mokgatlo wa bafetoledi wa afrika borwa lesedinyana · taba ya pele ke hore tokomane ena e hloka ho...

10
Mokgatlo wa Bafetoledi wa Afrika Borwa LESEDINYANA XVIII / VI (2018) Molaotaolo o akaretsang Tshireletso ya Data wa Europe le setho sa SATI Molaotaolo o Akaretsang Tshireletso ya Data (General Data Protection Regulation)(GDPR) o kene tshebetsong ka la 25 Motsheanong 2018 mme oa o ama haeba o ne o ntse o sebetsana le bakopi ba ditshebeletso ba Europe. Ka bomadimabe, ho na le ho se hlake ho hoholo ka sena (jwalo kaha o tla bona ha o bala e nngwe ya tlhahisoleseding khomputeng), haholoholo ka se amang basebedisi-ba-puo ba ishebetsang (papisong le dikoporasi tse kgolo). O ka fumana ditaba tse feletseng tsa molao mona: https://gdpr-info.eu/ Ha ho sena bonnete ba hore ba molaong ba tla hlahloba diofisi tsa rona Afrika Borwa hore na re ikamahanya le dipehelo, ho na le dintlha tse ding tseo o ka lakatsang ho di ela hloko bakeng la tshireletso ya hao. Ntle le ho nahanisisa ka tshebetso tsa rona, ho ka boela ha kgothatsa bakopi ba ditshebeletso ba Europe ho tseba hore basebedisi-ba-puo ba bona ba Afrika Borwa ba boloka data ya bona e bolokehile. Hopola, re sebetsa tlasa GDPR “Third Country” e fupereng ho se tshepahale, mme bakopi ba ditshebeletso ba Europe ba fadimehetse dintlha tse malebana le tshireletso ya data. Ka kopo ela hloko hore lesedi lena le bokeleditswe ho shebilwe bafetoledi ba ikemetseng ka bobona, ka letoto la webinars tse nehelanwang ke setsebi sa tshireletso ya data. Leha ho le jwalo, sena ha se thibele ho iteanya ha motho ka mong le setsebi sa tshireletso ya data mme ha re na ho jara molato boemong bona. Taba ya pele ke hore tokomane ena e hloka ho o nehela mofetoledi a ikemetseng wa Afrika Borwa ka kakaretso ya dipehelo tse ntjha mme e keke ya ba kakaretso e feletseng ya dipehelo. Sepheyo ha se ho o dia moya, ke ho o thusa ho nka mehato e bohlokwa ya pele ya ho ikamahanya le GDPR. Se bohlokwahlokwa, o lokela ho etsa bonnete ba hore o hlakisa ho ikamahanya le dipehelo tsa GDPR webosaeteng ya hao ka ha lesedi lena le bonahala lefatsheng ka kakaretso le ho ba molaong. Dintlha tse lokelang ho elwa hloko: 1. Webosaete ya hao e lokela hore e be e sireletsehile, i.e. URL e lokela ho qala ka https (e seng http). Sena se boetse se bohlokwa hobane Google e se e qadile ho fana ka kotlo ho dibaka tse sa sereletsehang le ho di tshwaya jwalo ka “tse sa bolokehang”, ho bolelang hore bakopi ba ditshebeletso ba bang ba ka kgetha ho kgaotsa ho etela webosaete ya hao. Hore o sireletse webosaete ya hao o tla hloka ho fumana setifikeiti sa SSL. Khamphani e o fepelang ka web, e lokela ho o thusa ka sena. 2. Haeba o sebedisa foromo e supang kamano ya hao webosaeteng, webosaete ya hao e LOKELA ho ba le tshireletso. Ho boetse ho bohlokwa ho kenyeletsa tshupo molaotaolong wa poraefete haufi le konopo ya thomello. 3. Ke setlamo hore webosaete ya hao e be le molaotaolo wa sephiri. Ena ke tlhoko e ntjha, ka hoo ha o se o ena le yona, etsa feela bonnete ba hore e maemong a loketseng. GDPR e hloka hore re etse molao-taolo wa sephiri diwebosaeteng tsa rona tse itseng (i.e. se ke wa kenyeletsa temana konopong ya Facebook Share haeba o sena yona) mme e hloka hore re fane ka lesedi lena ka mokgwa o bobebe ka puo e tlwaelehileng. Re tla o fa mohlala ha nako e ntse e ya. 4. Share buttons tseo didikadikwe tsa social media tse kang Facebook di nehelanang ka tsona, ha di ikamahanye ledipehelo tsa GDPR jwalo ka ha data e arolelanwa hanghang le tse ding tse kang Facebook. Wordpress e fana ka (“karolo e bolokehileng”) “safe share” plugin: https://de wordpress.org/plugins/shariff-sharing/. Ntle ho moo, haeba o hlile o sa hloke share button, nahana ka ho sebedisa link e otlolohileng bakeng sa yona ho ya boitsebahatsong ba hao social medieng. 5. Haeba o romella lesedinyana o lokela ho 1) kopa tumello ya baamohedi (ho tswela pela ESE ho kgaotsa) mme o boloke ngollano ya sena, le 2) kopa mofani wa ditshebeletso wa lesedinyana ho o fumantsha Tumellano ya Tshebediso ya Data . Ho sena mofani wa ditshebeletso o lokela ho hlalosa hore na o tla etsa bonnete ba hore data ya mokopi wa

Upload: others

Post on 29-Jan-2021

2 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

  • Mokgatlo wa Bafetoledi wa Afrika Borwa

    LESEDINYANA XVIII / VI (2018)

    Molaotaolo o akaretsang Tshireletso ya Data wa Europe le setho sa SATI

    Molaotaolo o Akaretsang Tshireletso ya Data (General Data Protection Regulation)(GDPR) o kene

    tshebetsong ka la 25 Motsheanong 2018 mme oa o ama haeba o ne o ntse o sebetsana le bakopi ba

    ditshebeletso ba Europe.

    Ka bomadimabe, ho na le ho se hlake ho hoholo ka sena (jwalo kaha o tla bona ha o bala e nngwe ya

    tlhahisoleseding khomputeng), haholoholo ka se amang basebedisi-ba-puo ba ishebetsang (papisong le

    dikoporasi tse kgolo).

