tlhahisong ya koro hara balemi ba banyane · ngatafalo ya mahlaka – e etsahala dibeke tse ka bang...
TRANSCRIPT
Tlhahisong ya koro hara balemi ba banyane
Small Grain Institute
Agricultural Research Council
Private Bag X 29
Bethlehem
9700
2
Kananelo
Batho ba bangata setsing sa dijothollo tse nyane ba nang le tsebo tse fapaneng ba thusitse ho
ngolweng buka ena, mme teboho ya rona ya nnete re e lebisa ho bona. Ke bana ba latelang:
Mr Willem Kilian Mookamedi wa Tlhahiso Mekgwa ya Tlhahiso
Dr Astrid Jankielson Setsebi ka Dikokwanyana Tshireletso ya Dimela
Dr Goddy Prinsloo Setsebi ka Dikokwanyana Tshireletso ya Dimela
Dr Vicki Tolmay Setsebi ka Dikokwanyana Tshireletso ya Dimela
Dr Willem Otto Setsebi ka Dijalo Mekgwa ya Tlhahiso
Dr John Tolmay Setsebi ka Tukiso ea Mobu Mekgwa ya Tlhahiso
Dr Annelie Barnard Setsebi ka Popeho ya Dijalo Ntlafatso ya Dimela
Dr Eben von Well Setsebi ka ho Tswadisa Dimela Ntlafatso ya Dimela
Buka ena e fetoletswe ho tloha Senyesemaneng ho isa Sesothong, mme ba thusitseng ebile Dr
William Tsiu wa Yunivesiti ya Afrika Borwa, Ntate Moses Paseka Ncala le mme Joyce Mebalo ba
Setsi sa Dijothollo tse nyenyana. Re leboha bohle ba bangata ba thusitseng ho ngolweng ha buka ena.
3
Tse kahare
1.0 Selelekela 5
2.0 Dikarolo tsa semela sa koro 6
3.0 Kgolo le tswelopele ya dijothollo 8
4.0 Ditlhoko tsa tikoloho 14
5.0 Mekgwa e sebediswang temong le dimeleng 16
6.0 Tshireletso ya dijothollo 32
7.0 Poloko ha mmoho le thekiso 58
8.0 Dihlomathiso 61
4
1.0 Selelekela
Kgwebo ya Koro Afrika Borwa
Koro ke sejothollo sa bohlokwa, mme ke sa bobedi se latelang poone ho ya ka tlhahiso le sebaka
moo se jalwang teng. Koro e jalwa sebakeng se etsang makgolo a supileng a metso e mehlano a
dikete ho isa milioneng ya dihekethara, e leng se hlahisang palohare ya selemo ya ditone tsa milione
e le nngwe le halofo ho isa ho dimilione tse peli le halofo. Diprovense tse hlahisang koro ke
Foreisetata, e latelwe ke Kapa Bophirimela le Kapa Leboya. Tlhahiso ya diprovense tse ding ke e
nyane. Ditlhoko kaofela tsa koro Afrika Borwa ke ditone tse pedi le halofo tsa dimilione, e leng palo
e phahameng ho feta tlhahiso ka kakaretso. Hore Afrika Borwa e kgone ho fihlella ditlhoko tsa yona,
koro e romellwa ho tswa Argentina, Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika, Jeremane, Canada, Ukraine
le United Kingdom.
Koro ea bohobe e hlahiswa e le ngata papisong le koro e sebeliswang ho etsa lijo tse ling. Koro ena e
sebedisetswa ho etsa maqebelekwane, diphaphatha, dikuku le dino tse lomositsweng tsa jwala.
Mofuta o mong wa koro ona o sebediswa ho etsa biscuits, pasta, macaroni, noodles le couscous.
Dihlahiswa tse ding tse tswang ho yona ke dijo tsa diphoofolo, mohlala; lehlaka le moroko kapa
semelese. Koro ke mohlodi o theko e tlase wa dimatlafatsa mmele, dihaha mmele tse ka kgonwang
ke batho ba bangata. Dijothollo tsa koro di fupere dimatlafatsa mmele, dihaha mmele, mafura le
dithibela mafu.
Mohlodi wa koro le ho phatlalla ha yona
Ho kgolwa hore koro e ne e qale Botjhabela bo Haufi, mabatoweng ao kajeno a nkilweng ke Syria,
Turkey, Afghanistan, Iraq le Iran. Dijothollo tsa koro ya lapeng di ile tsa fumanwa masalleng a kgale
a ditshibollo Ali Koshi ho la Iranian Khusistan, ho tloha kgale dilemong tsa bo 6500 pele ho Kreste,
ha mmoho le Anatolia ho la Turkey, ho tloha kgale dilemong tsa bo 5500 pele ho Kreste.
