso ho sebeletswa ditaba tsa bona sephiring le kantle
ho toka, Molao wa Kgothaletso ya Ho Fihlella Ditsebiso wa 2000 (Molao wa
No. 2 wa 2000) (PAIA) o ile wa ananelwa ka Hlakola 2000. Re motlotlo ho
tshehetsa PAIA jwaloka e meng ya melao ya tokoloho lefatsheng.
Hodima ho le jwalo, ho kenngwa tshebetsong ha PAIA ho hlokometswe ke
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho Aforikaborwa (SAHRC), boemedi bo
sireletsang, bo ntshetsang pele le ho lekola hore ditokelo tsa botho di a
latelwa Aforikaborwa. SAHRC e emetse le ho etsa bonnete ba hore ditokelo
tsa botho, serithi le tekano di a hlomphuwa, mosebetsi wa khomishene ke ho
etsa bonnete ba hore molao wa PAIA o kenngwa tshebetsong ho hlahloba
boikamahanyo le ona, ho fana ka thupello le ho thusa batlatsi ba bahlanka ba
ditsebiso hammoho le ditho tsa setjhaba ho sebedisa ditokelo tsa ditsebiso.
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi le ikemiseditse ho bona hore molao wa
PAIA o kenngwa tshebetsong mme le entse bonnete ba hore sebopeho se
setjha sa mokgatlo wa rona se kenyeleditse hore ho be le ofisi e shebaneng
le ho kenngwa tshebetsong ha molao wa PAIA. Ntlha eo rona re e
toboketsang ke bohlokwa ba ho phehisa demokerasing, ho phallisa ditsebiso
tse matlafatsang ka dinako tsohle, ha ho ntse ho etswa bonnete ba hore
ditjhabana tsa rona, haholo bao ba boemong bo fatshe ba utlwisisa kabelo ya
bona ho phahamisa demokerasi.
Karolo ya 32 ya Molao wa Motheo wa Aforikaborwa e hlakisa hore motho e
mong le e mong o na le ditokelo tsa ho fihlella ditsebiso dife kapa dife tse
tshwerweng ke mmuso mme o fana ka mokgwa o tsepameng wa ho etsa
kopo wa tokelo ya motho e mong ho fihlella ditsebiso ha ditsebiso tseo di
hlokeha ho ntshetsapele le ho sireletsa ditokelo dife kapa dife.
Ho etsa bonnete ba hore ho fihlellwa ditsebiso, lefapha le hlophisitse
bukakgakollo ena ho thusa bareki ba rona le ba nang le kabelo ho fihlella
ditshebeletso tsa rona, direkoto le ditsebiso mme ka ho etsa jwalo re tsitlallela
ho phahamisa metheo ya Batho Pele. Bukakgakollo ena ke mmapa o
lebisang tseleng e kgothaletsang ho phehisa demokerasing.
Re kopa bareki ba rona le ba nang le kabelo ho sebedisa dipehelo tse
behilweng bukakgakollong ena ho fihlella direkoto tsa rona le ho toboketsa
lepetjo le sebediswang ke SAHRC: "Tseba ditokelo tsa hao. Amohela
boikarabelo ba hao"
Demokerasi ke tokelo, boikarabelo hape ke mosebetsi! Ha re sebetsa
mmoho, re ka fihlella tse ngata ho phahamisa demokerasi le dintho tsohle tse
e emetseng!
Mr. Senzeni Zokwana (MP)
Letona la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Dikgutsufatso
CD : Molaodi ya Phahameng
CDCI : Molaodi ya Phahameng wa Dikgokahanyo
CIO : Mohlanka ya Phahameng wa Ditsebiso
DAFF : Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
DDG : Motlatsi wa molaodikakaretso
DDGAPHFS : Motlatsi wa molaodikakaretso: Tlhahiso Temong, Bophelo
bo Botle le Tshireletso ya Dijo
DG : Molaodikakaretso
DAFF : Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
DAIS : Molaodi wa Ditshebeletso tsa Ditsebiso tsa Temo
DCFM : Molaodi wa Dikgokahanyo Tsamaisong ya tsa Ditlhapi
DIO : Motlatsi wa Mohlanka wa Ditsebiso
GPR : Mabaka a Kakaretso a Phatlaladitsweng
HR : Dithuso tsa Batho
IO : Mohlanka wa Ditsebiso
MOA : Memorandamo wa Tumellano
MOU : Memorandamo wa Kutlwisisano
MCS : Tekolo, Taolo le Dihlahlobo
MLRA : Molao wa Mehlodi e Phelang Metsing wa 1998 (Molao wa
18 wa 1998)
MLRF : Letlole la Mehlodi e Phelang Metsing
PAIA :Molao o Kgothaletsang Ho Fihlella Ditsebiso wa 2000
(Molao wa No 2 wa 2000)
SAHRC : Khomishene ya Ditokelo tsa Botho wa Aforikaborwa
SARS : Ditshebeletso tsa Pokello ya Lekgetho Aforikaborwa
SG : Sepheo sa Lewa
SO : Maikemisetso a Lewa
TAC : Palo yohle e dumeletsweng ya ho tshwasa
TAE : Palo yohle ya matla a dumeletsweng
WCMAPP : Porojeke e Hananang le ho Tshwasa ntle ho molao ya
Kapabophirima
SOP : Dipehelo tsa maemo a tlwaelehileng a ho sebetsa
Ditlhaloso
1. Lefapha : ho bolelwa Lefapha la Temo, Meru le tsa
Ditlhapi
2. Boemedi ba Setjhaba : ho bolelwa ba naha, porofense le mmuso wa selehae lefapha
3. Metheo ya Batho Pele : ho bolelwa metheo e jwaloka ho buisana,
maemo a behilweng a tshebetso, ho fihlella, ho thuswa ka hlompho, ditsebiso, ho sebeletsa ditaba pepeneneng le ka tsela e bonaletsang, ho lokisa diphoso, boleng ba tjhelete
4. Mokopi : motho ya kopang ditsebiso kapa ho fihlella
rekoto ya lefapha kapa motho ya kopang ditsebiso kapa direkoto boemong ba motho e mong
5. Mokopi ka boyena : motho ya kopang rekoto e jereng ditsebiso
ka yena. 6. Ditjeo : Ditjhelete tse lefuwang:
o Tefo ya ho etsa Kopo: Tjhelete e
lefuwang bakeng sa ho etsa kopo (moo
ho hlokehang)
o Tefo ya ho Fihlella rekoto: Tjhelete e
lefuwang bakeng sa ditsebiso kapa rekoto
e hlophisitsweng jwaloka ha e kopuwe
o Tefo ya Boipiletso: Tjhelete e lefuwang
bakeng sa ho sebetsana le boipiletso
7. Rekoto : e ka ba tokomane, ditsebiso tse tshwerweng
ke lefapha.