    O ka fumana ditaba tse feletseng tsa molao mona: https://gdpr-info.eu/

    Ha ho sena bonnete ba hore ba molaong ba tla hlahloba diofisi tsa rona Afrika Borwa hore na re

    ikamahanya le dipehelo, ho na le dintlha tse ding tseo o ka lakatsang ho di ela hloko bakeng la tshireletso ya

    hao. Ntle le ho nahanisisa ka tshebetso tsa rona, ho ka boela ha kgothatsa bakopi ba ditshebeletso ba

    Europe ho tseba hore basebedisi-ba-puo ba bona ba Afrika Borwa ba boloka data ya bona e bolokehile.

    Hopola, re sebetsa tlasa GDPR “Third Country” e fupereng ho se tshepahale, mme bakopi ba ditshebeletso

    ba Europe ba fadimehetse dintlha tse malebana le tshireletso ya data.

    Ka kopo ela hloko hore lesedi lena le bokeleditswe ho shebilwe bafetoledi ba ikemetseng ka bobona, ka

    letoto la webinars tse nehelanwang ke setsebi sa tshireletso ya data. Leha ho le jwalo, sena ha se thibele ho

    iteanya ha motho ka mong le setsebi sa tshireletso ya data mme ha re na ho jara molato boemong bona.

    Taba ya pele ke hore tokomane ena e hloka ho o nehela – mofetoledi a ikemetseng wa Afrika Borwa – ka

    kakaretso ya dipehelo tse ntjha mme e keke ya ba kakaretso e feletseng ya dipehelo. Sepheyo ha se ho o

    dia moya, ke ho o thusa ho nka mehato e bohlokwa ya pele ya ho ikamahanya le GDPR.

    Se bohlokwahlokwa, o lokela ho etsa bonnete ba hore o hlakisa ho ikamahanya le dipehelo tsa GDPR

    webosaeteng ya hao ka ha lesedi lena le bonahala lefatsheng ka kakaretso le ho ba molaong. Dintlha tse

    lokelang ho elwa hloko:

    1. Webosaete ya hao e lokela hore e be e sireletsehile, i.e. URL e lokela ho qala ka https (e seng http). Sena se boetse se bohlokwa hobane Google e se e qadile ho fana ka kotlo ho dibaka tse sa sereletsehang le ho di tshwaya jwalo ka “tse sa bolokehang”, ho bolelang hore bakopi ba ditshebeletso ba bang ba ka kgetha ho kgaotsa ho etela webosaete ya hao. Hore o sireletse webosaete ya hao o tla hloka ho fumana setifikeiti sa SSL. Khamphani e o fepelang ka web, e lokela ho o thusa ka sena.

    2. Haeba o sebedisa foromo e supang kamano ya hao webosaeteng, webosaete ya hao e LOKELA ho ba le tshireletso. Ho boetse ho bohlokwa ho kenyeletsa tshupo molaotaolong wa poraefete haufi le konopo ya thomello.

    3. Ke setlamo hore webosaete ya hao e be le molaotaolo wa sephiri. Ena ke tlhoko e ntjha, ka hoo ha o se o ena le yona, etsa feela bonnete ba hore e maemong a loketseng. GDPR e hloka hore re etse molao-taolo wa sephiri diwebosaeteng tsa rona tse itseng (i.e. se ke wa kenyeletsa temana konopong ya Facebook Share haeba o sena yona) mme e hloka hore re fane ka lesedi lena ka mokgwa o bobebe ka puo e tlwaelehileng. Re tla o fa mohlala ha nako e ntse e ya.

    4. Share buttons tseo didikadikwe tsa social media tse kang Facebook di nehelanang ka tsona, ha di ikamahanye ledipehelo tsa GDPR jwalo ka ha data e arolelanwa hanghang le tse ding tse kang Facebook. Wordpress e fana ka (“karolo e bolokehileng”) “safe share” plugin: https://de wordpress.org/plugins/shariff-sharing/. Ntle ho moo, haeba o hlile o sa hloke share button, nahana ka ho sebedisa link e otlolohileng bakeng sa yona ho ya boitsebahatsong ba hao social medieng.

    5. Haeba o romella lesedinyana o lokela ho 1) kopa tumello ya baamohedi (ho tswela pela ESE ho kgaotsa) mme o boloke ngollano ya sena, le 2) kopa mofani wa ditshebeletso wa lesedinyana ho o fumantsha Tumellano ya Tshebediso ya Data . Ho sena mofani wa ditshebeletso o lokela ho hlalosa hore na o tla etsa bonnete ba hore data ya mokopi wa

    https://gdpr-info.eu/https://de/

  • 2

    ditshebeletso e bolokehile jwang. Lesedi le bohlokwa le ka fumaneha athikeleng ena ka MailChim: https://mailchimp.com/help/about-the-general-data-protection-regulation/

    6. O boetse o hloka ho fumana Tumello ya Tshebediso ya Data ho tswa ho baamohedi ba web ( le ho tswa ho ba bang ba nehelanang ka data ya motho bakeng sa hao). Haeba ba eso ka ba eba le mokgwa oo mme o sa batle ho fetola moamohedi eo o ntseng o sebetsana le ena, o lokela ho boloka ngollano ya hao le bona hore o be le bopaki ba hore o sebeditse ka mokgwa o neng o hlokahala. Ha o romela di-e-maile tseo ka tsona o amohelang mosebetsi (di-e-mail tseo o ithekisang) o lokela ho kenyeletsa polelo kapa tse pedi – ka mohlomong moo o tekenneng ( empa o sebedisa mongolo oo ho leng bobebe ho o bala) – o tsebisa moamohedi ka tokelo ya hae ya ho hanana le seo.