Ho lengwa ha koro ho ile ha phatlalla ha ba ha fihla India, Pakistan le China ka Botjhabela, ha fihla
mafatsheng a Mediterranean ka Bophirimela, U.S.S.R. ha mmoho le mafatshe a mang ka Leboya.
Mona Afrika Borwa Jan van Riebeeck o e tsebahaditse mahareng a mongwahakgolo wa sekete
makgolo a supileng nakong ya ho fihla ha hae Kapa ka 1652. Ka mora moo, e ile ya phatlalla ya ba
ya fihla Diprovenseng tsa Kapa Bophirimela, Kapa e Borwa Bophirimela le Foreisetata.
5
2.0 Dikarolo tsa semela sa koro
Koro e tswa lelapeng la majwang jwalo ka poone le mabele, molokong wa dijothollo tse nyenyane.
Ke semela se tlwaelehileng, se nang le metso, mahlaka a nang le makala, mahlaku, dipalesa le peo.
Setshwantsho 1 se bontsha dikarolwana tsa kgolo tsa semela sa koro.
Metso – Semela sa koro se na le mefuta e mmedi ya metso, e leng e qalang peong le e tswang ka
thoko. Ka bobedi e qala ho ba teng hoba peo e qale ho mela. Nakong ya ho mela ha peo, metso e
qalang peo e boela e hlahisa e meng hape e mene ho isa ho e tseletseng e tswang ka mahlakoreng.
Tsena kaofela di hlahisa sehlopha sa metso ya sehloho se tla hola ho fihlela dimithareng tse pedi ka
botebo le ho tshehetsa semela ho fihlela metso e tswang maqhutsung ka mahlakoreng e hlaha. Metso
e hlahang ka mahlakoreng e amana le mahlaka a holang mme a bonahala ha ho hlaha lehlaka la bone.
Papisong le metso e tswang peong, ena e tswang mahlakoreng e metenya, mme re ka re e hlaha e
rapame. Metso ena e rapameng e tswela pele maqhutsung a tlasetlase, a mararo ho isa ho a supileng a
semela. Metso e tla hlaha maqhutsung a ka hodimo, e leng ka hodima mobu, e ka nna ya sitwa ho
kenella mobung, mme ya qetella e tshwana le mahlakanyana a makgutshwanyane, a hlahang kutung
ya semela.
Kutu – Kutu ya semela sa koro e fapana ka bophahamo, e leng se itshetlehileng feela ka mofuta wa
peo. Maqhutsu a mane ho isa ho a supileng a mahareng a lekala, a a lelefala, mme a etsa dipalesa.
Kutu e nkile sebopeho sa sedikadikwe, e tiile, e na le maqhutsu, mme ebile e na le maqhutsu a
mahareng. Ho lelefala ha maqhutsu ho tswela pele ho fihlela ho lekane. Maqhutsu a mahareng a
lelefala jwalo ka bolelele ho tloha kutung ho fihlela leqhutsung le hodimodimo le jarang hloho.
Maqhutsu a tlasetlase a makgutshwanyane ho feta a hodimo. Matla a kutu a bohlokwa mabapi le ho
jara hlohwana eo ebang ha ho jwalo, e ka nnang ya putlama. Mahlaka a hola ho tloha kutung tlasa
mobu, mme palo ya mahlaka semeleng e ka ba pakeng tsa hlano ho isa ho mashome a mabedi, ho ya
ka mofuta wa peo, palo ya dimela, matsatsi a ho jalwa le menontsha. Mefuta ya dipeo tsa mariha e
hlahisa mahlaka a mangata ho feta mefuta ya peo ya selemo ka baka la serame se hatsetsang peo le
ho potlakisa ho hlaha ha dipalesa.
Lehlaku – Lehlaku le na le lekgaba, karolwana e tshesane e tlohang karolong e ka hodimo ya
lehlaku, hlohwana le kgohlopo. Lekgaba le lelelele, le lesesanyane, mme le ntse le ba lesesanyane
haholo ho ya ntlheng. Kgohlopo e ithatela ka kutu ho tloha leqhutsung ho ya tlase, ha ka lehlakoreng
le leng e ena le ligule e e hokahanyanang le lekgaba le leketlileng. Mahlakoreng a dikgokahanyo ho
teng lera le lesesanyane. Karolo ya lehlaku e hokahaneng le kutu e ba tenya, mme e etsa leqhutsu le
6
thata.