8. Mokgatlo/motho wa boraro : motho kapa boemedi ba molao empa e
seng mokopi ka boyena kapa lefapha le
tshwereng rekoto.
9. Moipelaetsi : motho kapa boemedi ba molao bo
ipelaetsang ka qeto ya DIO
10. Lekgotla la dinyewe : ho bolelwa Lekgotla la Molao wa motheo le
sebetsang ho latela karolo ya 167 (6) (a) ya
molao wa motheo wa Riphaboliki ya
Aforikaborwa wa 1996 kapa Lekgotla le
Phahameng la dinyewe kapa lekgotla le leng
la dinyewe le lekanang le lona ka boemo
kapa Lekgotla la Makgiseterata.
11. Tataiso : ho bolelwa tokomane kapa buka e
hlahisitsweng ke Khomishene ya Ditokelo tsa
Botho ka sepheo sa ho thusa motho kamoo
ho kgonehang ya lakatsang ho sebedisa
tokelo efe kapa efe ho latela PAIA.
12. Matsatsi a mosebetsi : ho bolelwa matsatsi a mang ntle ho
Meqebelo, Disontaha kapa matsatsi a
phomolo a setjhaba.
Dikahare
Karolo Tlhaloso
1 Mosebetsi wa Bukakgakollo 9
2 Tataiso ya SAHRC hodima Bukakgakollo ena 10
3 Dintlha ka botlalo tsa ho buisana le Bahlanka ba Ditsebiso le
Batlatsi ba Bahlanka ba Ditsebiso ba DAFF (karolo ya
14(1)(b) ya Molao)
11
4 Mesebetsi le sebopeho sa DAFF (karolo ya 14(1)(a) ya
Molao)
14
5 Tlhaloso ya mabaka ao DAFF e tshwereng direkoto ka ona
(karolo ya 14(1)(d) ya Molao)
19
6 Dipehelo tsa ho etsa kopo (karolo ya 14(1)(d) ya Molao) 25
7 Tlhaloso ya ditshebeletso tse fumanehang bakeng sa
setjhaba tsa DAFF le kamoo ho ka fihlellwang ditshebeletso
tsena (karolo ya 14(1)(f))
29
8 Tlhaloso ya ditlhophiso bakeng sa ho phehisa ha setjhaba
nakong eo ho bopuwang leano kapa tshebetso kapa ha ho
ntshetswapele mosebetsi ke DAFF
30
9 Tlhaloso ya dikalafo tsohle tse mabapi le molao kapa ho
hloleha ho sebetsa ka molao ke DAFF (karolo 14(1)(h) wa
Molao)
31
10 Ditsebiso tse ding jwaloka ha di hlalositswe ke Letona la
Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo (karolo ya 12
bakeng sa ditsebiso tse ding tse tswellang)
34
11 Ditsebiso tse ding 35
12 Sehlomathiso:
Sehlomathiso sa 1: Foromo ya Kopo
Sehlomathiso sa 2: Foromo ya Boipiletso ya ka hare
Sehlomathiso sa 3: Sebopeho sa Ditefo
1. MOSEBETSI WA BUKAKGAKOLLO
Sepheo sa Molao wa Kgothaletso ya ho Fihlella Ditsebiso wa 2000 (Molao wa
No. 20 wa 2000), oo ho tloha ha jwale o bitswang PAIA, o jere tse latelang:
• Ho sireletsa tokelo ya rona ya molao wa motheo ho fihlella ditsebiso
• Ho kgothaletsa ho sebeletsa ditaba pepeneneng, boikarabelo le
tshebetso e phethahetseng ya mmuso
• Ho hlakisa dipehelo tsamaisong le ho hlophisa hore ditsebiso di
fihlellwe.
Ho latela karolo ya 14 ya PAIA, boemedi ba setjhaba bo tlamehile ho fana ka
dintlha tsa direkoto tse tshwerweng ke boemedi boo e le hore ho tle ho
bebofatswe mosebetsi wa ho fihlella ditsebiso tse hlokwang.
Sepheo sa Bukakgakollo ena ke ho hlakisa dipehelo tse lokelwang ho latelwa
ntlheng ya ho fihlella ditsebiso tse tshwerweng ke Lefapha la Temo, Meru le
tsa Ditlhapi ho latela dipehelo tse behilweng ke PAIA.
Bukakgakollo ena e boetse e tshwerwe ditsebiso tsa diaterese tsa Mohlanka
ya Ikarabellang (eo hape a bitswang Mohlanka wa Ditsebiso) hammoho le
Batlatsi ba Mohlanka wa Ditsebiso, makala a DAFF hammoho le direkoto tse
bolokuweng ke lekala ka leng.
2. TATAISO YA SAHRC HODIMA BUKAKGAKOLLO ENA
KHOMISHENE YA DITOKELO TSA BOTHO WA AFORIKABORWA
(SAHHRC) e hlophisitse tataiso ena ya ho sebedisa ya PAIA ho latela karolo
ya 10 ya PAIA. Tataiso ena e fumaneha ka dipuo tsohle tse 11 tsa semmuso
ditsheng tse fapaneng tsa ditsebiso tsa setjhaba.