    Ho tloha jwale o lokela ho romela tokomane e hlalosang data eo e leng ya hao eo o e bolokang, mokgwa oo o e sebetsang ka ona le hore na hobaneng. Sena se boetse se lokela ho ba le ditokelo kaofela tseo mokopi wa ditshebeletso a nang le tsona ho latela GDPR. O hloka feela ho romella sena hanngwe ho mokopi wa ditshebeletso e mong le e mong, mme mokopi wa ditshebeletso ha a tlameha ho etsa letho. Boloka feela bopaki ba hore o e romeletse mme o hopole ho sebedisa yona tokomane eo bakeng sa bakopi ba ditshebeletso bohle. Bala haholwanyane: https://www.thedifferencecollective.com/how-can-freelancers-prepare-for-the-gdpr/ https://www.markeluk.com/articles/gdpr-what-is-it-and-how-will-it-affect-small-businesses-and-freelancers https://www.freelancermap.com/freelancer-tips/12222-gdpr2018 https://blog.defrent.de/2018/06/dsgvo-rgpd-gdpr-defrents-deutsch-franzoesisch-englische-terminologie-des-eu-datenschutzes

    Anja Kirchdörfer Lee

    Lefatshe le fetohang la mosebedisi-wa-puo

    Diphetoho tse ding bophelong ba mofetoledi/mohlophisi/toloko dia tshepisa ha re bontsha ho itshetleha ho hoholwanyane hodima thekenoloji ha re etsa mosebetsi wa rona, empa diphetoho tse ding di qetella ka temoho e seng monate le ho baka tshitiso lefatsheng leo re phelang le ho sebetsa ho lona. Boholo ba ditho tsa rona bo sebetsana le bakopi ba ditshebeletso ho tswa lefatsheng ka bophara mme ka ho tobetsa konopo feela phetolelo kapa sengolwa se hlophisitsweng se romellwa ho mokopi wa ditshebeletso. Leha ho le jwalo ngollano e potlakileng le ho tshepahala ya di-e-maile,e bonahetse e le katleho bakeng sa ba bang. Bafetoledi le bahlophisi ba dingolwa ba matsatsi a kajeno ba shebane le diphephetso tse kgolo e seng feela ho latela tsebo le bohlale tshebedisong ya puo, empa le bohlaleng bo hlokahalang ho tsamaisa kgwebo ka katleho. Ofisi ya SATI e sa tswa amohela ditletlebo ho tswa ho ditho tse ngatanyana ka bakopi ba ditshebeletso ba sa lefeng hang ha phetolelo kapa tokomane e hlophisitsweng e se e fihlile matsohong a mokopi wa ditshebeletso. Mokopi wa ditshebeletso o kena poneng: melaetsa ya e-maile ha e sa arajwa, dinomoro dia kwalwa di-whatsapong le mehala ha e sa arajwa. Matsatsi a ho tlakasela a fetile (leha ho bile ho sa hlaka) hodima tumellano le ho dumellana ka ho hlompha dipehelo tsa tshebedisano-mmoho le konteraka. Dikemedi tsa ditshebeletso di sebetsa jwalo ka dikgwebo mme (di lokela) hoba le ditumellano tseo bakopi ba ditshebeletso ba di tekenang ha ba kopa ditshebeletso, empa le mohato ona ha o bolele hore bona, le qetellong mofetoledi/ mohlophisi/ toloko e itlammeng ho phetha mosebetsi, ba tla lefuwa. Kemedi e nngwe ya phetolelo eo e leng setho sa SATI e qhekanyeditswe ke moeletsi wa bohata a neng a ikgakantse jwalo ka lehokela la mokopi wa ditshebeletso. Mosebetsi o ile wa feela mme wa romelwa, empa kemedi ha e aka ya fumana tefo ya yona le ‘moeletsi’ a nyamela ka tjhelete yohle. Kemedi e nngwe e ile ya laelwa ho etsa mosebetsi mme mokopi wa ditshebeletso a inyamella ka phetolelo, ntle le ho lefa. Kemedi ya boraro e ile laelwa ho etsetsa mokopi wa ditshebeletso wa Europe mosebetsi mme ba o romela ka nako empa mokopi wa ditshebeletso a hana ho lefa ntle le ho fana ka mabaka, empa a ntse a batla ho etsetswa mosebetsi o mong. Kemedi e ile ya hana ho amohela mosebetsi o mong, empa e ntse e eso amohele tefo bakeng la mosebetsi oo e nehelaneng ka ona. Ha o sebetsa jwalo ka mofetoledi/mohlophisi/toloko ya ikemetseng, o batla o le tsietsing. Ha o itshebetsa, ho a tlameha hore ho be le mokgwa wa ho itshireletsa kgahlanong le ho hanyapetswa le ho se lefuwe ke bakopi ba ditshebeletso.

    https://mailchimp.com/help/about-the-general-data-protection-regulation/https://www.thedifferencecollective.com/how-can-freelancers-prepare-for-the-gdpr/https://www.markeluk.com/articles/gdpr-what-is-it-and-how-will-it-affect-small-businesses-and-freelancershttps://www.freelancermap.com/freelancer-tips/12222-gdpr2018https://blog.defrent.de/2018/06/dsgvo-rgpd-gdpr-defrents-deutsch-franzoesisch-englische-terminologie-des-eu-datenschutzeshttps://blog.defrent.de/2018/06/dsgvo-rgpd-gdpr-defrents-deutsch-franzoesisch-englische-terminologie-des-eu-datenschutzes

  • 3

    Ditho tse ding di boetse di tletleba ka bakopi ba ditshebeletso ba ba beang tlasa kgatello ya hore ba nehelane ka mosebetsi pele ho letsatsi leo ho ballanweng ka lona. E mong wa bakopi ba mosebetsi ba jwalo o ile a hatella mofetoledi ho nehelana ka mosebetsi pele ho letsatsi leo ho dumellanweng ka lona mme a tletleba ka hore mosebetsi ha oa etswa ka mokgwa o kgotsofatsang. Mofetoledi a se ke a lefuwa. Keletso ya rona ho ditho:

    E ba le tumallano e ngotseng fatshe e hlalosang ka ho hlaka letsatsi le nako eo mosebetsi o lokelang ho nehelanwa ka yona. Se ke wa fosa letsatsi le badilweng, empa le teng o se ke wa nehelana ka mosebetsi ka morao ho nako.

    Hlakisa hore mosebetsi o mong hape ho tswa ho mokopi wa ditshebeletso o keke wa amohelwa e le karolo ya tumellano. Tumellano e ntjha e tla hlokahala bakeng sa mosebetsi wa tlatsetso.

    Kgetha mokgwa wa peheletso le mokgwa wa ho lefa oo sebeletsang ka mokgwa o kgotsofatsang.

    Se ke wa nehelana ka phetolelo ya moshwelella kapa tlhophiso ya sengolwa pele o fumana tefo, haholoholo ha e le mokopi wa ditshebeletso e motjha eo o sa motlwaelang.

    Ka lehlakoreng la botoloki, akaretsa ditshenyehelo tsa hao tsa nako le maeto (ho tsamaya) konterakeng ya hao, mme o kope tjhelete ya ho beheletsa.