Hlohwana – Tlhophiso ya dipalesa e atisang ho bitswa hlohwana e na le dikarolo tsena; mofollelo,
dipalesana, floret, makgapetla, makgapetlana le peo. Mofolelo ke lehlaka le matswedintsweke leo ho
kgomeleditsweng dipalesana ho lona, mme le fumanwa karolong ya qetelo ya kutu. Ho teng phapano
e itseng mabapi le boholo le kgolo ya hlohwana, moo re lemohang hore dipalesana tse kgolokgolo,
tse tswetseng pele ka ho fetisisa di fumanehang karolong e hare ya hlohwana. Maemong a seng matle
a kgolo, dipalesana tse tlasetlase hammoho le tse hodimodimo hlohwaneng di ka nna tsa tswelapele
ka mokgwa o fokolang, mme tsa hloka dipalesa tse nonneng. Palesana e na le dibopeho tse pedi tsa
kgohlopo, e leng makgapetla le makgapetlana a ka hare a tshireleditseng botona le botshehadi ba
palesa. Tse bopang botona ke thutswana e leng kgutshwane haholo, hammoho le mokotlana oa
phoofo ea botona o mosehla. Mokotlana o fupere phoofo e ngata sebakeng sa ho tswadisa.
Botshehadi bo entswe ka popelo e fupereng lehe le le leng, molomo o amohelang phoofo ea botona
le lelana le fitisang phoofo.
Ha ho atamela nako ya ho etsa dipalesa, tlhophiso ya dipalesa e se e phethahetse ka hohlehohle.
Phoofo ea botona le lehe popelong dia kopana mme peo e qaleha ho bopeha e hola. Ka mora ho
kopana ha phoofo ya botona le lehe palesa e ya buleha, mme mokotlana oa phoofo ya botona o ya
tswa o leketle. E ka ba karolo ea mashome robedi tselela lekgolong ea dipalesa tse thunyang nakong
ya motsheare. Dipalesa di ba ntle haholo mofuthung o mahareng a 130C le 250C. Semela sa koro ka
bongwe se kgona ho itsella phoofo ya botona leheng ka bo sona paleseng le hoja karolo e ka bang
ngwe ho isa nne lekgolong e ka nna ya fumana phoofo ya botona semeleng se seng sa koro ka
phapanyetsano. Nyalano ya phoofo le lehe di qala bohareng ba hlohwana ho ya tlase le holimo.
Peo – Peo ya koro ke tholwana e ommeng. Karolo e ka morao e boreledi, ha e ka tlase yona e na le
lepatso le tebileng. Peo ena le pelo le sesiu sa phoofo. Pelo e ntlheng e nngwe ya lehlakore le leng la
peo ea koro, ha ka ho le leng qetellong e na le meritshana. Pelo e akaretsa metso e sa bonahaleng ka
mahlo le lehlaka le le nyenya le sa bonahaleng ka mahlo, e be lera le ntsa lero. Scutellum ke karolo e
thusang ho meleng ha peo, hape e monya ditswekere tse qhibidihang tse tswang sesiung sa phoofo.
7
Setshwantsho 1: Semela sa koro
8
3.0 Kgolo le tswelopele ya dijothollo
Semela sa koro se feta mehatong e mmalwa ho tloha ho meleng ha peo ho isa kgolong e
phethahetseng. Ka kakaretso, mehato e mene, e leng ngatafalo ya mahlaka, ho lelefala ha kutu,
hlohwana le ho tlala ha yona, hammoho le kotulo.
Ngatafalo ya mahlaka – E etsahala dibeke tse ka bang tshelela hoba peo e mele, mme ena ke nako
ya ho hlaha ha mahlaka a ngata, e leng karolong e mahareng pakeng tsa kutu le metso. Mefuteng ya
dipeo tsa mariha, mahlaka a mangata a ba teng ho feta dipeong tsa selemo, lebaka ke hobane serame
se thusa hore semela se hatsele, mme sena se thusa ho hlahisa lero le thusang ngatafalong ya mahlaka
ana. Bolelele ba letsatsi le bona bona le seabo se seholo ngatafalong ya mahlaka. Mahlaka a eketseha
ka mahlakoreng ho ena le ho hola a lebile hodimo. A mang a mahlaka a hlahisa dihloho.
Setshwantsho 2 tlase mona se bontsha mohato wa ho hlaha ha mahlaka.
Setshwantsho 2: Ho hlaha ha mahlaka
Ho lelefala ha mahlaka – Ho nka nako e ka bang dibeke tse nne, mme mohatong ona ke moo
mahlaka a bang le maqhutsu a mahareng, mme a eketsehang ka bolelele le ho ngatafala ka palo ya
maqhutsu a mahareng. Mahlaka mahareng a maqhutsu a mabedi a qalella ho lelefala. Mahlaka a
neng a hola ka mahlakoreng jwale a qala ho tiya. Mahlaku a mangata a tswang mahlakeng jwale a a
eketseha, e leng se laolwang ke mofuthu, menontsha le mongobo. Setshwantsho 3 se bontsha ho
lelefala ha mahlaka.