Tataiso ena e ka boela ya fumanwa Diofising tsa Khomishene ya Ditokelo tsa
Botho diatereseng tse latelang:
KHOMISHENE YA DITOKELO TSA BOTHO WA AFORIKABORWA
Yuniti ya PAIA
Lefapha la Diphuphutso le Ditokomane
Aterese ya Bodulo 33 Hoofd Street
Braampark Forum 3
BRAAMFONTEIN, GAUTENG
2198
Aterese ya Poso: Lebokose la Poraefete X2700
HOUGHTON
2041
Nomoro ya mohala :+27 11 877 6500
Nomoro ya fekese :+27 11 403 0625
Webosaete :http://www.sahrc.org.za
Aterese ya I-meile :[email protected]
3. DINTLHA KA BOTLALO TSA HO BUISANA LE BAHLANKA BA
DITSEBISO LE BATLATSI BA BAHLANKA BA DITSEBISO BA DAFF
(KAROLO YA 14(1)(b) YA MOLAO)
Dintlha ka botlalo tsa ho buisana le Bahlanka ba Ditsebiso le Batlatsi ba
Bahlanka ba Ditsebiso ba DAFF:
Mohlanka wa Ditsebiso:
Edith V. Vries
Molaodikakaretso
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X250
Pretoria
0001
Mohala :(012) 319 7300
Fekese :(012) 325 3618
I-meile :[email protected]
Batlatsi ba Mohlanka wa Ditsebiso:
Mof P.T Sehoole
Mohlanka ya Phahameng wa Ditsebiso
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X250
Pretoria
0001
Mohala :(012) 319 6527
Fekese :(012) 319 6161
I-meile :[email protected]
Motlatsi wa molaodikakaretso
Lekala: Tsamaiso ya tsa Ditlhapi
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X2
Rogge Bay
8012
Mohala :(021) 402 3098/3107
Fekese :(012) 419 6942
I-meile :[email protected]
Motlatsi wa molaodikakaretso
Lekala: Tsamaiso ya tsa Meru le Mehlodi ya Tlhaho
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X250
Pretoria
0001
Mohala :(012) 309 5718
Fekese :(012) 309 6819
I-meile :[email protected]
Motlatsi wa molaodikakaretso
Lekala: Tlhahiso Temong, Bophelo bo Botle le Tshireletso ya Dijo
Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X250
Pretoria
0001
Mohala : (012) 319 6500
Fekese : (012) 319 6819
I-meile : [email protected]
Mesebetsi ya Batlatsi ba Mohlanka wa Ditsebiso wa lefapha ke ho etsa
bonnete ba hore ditshebeletso tsa bareki di fumaneha ka tsela e pepeneneng,
e nang le boikarabelo, ya seporofeshenale ebile e phethahetseng ha ho
sebetsanwa le dikopo tsa ho fihlella ditsebiso jwaloka ha ho hlakisitswe ho
PAIA hape le ho fana ka tataiso e amanang le ho fihlella direkoto tse
bolokuweng ke DAFF ho latela PAIA.
Bukakgakollo le hore e fumaneha jwang:
Bukakgakollo ena e fumaneha ka dipuo tse tharo tsa semmuso ka mekgwa e
latelang:
1) Bukana
2) Webosaete
Dibukana tsena di behilwe diofising tsohle tsa DAFF tse latelang:
Ofisi ya Naha : Sebakeng sa Temo
20 Seterateng sa Steve Biko
Pretoria
Ofisi ya Motsekapa : Phaposi ya 103
Parliament Towers
Ofisi ya tsa Ditlhapi : Foretrust House Martin Hammerschlag Way Foreshore Motsekapa
Webosaete ya Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi ke www.daff.gov.za
4. MESEBETSI LE SEBOPEHO SA DAFF (KAROLO YA 14(1)(A) YA
MOLAO)
BOIKARABELO
Boikarabelo ba DAFF ke ho etsa bonnete ba hore dijo di sireleditswe, ho
kgothaletsa tekano, ho fa batho mesebetsi e tsitsitseng hammoho le
tshebediso e tsitsitseng ya mehlodi ya tlhaho lekaleng lena.
TJHEBELOPELE
Lekala le eteletseng pele, la tswelopele, le atlehileng ebile le thehilweng ho
batho.
SEPHEO
Tjhebelopele ya rona e tla be e fihleletswe ka ho ntshetsapele le ho tsitlallela
hore lekala lena le kenye letsoho ka ho ananela le ho matlafatsa
Kgolo moruong
Tlhahiso ya mesebetsi
Ntshetsopele ya mahae
Tshebediso e tsitsitseng ya mehlodi ya tlhaho
Tshireletso ya Dijo
BOLENG
Se re kgannang: Re kgannwa ke ho fana ka tshebeletso e kgabane
Boitshwaro : Ho ba le mehopolo e metle, lerato le tebileng, basebeletsi ba
tshepahalang le ba bontshang boitelo
Toka : Ho sebetsa ka sepheo, kutlwelobohloko, serithi le ho sebeletsa ditaba
pepeneneng
Ho sebetsa ka ho toba: Re tobane le ho thusa batho, ikonomi le
ntshetsopele ya mahae
SEPHEO SA LEWA (SG) LE MAIKEMISETSO A MAWA (SO):
Sepheo le Maikemisetso a lewa la DAFF a ka tsela e latelang:
SG sa 1: Tlhahiso e eketsehileng ebile e bontshang kuno ya dijo,
dihlahiswa tsa faeba le patsi ya thimba tse hlahiswang ke mafapha
ohle a bahlahisi (bahlahisi ba jallang ho iphedisa, ba banyenyane
le ba kgwebo tse kgolo)
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho kgothaletsa tlhahiso e potlakileng, tlhokomelo le tsamaiso ya
dijo, faeba le patsi ya thimba
SO ya 2 Ho hlophisa metjha ya boiqapelo ya tshireletso ya dijo
SO ya 3 Ho ntlafatsa ditsamaiso tsa tlhahiso tse kgannwang ke
disebediswa tse bontshang tlhodisano ha di bapiswa ho ya ka
porofense ka nngwe
SO ya 4 Tshehetso e phethahetseng ntshetsopeleng ya dibaka tsa
mahae
SG ya 2: Tsamaiso e tsitsitseng ya mehlodi ya tlhaho
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho kgothaletsa tsamaiso ya tlhahiso tikolohong e tsitsitseng
SO ya 2 Ho etsa bonnete ba hore ho ba le tsamaiso e tsitsitseng ebile e
potlakileng tshebedisong ya tlhaho
SO ya 3 Ho etsa bonnete ba hore mehlodi ya dijalo tsa botala di
sireletsehile
SO ya 4 Ho eketsa phehiso ya tlhahiso ya mesebetsi e kgothaletsang
tlhokomelo ya naha ho ntlafatsa bophelo bo hantle
SG 3: Ditshebeletso tse phethahetseng tsa tsamaiso naheng hammoho
le ditsamaiso tsa ho laola dikotsi