    Iteanye le ditho tsa SATI le basebedisi-ba-puo ba bang haeba o na le kgwao ka mokopi-wa-ditshebeletso e motjha. O ka fihlela hore mofetoledi e mong, mohlophisi kapa toloko o se a ile a sebetsana le ena mokopi eo wa ditshebeletso. Maemong a jwalo o eletswa hore o itlhokomele mme o se ke wa amohela mosebetsi ho tswa ho mokopi eo wa ditshebeletso. Ona ke molemo o ikgethang wa dikamano tse sa kgaotseng indastering le ho ba setho sa mokgatlo wa porofeshene jwalo ka SATI!

    Ditoloko di lokela ho iteanya le www.aiic.net bakeng sa mehlala ya dikonteraka tse seng di radilwe bakeng sa ditlhoko tse ikgethileng. Sebaka sena se boetse se na le maqeka le dikeletso bakeng sa ditoloko.

    Theresa Bender

    Mokopi wa hao wa ditshebeletso ha a lefe. O etsa jwang? Ho shebahala e ka ditho tsa SATI ka nako e nngwe di ba le mathata ka bakopi ba ditshebeletso ba sa ba lefeng. Ho thusa ditho tsa rona ka taba ya bakopi ba ditshebeletso ba sa lefeng, re ikopantse le CEO ya Lekgotla la Babokeletsi ba Mekitlane, Adv Adries Cornelius. O fana ka keletso e latelang ho ditho tsa SATI. Afrika Borwa hantlentle ho na le mekgwa e meraro eo mokitlane o ka fihlellwang ka yona: Ka kgato tsa molao, kgotla ya melato e fokolang kapa pokeletso tse bobebe ( ka tshebediso ya babokeletsi ba mekitlane). Phapang e kgolo pakeng tsa mehato ena e meraro, e itshetlehile hadima tsela eo ho hatellwang ho lefuwa ha mokitlane ka yona le mokgwa wa ditshenyehelo. A ke re shebisise kgetho tse latelang. Kgato tsa semolao Ka kakaretso kgato ya kgotla e hloka ditshebeletso tsa leqwetha. Ho ka etsahala hore o itsamaisetse ditaba ka bowena, i.e boemong ba hae moqosi o ntsha ditokomane tsohle tsa lekgotla tse hlokahalang. Hang ha karolo eo e se e phethetswe, moqosi o itlhahisa kgotla ho teka tletlebo ya hae le ho fumana kahlolelo. Ka mora hore kahlolo e diuwe, moqosi a ka ba boemong ba ho fumana lengolo la kgotla la ho phethisetswa le ntshitsweng ke lona lekgotla leo ho fumana e nngwe ya thepa ya moitshireletsi e hapuwa le ho rekiswa e le ho fihlella tjhelete eo lekgotla le e batlileng. Leha ho le jwalo ho na le bothata bo boholo bo amahanngwang le ho nka bohato o le mong. Ka tlwaelo, tshebetso ya molao, e radilwe hantle mme e ikamahanya le molao, hoo e hlokang mehato e nepahetseng ka mokgwa o nepehetseng le taelo ya ho atleha. Leha e ka ba ho kgeloha ho fokolang ho tswa tshebetsong ho ka felella ka taelo ya lekgotla moo moqosi a laelwang ho lefa ditshenyehelo. Phoso ya mofuta oo e le nngwe kapa ho feta e ka qetella e entse hore moqosi a lefe moitshireletsi ditshenyehelo tse fetang tse neng di badilwe. Ka hoo ha ho bohlokwa hore o ipuelle ka mokgwa ofe kapa ofe wa molao. Sena se bolela hore o ne o tla lokela ho sebedisa leqwetha ho fihlella mokitlane sebakeng sa hao. Tlhobaboroko e kgolo motjheng ona ke taba ya ditshenyehelo. Moqosi o jara boikarabelo ba ho lefa ditshenyehelo tsa leqwetha. Ditshenyehelo tseo, ho latela mofuta le boima ba nyewe, ho ka etsahala hore di fete boleng ba mokitlane. Molao o tlamang oo o lokelang ho o ela hloko: Ho latela tsela ya molao bakeng sa tefo eo o e kopang e ka tlase ho R50 000 ka kakaretso ha e tswele motho molemo wa letho mme o lokela ho batla mokgwa o mong. Ho feta moo hopola hore kgato ya semolao e ka ba taba e nkang nako e telele eo qetellong, leha kahlolo e fihlellwa, e ka kapa e kekeng ya fihlella mokitlane ka katleho. .

    http://www.aiic.net/

  • 4

    Kgotla la ditletlebo tsa mekitlane e fokolang Bakeng sa ditletlebo tsa mofuta ofe kapa ofe tsa mokitlane o ka tlase ho R15 000 ena ke kgetho e ka ananelwang. E hloka boikitlaetso ho tswa ho moqosi mme e qetella e le mokgwa o bebofaditsweng wa lekgotla o lokiseditsweng ho dumellana le motho ya lakatsang ho ijarela nyewe ka bo-ena. Melemo ya mokgwa ona ke e latelang: 1 Moqosi o aba ditokomane ka bo-ena. 2 Nyewe e mamelwa ka “kgotla” moo mahlakore ka bobedi a hlahisang mahlakore a ona. 3 Ha ho ramolao kapa leqwetha le ka emelang mang kapa mang mme ka hona ha ho ditshenyehelo tse