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho kgothaletsa polokeho ya dijo ka ho laola bohato ba dikotsi
tse amanang le dijo, mahloko, dikokwana, kodua tsa tlhaho le
kgwebisano
SO ya 2 Ho theha le ho tsitlallela ditsamaiso tse phethahetseng tsa ho
elelliswa batho ka dikotsi e sa le ka nako le mekgwa ya ho kena
dipakeng
SG 4: Lekala le fetohileng ebile le kopane
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho eketsa tekano, ho ba monga kgwebo le hore batho ba neng
ba qheletswe ka thoko nakong e fetileng ba phehise
SO ya 2 Ho matlafatsa ditsamaiso ho tshehetsa tshebediso e
phethahetseng ya dithoto
SO ya 3 Ho ntlafatsa maemo ao setjhaba se sebeletsang ho ona
lekaleng lena
SO ya 4 Ho fana ka boetapele le tshehetso diphuphutsong, thupellong le
katoloso ya lekala lena
SG 5: Ho phehisa ka tsela e atolohileng lekaleng bakeng sa kgolo ya
ikonomi le ntshetsopele
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho atolosa kgolo, lekeno le menyetla ya mesebetsi e tsitsitseng
ketaneng ya boleng
SO ya 2 Ho eketsa bohato ba ho tsetela lekaleng ke setjhaba le ba
poraefete
SO ya 3 Ho atolosa phihlelo ya mmaraka wa lehae le wa matjhaba
bakeng sa Maaforikaborwa hammoho le dihlahiswa tsa temo, meru le
tsa ditlhapi
SO ya 4 Ho eketsa tlhahiso ya phepelo ya dijo ho tshehetsa lekala la
tlhahiso
SO ya 5 Ho kgothaletsa tshebediso ya phepelo ya dijo le dihlahiswa tsa
tsona bakeng sa matla a ntlafaditsweng botjha
SG 6: Puso e phethahetseng ebile e sebetsang ka potlako
Maikemisetso a Lewa
SO ya 1 Ho theha le ho matlafatsa puso ya tshebedisanommoho
hammoho le dikamano tsa tshebetso hammoho le bankakarolo ba
matjhaba
SO ya 2 Ho matlafatsa leano, moralo, hlahlobo, ho raporota le ditsebiso
tsa lekala
SO ya 3 Ho fana ka dipalopalo tse phethahetseng, diphuphutso le tsa
molao, dithuso tsa batho hammoho le tsamaiso ya dikotsi tse
amanang le tsa ditjhelete
SO ya 4 Ho ntlafatsa tshebeletso ya boqhetseke lefapheng ka ho kenya
tshebetsong maemo a bontshang boleng, metheo ya Batho Pele
hammoho le boikarabelo ba molao ka kakaretso
SO ya 5 Ho bontsha boetapele le ho laola dikgokahano le ditsebiso le
makala
Sebopeho sa Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
DG: Molaodikakar
etso
Ditshebeletso
tsa Kgwebo
Ofisi e Phahameng
Wa tsa Ditjhelete
Bankakarolo Dikamano,
Dikgokahanyo le
Ditshebeletso tsa Molao
Tsa Ditlhapi
Tsamaiso
Meru le Mehlodi ya
Tlhaho
Tsamaiso
Tsa Temo Tlhahiso,
Bophelo bo botle le Dijo
Tshireletso/Polo
keho
Dijo Tshireletso
hammoho le tsa tshebediso ya
Lefatshe
Tlhabollo
Tsa Ikonomi Ntshetsopele, Kgwebisano le
Dithekiso
Leano, Meralo, Tekolo le
Dihlahlobo
CD: Ditsamaiso/Ditshebeletso
Tshehetso
CD:Ofisi e Phahameng ya
Ditsebiso (Ofisi ya ho kenya
tshebetsong PAIA)
Lekala SEPHEO
1. Ditshebeletso tsa Kgwebo Ho nehelana ka tsamaiso le ntshetsopele e
utlwahalang ya dithuso tsa batho, ditshebeletso
tsa tsamaiso ya ditsebiso hammoho le
ditshebeletso tsa tshireletso
2. Ofisi e Phahameng ya
Ditjhelete
Ho nehelana ka ditshebeletso tse bonahalang
tsa ditjhelete lefapheng
3. Dikamano le Bankakarolo,
Ditshebeletso tsa
Dikgokahano le tsa Molao
Ho thusa lefapha ka ditshebeletso tsa
dikgokahano le tsa molao hammoho le ho
kgothaletsa dikamano tse mebuso hammoho le
dikamano le bankakarolo
4. Leano, Meralo, Ditekolo le
Dihlahlobo
Ho thusa ka ho sekaseka leano le meralo,
ditshebeletso tsa tekolo le dihlahlobo
5. Ntshetsopele Ikonoming,
Kgwebisano le Dithekiso
Ho etsa bonnete ba hore ho na le kgokahano
ya boleng ba lethathama, ho bebofatsa
phihlello ya mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa
lekala ka sepheo sa ho tshehetsa kgolo ya
moruo, tlhahiso ya mesebetsi le ntshetsopele
6. Tshireletso ya Dijo hammoho
le tsa tlhabollo ya lefatshe
Ho bebofaletsa le ho kgothaletsa tshireletso ya
dijo hammoho le mananeo a tlhabollo ya
lefatshe le a boiqapelo
7. Tlhahiso Temong, Bophelo bo
Botle le Tshireletso ya Dijo
Ho laola dikotsi tse amanang le mafu a
diphoofolo, dikokwana tse senyang dijalo,
dihahabi/dijalo tse hlophisitsweng ka
dikhemikhale hammoho le boingodiso ba
dihlahiswa tlhahisong ya dijo ka sepheo sa ho
kgothaletsa polokeho ya dijo hape le ho bopa
tikoloho e kgothaletsang katoloso ya tlhahiso e
tsitsitseng
8. Tsamaiso ya tsa Meru le
Mehlodi ya Tlhaho
Ho bopa le ho matlafatsa ho kenya
tshebetsong maano le mananeo a sebetsang
ka ho toba ho etsa bonnete ba hore ho ba le
taolo ya meru, tshebediso e tsitsitseng
hammoho le tshireletso ya lefatshe hammoho
le ho laola dikotsi le dikoduwa tlhahisong ya
dijo
9. Tsamaiso ya tsa Ditlhapi Ho thusa ka tsamaiso e phethahetseng
hammoho le boetapele tsamaisong ya tse
amanang le metsi ho kenyeletsa diphuphutso,
ho lekola taolo hammoho le dihlahlobo
hammoho le ho etsa bonnete ba hore
5. TLHALOSO YA MABAKA AO DAFF E TSHWERENG DIREKOTO KA ONA
(KAROLO YA 14(1)(D) YA MOLAO)
Direkoto tse boletsweng ka fatshe mona di fumaneha hanghang ntle le ho
etsa kopo ya ho di fihlella ho latela PAIA. Ho ka buisanwa le Batlatsi ba
Mohlanka wa Ditsebiso ho fihlella direkoto tsena. Ho tlatseletsa, maemong a
itseng ao ditokomane tsena di fumanehang mahala ka ona a hlakisitswe
webosaeteng ya lefapha.