    lebeletsweng ho lefuwa. 4 Ha dintho di tsamaile hantle, moqosi o tla fumana taelo ya lekgotla e ka tlamang. Tshebetso ya ditletlebo tsa mekitlane e fokolang lokela ho fella ho R15 000 mme kopo ya mofuta efe kapa efe e ka hodimo ho palo ena e tla lokela ho nyahlatswa haeba ho latelwa motjha ona. Hona le dintlha tse ngatanyana tseo e leng tlhobaboroko ha ho lekolwa ho sebedisa mokgwa ona, mme tsena hangata di amana le taba ya ho nehelana ka ditokomane tse lokelang. Hangata ho ba boima hore moqosi a fumane ditlha tse nepahetseng tsa ho fihlella mobokeletsi wa mekitlane, ntle ho mokgwa o bobebe wa ho fihlella dintlha tsena. Pokeletso ya mekitlane ka mokgwa o bobebe Tshebediso ya molao e latelwa feela ha ho se ho se mokgwa o mong. Tefo ya mokitlane e fihlellwa ka ho sebedisa mehala, mangolo, melaetsa ya di-SMS le ho kenngwa mananeng a ba kolotang. Boholo ba batho ba nang le mekitlane ba bona ho kenya mabitso a batho lenaneng la lekala le ikarabellang ho tsa mekitlane, jwalo ka tshitiso e kgolo kaha ho sitisa phethahatso ya mesebetsi ya letsatsi ka leng. Hang feela ha motho a se a kentswe lenaneng, ha ho sa le bobebe ho fihlella mokitlane wa mofuta ofe kapa ofe. Thibelo ena e tla akaretsa ho tea mohlala, dikonteraka tsa di-cell phone, tshehetso ya ditjhelete bakeng sa ho reka makoloi, dikarete tsa mabenkeleng. Babokeletsi ba mekitlane ba boetse ba sebetsa tlasa molawana wa hore ha ba sa fihlelle mekitlane ha ba lefuwe. Ba atisa ho sebeletsa karolo ya lekgolo (moputso bakeng sa pokeletso) ya mekitlane e fihleletsweng. Tefo ena ho dumellanwa ka yona pele ho ka qalwa ka mosebetsi ofe kapa ofe. Ho sa kgathallehe mehato e nkuwang ho fihlella mokitlane, ha ho tefiso ntle ho moputso wa pokeletso oo ho dumellanweng ka ona e lokelang ho lefuwa ke moqosi. Ke feela ka mora hore mobokeletsi wa mokitlane a lekole mekgwa yohle e bobebe ya ho bokeletsa, a ka nahanang ka kgato tsa molao. Mohato ona o ka tjhaellwa monwana ke moqosi. Mantswe a ho qetela Ke na le maikutlo a hore ho molemo ho qala ho bokeletsa mekitlane e saletseng morao ka ho latela mokgwa o bobebe wa ho bokeletsa mekitlane, pele o ka nka qeto ya ho nka kgato ya molao. Boholo ba batho ba nahana hore, ha ba hlola nyewe lekgotleng la molao, taelo ya ditshenyehelo eo ba e newang e ka bolela hore ha baa lokela ho jara ditshenyehelo. Leha ho le jwalo, bonneteng ha ho jwalo. Molao o tlwaelehileng ke hore o tla boellwa ke ntho e ka etsang 50% ya ditshenyehelo tsa hao le maemong a itseng 75%. Bonneteng, baqosi ba bang ba qetella ba lahlehetswe ke tjhelete leha kgato ya bona ya molao e atlehile. Kgato ya semolao ke tshebetso e tsamayang butle. Kgahlanong le seo, babokeletsi ba mekitlane ba batla ho bona sephetho ka nako e sa fediseng pelo, ka ha ba sebetsa ka mokgwa wa ho se lefuwe ha ho se tjhelete e kenang. Leha ho le jwalo, ho na le ho hong ho lokelang ho elwa hloko. Hangata babokeletsi ba mekitlane ba kgetha ho sebetsa ka mekitlane e mengata e saletseng morao; ba hloka ho hlahisa palo e hodimo ya tjhelete e bokeleditsweng pele moputso wa bona o ka etsa hore kgwebo ya bona e be e ikemetseng ka ditjhelete. Haeba motho e a na le mokitlane o le mong o sa lefuwang, kapa palo e seng kae ya mekitlane e sa lefuwang, mobokeletsi wa mekitlane a keke a ba le kgahleho ya ho etsa mosebetsi oo. Pokeletso ya mekitlane ka hoo ka mohlomong ke kgetho e molemo bakeng sa kemedi ya SATI kapa koporasi le ditho tsa mokgatlo, empa e seng ha kaalo bakeng sa ditho tsa SATI tse ikemetseng ka botsona. Haeba o itlama ka ditshebeletso tsa mobokeletsi wa mekitlane, ka kopo lekola hore na mobokeletsi wa mekitlane o ngodisitswe ka molao Lekgotleng la Babokeletsi ba Mekitlane (www.cfdc.org.za). Ditho ka bomong tse nang le akhaonte e le nngwe kapa tse pedi tse saletseng morao tse mabitsong a tsona di eletswa ho atamela lekgotla la melato e fokolang, ba ntse ba hlokometse hore molato ka mong o keke wa feta R15 000 (http://www.justice.gov.za/scc/scc.htm).

    Eleanor Cornelius

    http://www.cfdc.org.za/http://www.justice.gov.za/scc/scc.htm

  • 5

    Seo lekgotla la SATI le ofisi di se entseng kgweding ena … 1 SATI e ile ya eba le ketsahalo ya ho hokahana tshebedisanong mmoho le National Press Club ka la

    23 Phato, moo modulasetulo wa SATI, Eleanor Cornelius, a ileng a fana ka puo ho baqolotsi ba ditaba. Ketsahalong eo ditho tsa SATI di ile tsa sebedisa disebediswa tsa botoloki ba ho buela fatshe e le ho pepesa tshebetso ya botoloki ho baqolotsi ba ditaba mme diphuthelwana tsa dibuka di ile tsa ajwa e le meputso ho ba lehlohonolo. Re boetse re phatlaleditse baqolotsi ba ditaba letsatsi la tswalo la SATI la bo-62, Letsatsi la Matjhaba la Phetolelo, Seboka sa Boraro sa Mongwahatharo le Dikgau tsa SATI tsa Boipabolo bakeng la Phetolelo le Di-dikeshenari.

    2 Ka la 25 Phato re ile ra tshwara moketja wa boithabiso wa dijo wa tsatsi la tswalo Blue Grane Restaurant Pretoria.

    3 Re dula re sebetsa ka thata ho phethela ditlhophiso tsa Seboka sa Boraro sa Mongwahatharo. Sena se akaretsa ho phethela ditlhophiso bakeng sa dibui tsa letsatsi tsa matjhaba, moketjana wa kabo ya dikgau, ha mmoho le ketelo tsa dibui tsa matjhaba diyunivesithing tse itseng tsa Afrika Borwa tse akgang UJ, Stellenbosch Univesity, Unisa le North-West University (tshebedisanong mmoho le Lekala la SATI la North-West).

    4 Setho sa Lekgotla, Linda Botha, le modulasetulo wa SATI ba ile ba emela SATI thupellong ya matsatsi a mabedi ya Scientific Advisory Committee (SAC) ya SADiLAR Centurion kgweding ena.

    5 Komiti ya tjhaellomonwana ya SATI(AC), tlasa ketello pele e matla ya Wannie Carstens, e ile ya kopana pejana kgweding ena mme hape ka la 20 Phato ho tshohla dintlha tsa bohlokwa tse amanang le mokgwa wa tjhaellomonwana wa SATI. Ho tloha jwale mekgwa e itseng e tla hlophiswa botjha mme re na le bonnete ba hore ditho tsa rona di tla ananela ntlafatso ena.

    6 Molaodi wa Tjhaellomonwana wa SATI, Erica du Preez, o lekile sohle se matleng a hae ka Phupu le Phato ho theha lekala la Kolone Botjhabela la SATI ho tloha fatshe. Dikgetho di ile tsa tshwarwa mme komoti ya tsamaiso e se e le teng!

    7 Modulasetulo wa SATI o nkile karolo kopanong ya lekgotla ya Federeshene ya Matjhaba ya Bafetoledi (FIT) kgweding ena.

    8 Modulasetulo wa SATI o ile a ba teng moketjaneng, Inkstories, o neng o entswe ke ATKV ka la 15 Phato, ho emela SATI.

    Diketsahalo tsa SATI 2018 Sheba ka tlase bakeng sa lesedi le leng le mabapi le diketsahalo tseo Lekgotla la SATI le ntseng le sebetsana le tsona kapa le o kgothaletsang tsona. Dintlha ka botlalo di tla latela ha di fumaneha, empa hajwale o ka tshwaya matsatsi ana, e le ho etsa bonnete ba hore ha ho letho le kenakenanang le ntshetsopele ya porofeshene e tswelang pele le menyetla ya ho kopana le ho buisana le bomphato ba lona. Phato 25

    SATI – Moketjana wa rona wa dijo wa ho qeta dilemo tse 62

    Lwetse 8

    Kopano e Akaretsang ya Selemo (AGM) ya SATI Free State

    15 SATI North West – A ‘prepare for the academic season’ working session moo e mong le emong a tlang le mehlodi/mathata le dipotso tsa hae mme re fumana dikarabo mmoho (ka tataiso ya ditsebi tsa puo).

    28 – 29 Seboka sa SATI & Kabo ya Dikgau Ketsahalo ena e tla akaretsa ho ketekwa ha Letsatsi la Matjhaba la Phetolelo. E tla ba Emperors Palace.

    Mphalane 13

    SATI North West le PEG Potchefstroom ka tshebedisanommoho, ba hlophisa ketsahalo e mabapi le careers in language practice

    16 Ketekelo ya pokeletso ya mantswe le tlhaloso ya ona (A lexicographic celebration) – bakeng sa Letsatsi la Matjhaba la Dikshenari – ketsahalo e tshwayang mosebetsi wa Dikarolo tsa Setjhaba tsa Pokeletso ya Mantswe le Tlhaloso ya ona SA ea rerwa.

    Pudungwane 10

    SATI Free State – Forensic Linguistics colloquium

  • 6

    Diketsahalo tse ding Open book festival 5-9 Lwetse The Book Lounge le the Fugard Theatre Cape Town

    www.openbookfestival.co.za.

    Sehlopha sa tshebetso sa FIT sa Phetolelo ya tsa Molao le Botoloki (The FIT Task Force for Legal Translation and Interpreting) (LTI) tshebedisanong mmoho le ATICOM se hlophisa Foramo ya tsa Molao ya Matjhaba ya bo-13 “Phetolelo ya tsa Molao le Botoloki Lefatsheng le Fetohang Sebopeho: Thekenoloji – Ho fokotsa – Dinako tsa Tshebetso “ mme se mema bafetoledi, ditoloko, barutehi, bafuputsi, baithuti le basebedisi-ba-puo ho ba teng foramong Gustav-Stresemann-Instiin (www.gsi-bonn.de/en) Bonn, Germany, ho tloha ka la 6 ho isa ka la 8 Lwetse. Dintlha ka botlalo: https://aticom.de/fit-ilf-2018/en/. Ho beheletsa ho buletswe ho fihlela ka la 27 Phato.

    Mokgatlo wa bafetoledi ba tsa Science le Thekenoloji wa Serbia (The Association of Scientific and

    Technical Translators of Serbia) o o memela sebokeng sa matjhaba sa science tlasa mookotaba:

    Phetolelo le Baahi – bafetoledi le Diphephetso tsa Sehla sa Dilemo tse Seketse sa Boraro. Ka la 5 le

    la 6 Mphalane I Belgrade.

    Dintlha tse feletseng di fumaneha ho https://savetovanje.prevodi.rs/en se Seboka se tla tshwarelwa Hotel Palace bohareng ba Belgrade, haufi le setsi se kgethetsweng ditaaso, diemahale tsa nalane ya naha le kgohedi tsa botjhaba le boithabiso. Hlokomela hore barumuwa ba lokelwa ke nyehlisetso ya ditefiso tsa bodulo Hotel Palace bakeng sa nako ya seboka. Ha o beheletsa bodulo, o lokela ho hokela boitsebiso ASTTS – ya seboka e le hore o fumane theolelo. Dintlha ka botlalo di boetse dia fumaneha webosaeteng.

    Diphatlalatso Reception Studies and Audiovisual Translation

    E hlophisitswe ke Elena Di Giovanni le Yves Gambier

    Ho fihla ha nako ya dithuto tsa phetolelo ka ho mamela le ho bona ho tlisitse

    kgatelopele e neng e hlokahala ya dithuto tse shebaneng le babohi, kutlwisiso ya

    bona, kgahleho kapa ho nyatsa se ba fihlelang ka tsela ya phetolelo. Leha ho le

    boima ho etsahatsa, dithuto hodima kamohelo ya dibuka tse fetoletsweng ka

    mokgwa wa ho mamela le bona di nehelana ka setshwantsho se hlakileng ka

    mokgwa o ikgethang, sa bophelo le kamora bophelo ba dibuka tsena. Buka ena e

    nehelana ka kakaretso e tebileng le ho akaretsa kakaretso ya dithuto tsa

    kamohelo tse amanang le phetolelo ka ho mamela le ho bona, le ho fihlellwa, ho

    tswa ho lehlakoreng la nalane ya puo le tshebediso ya puo nakong ya jwale. Ha o

    tsepamisa maikutlo hodima mahlale ohle a phetolelo ka ho mamela le ho bona le

    ho akaretsa mekgwa ya kgopolo-taba le tshebediso ho tswa phetolelong, ditabeng

    le dithutong tsa ditshwantsho, sepheyo ke ho ba mohlodi ho baithuti le bahlalefi ho

    phatlalla le makala ana.