Lebaka la Tokomane:
o Kgodiso/Tlhahiso ya Diphoofolo
o Diraporoto tsa Selemo: Lefapha la Temo
o Boemedi ba Khemikale
o Dijalo
o Tsa Ikonomi
o Temo
o Tsamaiso ya Phulo le makgulo
o Kgodiso ya Dijalo ka mofuthu wa letsatsi
o Bohlweki ba Nama
o Tlhokomelo ya Mobu
o Dijalo
o Thuto ya dikokonyana le thuto ya diboko
o Mesebetsi e fapaneng
o Mefuta ya mobu
o Thota le makgulo
o Dipehelo le diforomo tsa ho etsa kopo ya phemiti ya ho sebetsa
metsing
o Ditataiso tsa setho sa metsing
o Bukana ya Tekolo Botjha ya Tshebetso ya selemo le selemo
o Direkoto tsa diqeto (Ditsamaiso tsa ho Aba Ditokelo tsa ho tshwasa
Ditlhapi)
o Dikgutsufatso kapa Mabaka a Kakaretso a Phatlaladitsweng
o Direjisetara
o Dipehelo le diforomo tsa ho etsa kopo ya phemiti
o Dipehelo tsa Phemiti
o Dikgutsufatso tsa TAC le TAE ho ya ka lekala
o Ditsebiso tsa Ikonomi
o Ditokomane tsa Sehlopha tsa Tshebetso ya Saense le diraporoto tse
sa amaneng le ditshisinyo tsa selemo sena tsa TAC/TAE
o Dipampiri le diraporoto tsa saense tse phatlaladitsweng
Dimakasine tsa thuto tse phatlaladitsweng o Koranta ya kgwedi le kgwedi ya Lefapha moo diraporoto tsa
diketsahalo le dikatleho tsa tshebedisanommoho ya mafapha di phatlaladitsweng ho yona.
o Mekgwa e tlwaelehileng ya tshebetso lekaleng la temo o Dipalopalo tsa ditlhahiso tse foreshe tsa dimmaraka
Tse ding
Meralo ya Lewa
Boroutjhara ba ho tshwasa ditlhapi bakeng sa boithabiso
Maemo a Mehlodi ya tsa Mawatle mona Aforikaborwa
Raporoto ya Selemo le Selemo ya MLRF
Disetatemente tsa Ditjhelete
Ditsebiso tsa dithuso tsa batho
MLRA le Melawana
5.1. Tlhaloso le makala a direkoto tse fumanehang ka ho kopa ho
latela PAIA
Direkoto tse boletsweng ka fatshe mona di a fumaneha ka ho etsa kopo ho
latela PAIA. Dikopo bakeng sa direkoto di lokela ho romelwa ho Motlatsi wa
Mohlanka wa Ditsebiso. Sheba dihlomathiso bakeng sa diforomo le ditefo tse
hlokehang.
Tlhaloso ya mabaka ao DAFF e tshwereng direkoto ka ona le mekgahlelo a direkoto tse tshwerweng ho ya ka mabaka. Ka fatshe ka mona ho latela lenane la difaele tse ka sehloohong tse tshwerweng ke Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi. Difaele tsena di arotswe ka mekgahlelo e mmedi e ka sehloohong. Mokgahlelo o mong o thusa bakeng sa tshebetso ya ho tshehetsa e bitswang:
Molao
Tlhophiso le taolo
Dithuso tsa Batho
Ditjhelete
Tsamaiso le Puso
Ditshebeletso tsa Tshireletso
Tsa Bophelo bo Botle le Tshireletso
Ditsebiso le Dikgokahano tsa Thekenoloji
Thuto le Thupelo
Ditshebeletso tsa Molao
Tshebetso ya Sebopeho le dikopano tsa boemedi
Diphetho tsa Diraporoto le ditsebiso
Moralo wa Kgwebisano
Difaele tse ding di thusa bakeng sa tshebetso ho latela tsela ya
Bolaodi
Ditshebeletso tsa Ditsebiso tsa Temo
Tlhahiso le mehlodi ya Ikonomi
Bodulo ba Rapolasi
Tsa Ditjhelete tsa Temo le Ntshetsopele ya Kgwebisano
Dikamano tsa Matjhaba
Tshebediso ya Lefatshe le Tsamaiso ya Mobu
Tshireletso ya Dijo le Netefatso ya Boleng
Bophelo bo Botle ba Dijalo
Dithekiso
Mehlodi ya Boikatiso
Bophelo bo Botle ba Diphoofolo
Ditshebeletso tsa Boenjenere
Dipalopalo tsa Temo
Molaodikakaretso
Kgwebisano le Matjhaba
Ditsamaiso Tlhahisong ya Dijalo
Ntshetsopele ya Kgwebo le tsa Bohwebi
Kotsi ya tsa Temo le Tsamaiso ya Kodua
Ditsamaiso tsa Tlhahiso ya Diphoofolo le Tsa Metsi
Moralo wa Leano
Diphuphutso le Ntshetsopele ya Thekenoloji
Tshireletso ya Dijo le Ntshetsopele ya Mahae
Tshebediso ya Metsi le Ntshetsopele ya ho Nosetsa Dijalo
Ditshebeletso tsa Tlhahlobo ya Dihlahiswa tsa Temo
Grootfontein (ha le eso amohelwe semmuso)
Tshireletso ya Diphoofolo le Dimela
Dipehelo tsa Phemiti
Ditekolo tsa ho tshwaya tema e entsweng tsamaisong ya tse
amanang le Metsi
Sefutho sa ditjeo/ditefo tse phahameng tsa dijo tsa ho fepa tsa
metsing hammoho le tlhahiso ya tse amanang le metsi
Bukakgakollo ya phepo ya dijo tsa ditlhapi
Direjisetara
Difaele tsa khamphani
Bukakgakollo ka tswadiso le kgodiso ka dikhemikhale le kgodiso ya
African catfish 'Clarias Gariepinus' Aforika e Bohareng
Raporoto ya Tjhaena le Aforikaborwa
Mokgwa wa Tshebetso bakeng sa Tsamaiso ya Diphuphutso tsa
diphedi tsa metsing
Metsotso ya dikopano tsa Sehlopha sa Tshebetso
Dipalopalo tsa Kgwedi le Kgwedi/Habedi selemong
WCMAPP
MCS SOP
Diforomo tsa ho etsa kopo ya ditokelo tsa ho tshwasa ditlhapi
Dihlomathiso diforomong tsa ho etsa kopo
Ditokomane tsa Boipiletso
Diphemiti tsa Kgwebo, dilaesense le dipehelo tsa ho qhelela ka
thoko
Dikopo tsa ho Phetolo ya Vesele
Metsotso ya dikopano tsa Sehlopha sa Tshebetso
Dithuto tsa Ikonomi
Tekolo botjha ya Tshebetso ya tsa Ditlhapi
Tshebedisanommoho/Dipuisano tsa Matjhaba
Ditsebiso mabapi le ho tshwasa ditlhapi bakeng sa Boithabiso
Ditsebiso tsa nako e kgutshwanyane le tsa ho thusa nakwana
Dipalopalo tsa ho Tshwasa
Ditsebiso le diphemiti tsa Diphuphutso
Diraporoto tsa Diphuphutso
Tse ding
Ditsebiso tse tobileng tsa moifo
Ditlhakisetso tsa Mosebetsi le Ditumellano tsa Tshebetso
Direkoto tse ding tse tshwerweng ke dibopeho tsa tshehetso
DIREKOTO TSE DING TSE TSHWERWENG KE DAFF
1) Molao
2) Metsotso ya dikopano
3) Dikonteraka
4) MOUS le MOA
5) Maano le dipehelo
6) Direkoto tsa HR
7) Difaele
8) Mangolo ka kakaretso
9) Diboroutjhara tsa Ditsebiso
10) Diraporoto
11) Meralo ya Lewa
12) Dibukakgakollo tsa Thupello
5. DIPEHELO TSA HO ETSA KOPO KAROLO YA 14(1)(D) YA MOLAO
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho etsa kopo ya ho fihlella
ditsebiso tse tshwerweng ke DAFF. Le ha ho le jwalo, kopo e lokela ho etswa
ka ho sebedisa foromo e hlakisitsweng kamora hore ho lefuwe ditjeo tse
hlokehang. Ho tla sebetsanwa le kopo tlasa mabaka a ho qhelelwa ka thoko a
fumanwang Kgaolong ya 4 ya PAIA. Kopo e ka etswa ke motho ofe kapa ofe
ya etsang seo ka kgetho ya hae kapa ya etsetsang seo boemong ba motho
ya sa kgoneng ho iketsetsa jwalo ka boyena.
6.1 Mokopi o tlamehile ho fuwa monyetla wa ho fihlella rekoto ya
boemedi ba setjhaba haeba mokopi a ikamahantse le tse latelang:
Mokopi o ikamahanya le dipehelo tsohle tsa tsamaiso tse teng
molaong tse amanang le kopo ya ho fihlella rekoto eo;
Ha ho hanelwe le ho fihlella rekoto ka mabaka afe kapa afe a
boletsweng molaong ona.
6.2. Maemo wa kopo
Mokopi o tlamehile ho sebedisa foromo e kgatisong ya Koranta ya
Mmuso (Tsebiso ya Mmuso ya R187- 15 Hlakola 2002). (Foromo
ya A)
Mokopi o tlamehile ho boela a hlakisa haeba a lakatsa ho fumana
khopi ya rekoto kapa haeba a batla ho hlahlobela rekoto eo
diofising tsa DAFF. Ka lehlakoreng le leng, haeba rekoto eo e se
tokomane, e ka nna ya lekolwa ka mokgwa oo e kopuweng ka ona
moo ho kgonehang. Sheba karolo ya 29(2).
Haeba motho a etsa kopo ya ho fihlella rekoto ka mokgwa o itseng,
mokopi o lokela ho fumana rekoto ka mokgwa oo a e kopileng ka
ona. Sena se tla etsahala ha fela se sa sitisane le teng ka mabaka
a utlwahalang le tsamaiso ya boemedi ba setjhaba bo amehang
kapa ha seo se tla senya rekoto eo kapa se hatikela molao wa
kgatiso wa direkoto tseo e seng tsa mmuso. Haeba ka mabaka a
utlwahalang, ha ho kgonahale hore rekoto e fumanehe ka mokgwa
oo e kopuweng ka ona empa e ka fumanwa ka tsela e nngwe e
itseng, ha ho le jwalo, tefo e tlamehile ho kopanngwa ho latela
tsela eo mokopi a e kopileng ka teng pele. Sheba karolo ya 29(3) le
(4)
Haeba, ka tlatsetso ho karabo e ngotsweng bakeng sa kopo ya
bona ya rekoto, mokopi o batla ho bolellwa ka qeto ka tsela e
nngwe e fapaneng, mohlala, ka mohala, sena se tlamehile ho
hlakiswa. Sheba karolo ya 18(2)(e).
Haeba mokopi o kopela motho e mong ditsebiso, ho tlamehile ho
hlakiswe boemo boo kopo eo e etswang ka bona. Sheba karolo ya
18(2)(f).
Haeba mokopi a sa kgone ho bala kapa ho ngola kapa a na le
boqhwala, ha ho le jwalo, kopo ya rekoto e ka etswa ka molomo.
Mohlanka wa ditsebiso o tlamehile ho tlatsa foromo boemong ba
mokopi ya jwalo mme a mo fe khopi. Sheba karolo ya 18(3).
Ka kopo kenya tjhelete e behilweng e lokelang ho lefuwa hammoho
le diforomo tsa kopo jwaloka sehlomathiso bukakgakollong ena.
Ditefo tse behilweng di hoketswe e le Sehlomathiso sa C.
6.3 Ho na le mekgwa e mmedi ya ditefo tse hlokehang hore di lefuwe ho
latela Molao, tsona ke tefo ya kopo hammoho le tefo ya ho fihlella
rekoto (sheba karolo ya 22)
Mokopi ya batlang ho fihlella rekoto e jereng ditsebiso ka yena ha a
tshwanela ho lefiswa tefo ya kopo. Mokopi ofe kapa ofe e mong eo
a sa kopeleng yena o tlamehile ho lefa tefo ya kopo e hlokehang.
Mohlanka wa ditsebiso o tlamehile ho tsebisa mokopi (eo e seng
mokopi ka boyena) ka ho mo hlokomedisa hore o lokela ho lefa
tefo e behilweng (haebe e le teng) pele a ka tswela pele ho
sebetsana le kopo.
Tefo ya kopo e lefuwang boemedi ba setjhaba ke R35. Mokopi a ka
nna a tlisa boipiletso ba ka hare, moo ho tshwanetseng kapa a etsa
kopo lekgotleng la dinyewe kgahlano le thendara kapa tefo ya
tjhelete ya kopo.
Kamora hore mohlanka wa ditsebiso a etse qeto ka kopo eo,
mokopi o tlamehile ho tsebiswa ka qeto eo e jwalo ka tsela eo
mokopi a batlileng ho tsebiswa ka ona.