    https://openbookfestival.us1.list-manage.com/track/click?u=5833665003a109f8929f8f568&id=f7b0659c91&e=fd016844aehttps://aticom.de/fit-ilf-2018/en/https://savetovanje.prevodi.rs/enhttps://www.iatis.org/index.php/news/item/1752-new-publication-reception-studies-and-audiovisual-translation

  • 7

    Translating and Interpreting Justice in a Postmonolingual Age

    E hlophisitswe ke Esther Monzó-Nebot le Juan Jiménez Salcedo

    Buka ena ke teko ya ho atolosa meedi ya tshebediso ya leleme leo e seng la

    lapeng e le motheo wa ho batlisisa kgonahalo ya phetolelo le botoloki e le ho

    hokahanya boholo ba phedisano le botjhaba ba baahi ba phelang mmoho kajeno.

    Kakanyo tseo e leng phephetso e kgolo ka karolo e bapalwang ke phetolelo le

    botoloki, diphehiso tse bokeleditsweng bukeng ena di tsepame hodima kutlwisiso

    ya kgokahano ya merabe le kgokahano ya botjhaba jwaloka motjha le jwaloka

    tlhokeho ya toka ho baahi le ntshetsopele ya mekgwa e nepahetseng. Ho tswa

    mekgweng e fapaneng empa e nyallanang, boiphihlelo bo bonwang le melao e

    teng le metheo ya molao-taolo di lekolwa ka botlalo e le ho hlakisa tlhokeho ya

    melao-taolo ya phetolelo le botoloki boemong ba molao le dibaka baahing ba

    merabe e fapaneng. Bafuputsi le baetsi-ba-melao-taolo lefapheng la dithuto tsa

    phetolelo le botoloki, merabe e fapaneng le thuto, le puo le melao-taolo ya

    phapano di tla fumana tsela e kgothatsang mabapi le ka moo phetolelo le botoloki

    tsa molao le dibaka di ka thusang ho fihlella sepheyo sa baahi ba demokerasi.

    Kgoweletso ya dingolwa Audiovisual Translation outside Europe

    Kgoweletso ya Book Chapter Proposals

    Mapomelo: 20 Hlakola 2019

    2nd International Congress on Translation, Interpreting and Cognition

    Germersheim, Germany, 4-6 Phupu 2019

    Mapomelo: 1 Hlakola 2019

    Tse kgahlisang

    Seboka sa Matjhaba sa bo-6 sa

    IATIS se ile sa tshwarwa ho tloha ka la 3-6

    Phupu 2018 Hong Kong Univesithing ya Baptist.

    Diteboho bakeng la mamello, ho sebetsa ka thata, ho tsepamisa maikutlo ntlheng ka botlalo, kamohelo e

    mofuthu le tshebedisanommoho ya komiti e hlophisitseng le baithuti ba baithaopi; bakeng la boipabolo le

    mefuta e fapaneng ya dipampiri le tlhahiso ya tsona; le matleng, tjheseho e kgolo le boithatelo bo botle ba

    barumuwa le bankakarolo, seboka e bile katleho e kgolo. Ke na le bonnete ba hore ka bongata ba dipuisano

    tse tsotehang tse tletseng bophelo, setswalle se teng le dikamano tse ileng tsa ntjhafatswa le hoja setswalle

    se setjha le dikamano di ile tsa thewa, mme bohle ba ileng ba eba teng ba ile ba hlaboloha le ho matlafala

    ke menyetla e hlophisitsweng le e sa hlophiwsang ya ho tshohla mehopolo, ho arolelana diporojeke tsa

    diphuputso tse tswellang pele le ho tshohla meralo e metjha. Diketsahalo tse ikgethang di akareditse

    thupello tse tlang pele ho seboka; mmino le metjeko moketeng wa ho amohela baeti; tlhahiso ya kgau ya

    Martha Cheung bakeng la Athikele ya Senyesemane e hlwahlwa Dithutong tsa Phetolelo ka Early Career

    Sholar; nako ya dijo tsa motsheare nako ya kabelano hodima phatlalatso ya tsa thuto; ho lekodisiswa ha

    Cultural Night setshwantsho se sekgutswanyane le ho bulwa semolao ha dipontsho tsa bonono le

    boithapollo, “Translation Zone(s): Constellations”; mmoho le seboka sa dijo tsa mantsiboya se tletseng

    thabo le monyaka. Ho ya ka nna, sena sohle se ile sa sesefuwa ka ho se hlake ho neng ho tliswa ke ho nanya

    ha jet , bosiu bo boholo ho tsamaya ho tjhesa ho ya setesheng sa metro, di pula tsa matlopotlopo le di-

    lychee tse phodileng tse sa tswa kgolwa bakeng la dijo tsa hoseng..

    https://www.iatis.org/index.php/news/item/1764-translating-and-interpreting-justice-in-a-postmonolingual-agehttps://www.iatis.org/index.php/news/calls-for-papers/item/1751-avt-outside-europehttps://www.iatis.org/index.php/events/item/1763-https-traco-uni-mainz-de-2nd-international-congress-on-translation-interpreting-and-cognition-2018

  • 8

    IATIS e tsitlallela, ka mohato o mong le o mong wa molao-taolo le tshebetso, hore ka hohlehohle e be

    boemong ba matjhaba, le ho ba mokgwatlo o sa kgetheng nku ka pere (moo bohle ba lekanang ka maemo).

    Seboka se mpontshitse hore tjhebelopele ena ya ho thaotha ditho e tswela pele ho arolelanwa ke ditho tsa

    rona kajeno, mme ke ne ke le motlotlo ho ba karolo ya baahi. Ke leboha bao ba ileng ba nkatamela le ditho

    tse ding tsa Lekgotla-taolo ho tshohla mekgwa ya ho kenya letsoho mosebetsing wa IATIS; re tla sebetsa

    mmoho dibekeng le dikgweding tse tlang, mme ke lebeletse seo. Meralo e se e le motjheng bakeng sa

    seboka sa matjhaba sa bo-7 se tla tshwarwa ka Phupjane 2021 University of Cyprus Nicosia. Ke lebeletse

    ho le bona moo.