Haeba kopo eo e dumelletswe, ha ho le jwalo, ho tlamehile ho
lefuwe tefo ya ho fihlella rekoto bakeng sa ho fuputsa, ho hlophisa,
ho hatisa hape hammoho le bakeng sa nako efe kapa efe e fetileng
dihora tse behilweng bakeng sa ho fuputsa le ho hlophisa rekoto e
tla phatlalatswa.
7. TLHALOSO YA DITSHEBELETSO TSE FUMANEHANG BAKENG SA
SETJHABA TSA DAFF LE KAMOO HO KA FIHLELLWANG
DITSHEBELETSO TSENA KA TENG
Ditshebeletso tsena di fumaneha Lefapheng la Temo, Meru le tsa Ditlhapi
mme di hlakisitswe mesebetsing ya lona, sepheo sa lewa le maikemisetso
hammoho le makala le sepheo sa lona a hlalositswe bukakgakollong ena.
Lenane la ditshebeletso tse ding le fumaneha Lefapheng le kamoo o ka di
fihlellang ka teng di tla hokelwa bukakgakollong ena e le sehlomathiso. Re tla
ntlafatsa sehlomathiso sena nako e kgolo le e nyenyane mme re tla e
phatlalatsa ha ho hlokeha webosaeteng ya lefapha la rona ho
www.daff.gov.za.
Moralong wa Lewa wa 2011/12, DAFF e hlakisa tse latelang:
o Ho fihlella tshehetso ya ditjhelete
o Ho fihlella thupello le ntshetsopele
o Ho fihlella tlhahiso kahong ya metheo
o Ho fihlella dimmaraka
o Katoloso le ditshebeletso tsa tshehetso ya setekginiki
o Meralo ya Sebaka/Lebala
o Ho fihlella diterekere/ mananeo a tshebetso
o Dihlopha tsa Dithoto tsa Thekiso
o Letlole la lepatlelo la Temo
o Ho kwala ka terata
o Dikema tsa ho nosetsa ka metjhine le dibentemele
o Matamo
o Ho batlela malapa a 300 000 dibaka tse nyenyane tsa bodulo ka
sekema sa 2015
8. TLHALOSO YA DITLHOPISO BAKENG SA HORE SETJHABA SE
PHEHISE HA HO BOPUWA MAANO KAPA HA DAFF E TSWELA PELE
KA TSHEBETSO YA YONA
Ho DAFF ditlhophiso tse jwalo di tla kenyeletsa:
Bohato ba moralo wa lewa moo lefapha le buisanang le bankakarolo
bohle lekaleng ntshetsopeleng ya indaseteri ena ya kopanelo ka
mohopolo wa yona.
Bohatong ba tshebedisanommoho ya mafapha, lefapha le buisana le
mafapha a mmuso a selehae le a diporofense.
Bohato ba molao
Diboto, makgotla hammoho le diforamo tse ding tsa bankakarolo:
Molao wa DAFF hodima dintlha tse tobileng tse amanang le diboto,
makgotla hammoho le diforamo tsa bankakarolo ho latela hore na
baemedi ba thusa indasetering efe.
Ho latelwa tsamaiso ya ho buisana le ba amehang nakong eo ho
ralwang molao ka ho tshwara diwekeshopo naheng ka bophara le
bankakarolo. Kamora hore ho ralwe molao, ho phatlalatswa Dibili hore
setjhaba se bue pele sena se ka fetiswa hore se etswe molao.
Raporoto ya Selemo ya DAFF e romelwa Palamenteng mme setjhaba se ka e
fumana hore se be le ditsebiso.
Dipotso ka kakaretso:
Setho sefe kapa sefe sa setjhaba se ka ngolla Molaodikakaretso le/kapa
Letona ho botsa dipotso.
9. TLHALOSO YA DIKALAFO TSOHLE TSE MABAPI LE MOLAO KAPA HO
HLOLEHA HO SEBETSA KA MOLAO KE DAFF (KAROLO 14(1)(h) WA
MOLAO)
Ho ka ipiletswa kgahlano le diqeto tse nkuweng ke Morejisetara ho latela
Melao e jwaloka Molao wa No. 36 wa 1946 le Molao wa No. 15 wa 1997
Qeto efe kapa efe e nngwe e nkuwang ke DAFF e thefulang ditokelo tsa
setjhaba hampe e ka fuputswa ho latela Molao wa Kgothaletso ya Tsamaiso
ya Toka wa 2000 (Molao wa No. 3 wa 2000)
Ho lokelwa ho tlatswe le ho romelwa foromo ya boipiletso ya ka hare ho
DAFF. Tsamaiso ya foromo ena e nka matsatsi a 30 ho latela tsamaiso ya
PAIA.
Mokopi a ka nna a kenya boipiletso ba ka hare kgahlano le qeto ya Motlatsi
wa Mohlanka wa Ditsebiso ka ho mo hanela kopo kapa kgahlano le ditefo tsa
kopo le ho fihlella kapa bakeng sa nako e atolositsweng ho sebetsana le
kopo.
9.1. Foromo
9.1.1 Boipiletso bo tlamehile ho romelwa ka foromo e ngotsweng
(Foromo ya B) e ntshitsweng ho latela PAIA kapa foromo e
amanang le yona ka tshwanelo. Khopi ya foromo ena e hoketswe
tokomaneng ena e le sehlomathiso. Dikhopi tsa foromo ena di
boela di fumaneha diofising tsa DAFF kapa webosaeteng ya
lefapha.
9.1.2. Boipiletso bo tlamehile ho romelwa nakong ya matsatsi a 60 kapa
haeba tsebiso ya mokgatlo wa boraro e hlokeha ho latela karolo ya
49(1)(b) matsatsing a 30 kamora hore tsebiso e fuwe moipelaetsi ka
qeto e nkuweng kapa haeba tsebiso ya moipelaetsi e sa hlokehe
kamora hore qeto e nkuwe. Boipiletso bo lokela ho romelwa
atereseng, nomorong ya fekese kapa atereseng ya imeile ya
Motlatsi wa Mohlanka wa Ditsebiso.
9.1.3. Moipelaetsi o tlamehile ho fana ka dintlha ka botlalo foromong ya
boipiletso ho latela mabaka bakeng sa boipiletso ba ka hare hore
na o lakatsa ho tsebiswa jwang ka qeto ya boipiletso mme a lefe
tjhelete e boletsweng ya boipiletso (haeba e hlokwa).
9.1.4. Bookamedi bo tshwanetseng bo tla dumella boipiletso bo tlang ka
mora nako ha fela mabaka a moipelaetsi a utlwahala e le kannete.
Moipelaetsi o tla tsebiswa ka boipiletso ba hae bo rometsweng
kamora nako haeba bo hannwe.
9.2. Tefo ya Boipiletso
9.2.1. Moipelaetsi o lokela ho lefa tjhelete e behilweng ya boipiletso
(haeba e hlokwa) Qeto ya boipiletso ya ka hare e ka nna ya
behellwa ka thoko ho fihlela tjhelete ya boipiletso e lefuwa.
9.2.2. Kamora ho fumana boipiletso, Motlatsi wa Mohlanka wa Ditsebiso
o tlamehile ho romela boipiletso boo ba ka hare nakong ya
matsatsi a 10 ho Mohlanka wa Ditsebiso, mabaka ka qeto eo ya
hae hammoho le dintlha ka botlalo ba mokgatlo wa boraro, haeba
di le teng.
9.3. Mokgatlo/motho wa boraro
9.3.1. Haeba DAFF e lekola boipiletso ba ka hare kgahlano le ho hanela
kopo ya ho fihlella rekoto ya mokgatlo wa boraro e amanang le
ditaba tsa hae tsa poraefete; ditabatabelo tsa kgwebo hammoho le
ditsebiso tse ding tsa lekunutu le direkoto tsa SARS, lefapha le
tlamehile ho tsebisa mokgatlo wa boraro ka boipiletso boo nakong
ya matsatsi a 3o kamora ho fumana boipiletso boo mme seo se
etswe ka mokgwa o potlakileng kamoo ho kgonehang. DAFF e tla
fa mokgatlo wa boraro tlhaloso ya dikahare tsa boipiletso, dintlha
tsa moipelaetsi ka botlalo mme a hlakise hore na maikutlo a
lefapha ke afe mabapi le hore ditsebiso tseo di senolwe ho latela
ditabatabelo tsa setjhaba. Ha ho le jwalo, mokgatlo wa boraro o na
le matsatsi a 21 ho fana ka tlhakiso e ngotsweng fatshe hore
hobaneng ho sa fanwe ka ditsebiso kapa a fane ka tumello e
ngotsweng fatshe bakeng sa ho fa mokopi rekoto eo.
9.3.2. DAFF e ka boela hape ya shebana le ho kenya boipiletso ba ka
hare kgahlano le ho fana le phihlello ya ditsebiso. Lefapha le tla
lokela ho boela hape le tsebisa mokopi ka boipiletso nakong ya
matsatsi a 30 kamora ho fumana boipiletso ba ka hare. Mokgatlo
wa boraro o lokela ho fana ka tlhakiso e ngotsweng fatshe
matsatsing a 30 hore na hobaneng ho lokela ho dumellwe ho
fihlella rekoto.
9.4. Tsebiso ya qeto
9.4.1. DAFF e ka tiiseletsa qeto ya sethatho kapa ya etsa qeto e nngwe.
Sena se tla etsa matsatsing a 30 kamora ho fumana boipiletso ba
ka hare kapa nakong ya matsatsi a mahlano a mosebetsi kamora
ho fumana tlhakiso e ngotsweng fatshe mabapi le boipiletso.
Moipelaetsi o tla fuwa tsebiso, mokgatlo ofe kapa ofe wa boraro o
amehang hammoho le mokopi moo ho hlakiswang mabaka a qeto.
9.5. Kopo lekgotleng la dinyewe
9.5.1. Moipelaetsi, mokgatlo wa boraro kapa mokopi o tla boela a
tsebiswa hore a ka tlisa kopo ya hae lekgotleng la dinyewe
kgahlano le qeto ya boipiletso ba ka hare nakong ya matsatsi a 60
kapa a 30 (haeba mokgatlo wa boraro o lokela ho fumana tsebiso)
Dinako tse behilweng di tla sebetsa haeba DAFF e etsa qeto ya ho
dumella ho fihlella rekoto moo mokgatlo/motho wa boraro a nang le
tokelo ya fana ka boemedi/tlhakiso kgahlano le qeto ena pele ho ka
fanwa ka tumello ya ho fihlella rekoto.
9.5.2. Haeba DAFF e hloleha ho ikamahanya le dipehelo tse boletsweng
ka hodimo mona hammoho le dinako tse behilweng ke boipiletso
ba ka hare, ho tla nkuwa hore DAFF e qhadile boipiletso boo ba ka
hare.
9.5.3. Mokopi kapa motho/mokgatlo wa boraro ba ka etsa kopo FELA
Lekgotleng le Phahameng la dinyewe (kapa lekgotleng la dinyewe
la boemo bo lekanang le lona) bakeng sa ho fumana kalafo kamora
hore mokopi kapa mokgatlo/motho wa boraro a se a lekile
ditsamaiso tsohle tse teng bakeng sa boipiletso ba ka hare nakong
ya matsatsi a 30 kamora ho fumana qeto ya boipiletso ba ka hare.
Ha ho na rekoto e ka thibelwang hore lekgotla la dinyewe le e
fihlelle. Ditsamaiso tsa lekgotla la dinyewe ke tsa molao mme
lekgotla la dinyewe le ka tiiseletsa, eketsa/fokotsa kapa ho behella
ka thoko qeto e entsweng mabapi le boipiletso ba ka hare kapa la
fana ka taelo ya ho kena dipakeng
10. DITSEBISO TSE DING JWALOKA HA DI HLALOSITSWE KE LETONA
LA TOKA LE NTSHETSOPELE YA MOLAO WA MOTHEO
Ha jwale ha ho na ditsebiso tsa tlatsetso tse fumanehang ho hlaha Letoneng
la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho latela karolo ya 92 ya Molao.
11. DITSEBISO TSE DING
Ditsebiso tse ding ka lefapha di ka fumanwa webosaeteng ya DAFF ho
www.daff.gov.za kapa ka ho buisana le:
Molaodi ya Phahameng Molaodi ya Phahameng: Dikamano tsa
Bankakarolo le Dikgokahanyo
Lebokose la Poraefete X250
Pretoria
0001
Mohala: 012 319 7348
Imeile: [email protected]
Molaodi : Molaodi: Ditshebeletso tsa Dikgokahano
Lebokose la Poraefete X144
Pretoria
0001
Mohala: 012 319 7960
Imeile: [email protected])
Molaodi : Molaodi: Dikgokahanyo
Tsamaiso ya tsa Ditlhapi
Lebokose la Poraefete X2
Rogge Bay
8012
Mohala: 012 402 3911
Imeile: [email protected])