    Sue-Ann Harding, Queen’s University Belfast

    Chair of the IATIS Executive Council

    Botho Ditho tse ntjha: Melody LIN, Kaela Kyalu, An-Mari Fouché, Dineo Mphiwe, Petronel Fourie,Grace Kutekala, Cecilia Mashibini, Sibongile Msimango, Didier Bwerevu, Adrie van Eeden, Fernanda De Paiva, Grace B Mundela, Murry Walker, Tracy Sprott-Grandin Tse boyileng sekwele: Stef Ferreira Letlole la ntshetsopele: Dorothy Selibas, Fiona Capstick; Isabel Catalano, Tony Ferreira, Grace Mundela, Didier Bwerevu, Richard Mokoena

    Kakaretso ya dipatlisiso ho SATI SATI e amohetse dikopo tse 15 bakeng sa basebedisi-ba-puo ka Phupu 2018, ho akaretswa mefuta e fapaneng ya ditshebeletso tsa puo metswakong e 13, jwaloka ha ho bontshitswe dikerafong tse ka tlase.Dikopo di amohetswe ho tswa ho maqwetha, Lekala la Temo, Meru le Thuo ya ditlhapi, baejiniri, batho ka bo mong, dikemedi tsa phetolelo , National Prosecuting Authority, seroki, le lekala la yunivesithi.

    0 1 2 3 4 5 6 7 8

    Phetolelo e hlapantshitsweng

    Phetolelo ka kakaretso

    Botoloki ka tatellano

    Botoloki boo toloko e tolokang sebui se ntse se bua

    Tlhophiso

    Tshebeletso ka nngwe - Phupu 2018

    http://www.ucy.ac.cy/en/

  • 9

    Tlhophiso ya Senyesemane: Jenny Lake Phetolelo ya Seafrikaanse: Isabel Swart, Gretha Aalbers

    Phetolelo ya Sesotho: Vuyelwa Miya Phetolelo ya Sepedi : Khutso Senyatsi

    0 1 2 3 4 5 6

    Sezulu

    Sexhosa

    Spanish

    Sesotho

    Mandarin

    Sejapane

    Setaliana

    Sehungari

    Sefora

    Sedatjhe

    Setjhaena

    Searabia

    Dipuo tsohle tsa SA

    Seafrikaanse

    Puo ka nngwe - Phupu 2018

  • 10

    Sehlomathiso se ikgethileng: Ho hlahiswa ha setho sa Lekgotla la SATI

    Mang …?

    Linda Botha

    Mosebetsi wa jwale / Sebaka sa tshebetso

    Monga khamphani ya ditshebeletso tsa dipuo

    Ke nako e kae o na le seabo SATI?

    Ke bile Lekgotleng la SATI nakong ya dielemo tse pedi tse fetileng. Mme

    ke bile setho nako ya dilemo tse ngata – ha ke na bonnete ba hore na ke

    nako e kae!

    Tjhebelopele ya hao ke efe ka SATI mme seabo sa hao se tla beha ditholwana tseo jwang?

    Ke inehetse Lekgotleng ho fana ka diphehiso ho tswa lehlakoreng la ditaba tsa kgwebo, ka hoo ke lakatsa

    ho nahana hore ke nyehela ka ho fana ka lehlakore la dintho jwalo ka ha le le jwalo. Hangata, bophelong

    dintho ha di tsamaye ka moo di lebeletsweng ka teng, mme kgwebo ya dipuo e dula e na le diphephetso tse

    ngata tse fapaneng. Boiphihlelo boo ka nako e nngwe bo itlela feela ha o sebetsana le ditaba tsa SATI.

    Tjhebelopele ya ka ka SATI ke hore e lokela ho kgotsofatsa ditlhoko tsa basebedisi-ba-puo (ho akaretswa le

    dikemedi tsa ditshebeletso tsa puo) le bakopi ba ditshebeletso ba bona ka ho nehelana ka mokgwa le

    boleng indasetering e le hore mosebetsi wa rona o fumane kanaelo e o lokelang. Ka bonna ke leka sohle se

    matleng aka ho thusa hore seo se phethahale ka dikeletso tsa ka tabeng tse sebeletsang Lekgotla.

    Tse kgahlisang, ditlwaelo le lelapa

    Kutlwisiso ya ka ya lehodimo Lefatsheng mona ke ho ikgara betheng ke bala buka letsatsi lohle. Haeba ke

    sa bale ke rata ho pheha, hoo, ke nahanang hore ke katoloso ya tlhaho ya tse ding tseo ke ratang ho

    kganna nako ka tsona: ho ja. Kea mathamatha le dintja tsa ka boholo ba matsatsi, ka nqa e nngwe e le ho

    qoba ditlamorao tsa seo (ho ja). Bophelong bo bong ke ne ke ratile ho ba seahi: lenaneo leo ke le ratang

    haholo TV ke Grand Designs. Ke nyetswe ke moratuwa wa ka wa bonyaneng mme re ntse re le mmoho ( ka

    mohlolo – re mohlala o phelang wa hore ‘tse sa tshwaneng dia hohelana ’). Mmoho re ahile karolo e kgolo

    ya ntlo ya rona ka matsoho a rona, ka hoo ke nahana hore motho a ka re seo e bile takatso ya ka – ka ho

    phehella – bakeng la dilengwana tse seng kae tse fetileng! Re na le moradi le mora, ka hodima dintja,

    dikatse, dikgoho le tlhapi ya koi.

    ‘Dintlha tsa boswaswi’ – se seng se kgahlisang ka wena seo batho ba sa se tsebeng.

    Ke rata ho kopa difate ka matsoho aka. Mohlomong ke ka baka la oxygen e ngata hara tsona

    Lepetjo la hao ke lefe bophelong?

    Phela motsotsong .

    Ke keletso efe e bohlokwa eo o kileng wa e fumana?

    Tsoha letsatsi ka leng mme o etse 1) seo o lokelang ho se tsa,2) o ka se etsang, le 3) seo o lakatsang ho se

    etsa bakeng sa letsatsi. Ha boraro bona bo dumellana, ke tlotla. Ntle ho moo – lelala o tswele pele!