9
Setshwantsho 3: Ho lelefala ha mahlaka
Ho etsa dihloho – Dimela tsa koro di na le mahlaku a mane ho isa ho a robedi kutung ya sehlooho
nakong eo mohato wa kgolo o fetohang ho tloha ho wa kgolo le tswelopele ho ya ho tswaleng.
Motjheso o fetang 300C nakong ya popeho ya dipalesa ho hang o baka ho folotsa ho phethahetseng.
Hlohwana ka nngwe e ba le dipalesa tse robedi ho isa leshome le metso e mmedi. Ke dipalesana tse
ka tlase ho halofo tse phethang nyalano, ha tse ding kaofela di nyopa, kapa di sa tsweleng pele ka
mokgwa o kgotsofatsang.
10
Setshwantsho 4: Dikarolo tlhophisong ya palesa
Palo ya dipalesana e a laolwa, mme e fapana pakeng tsa mashome a mabedi le mashome a mararo,
mme e amana haholo le bolelele ba nako ya mohato wa kgolo. Ha nako ya mohato wa kgolo le
tswelopele e lelefala, le palo ya dipalesana le yona e a phahama jwalo. Setshwantsho 4 se bontsha
dikarolo tsa tlhophiso ya palesa. Mohato wa ho jara dihlooho o nka dibeke tse ka bang nne. Tlase
mona setshwantsho 5 se bontsha mohato wa ho jara dihlooho.
11
Setshwantsho 5: Mohato wa ho jara dihloho
Nako ea kotulo – Nyalano paleseng e qala karolong e hare ya hlohwana, mme e tswela pele ho ya
tlase le ho ya hodimo nakong ya matsatsi a mahlano. Dipalesa tse bohare ba hlohwana di tlolelwa
matsatsi a mabeli ho isa a mane ho feta dipalesa tse thokonyana. Dijothollo tsena hangata di na le
boima bo boholwanyane. Ka mora ho tlolelwa ha palesa, peo e nyenyana e hola ka potlako.
Ketsahalo ena e nka karolo ya mashome a mabedi ho isa ya mashome a mararo ya nako ya ho tlatswa
ha peo.
Setswantsho 6: Koro e fihletseng kotulo e phethahetseng
12
Mohato o diehang wa ho tlatswa ha peo o kgannela phethahalong e iponahatsang ka mahlaku a
ommeng le ho thatafala ha dikahare tsa peo. Setshwantsho 6 se bontsha koro e fihlileng kotulong e
phethahetseng.
Mehato e fapaneng ya kgolo korong e hlaloswa ho ya ka sekala sa Zadocks, khoutu ya Feeke le ya
Joubert, moo mehato ya sehlooho e boetseng e arotswe ho feta moo ho ya ka mehato e menyane.
Setshwantsho 7 mona tlase se bontsha mehato kaofela hammoho le dikarolwana tsa kuno, ha
Setshwantsho 8 sona se bontsha mehato ya sehlooho ya semela sa koro.
Setshwantsho 7: Mehato ya kgolo ho ya ka sekala sa Feeke, Zadock and Joubert, le
karolwana tsa kuno ya koro
13
Setshwantsho 8: Mehato ya sehlooho kgolong ya koro
4.0 Ditlhoko tsa tikoloho
Motjheso le mohatsela
Dijothollo tse nyane tse hlahiswang Afrika Borwa kaofela ke dijothollo tsa mariha tse tshwanetseng
ho jalwa nakong ya sehla sa hwetla, sa mariha kapa sa selemo. Mefuta ya peo e fapana ka ditlhoko
tsa nako ya kgolo, bolelele ba letsatsi le mohatsela kapa motjheso, e a fumaneha le ho tlwaetswa
mabatowa kaofela a tlhahiso a Afrika Borwa. Ka ha dijothollo tse nyane di hloka mongobo nakong
ya mariha, ya selemo le mathwasong a hlabula, ho bohlokwa hore semela se fumane metsi nakong
ena. Mabatoweng a pula tsa mariha Afrika Borwa, Provenseng ya Kapa Bophirimela, pula e
lekaneng hangata e fumanwa nakong ya kgwedi tsa mariha ho kgotsofatsa ditlhoko tsa semela.
Diprovenseng tse ding tsa naha, ha ho pula kapa ke pula e nyane e bang teng mariha. Koro e
14
hlahiswang mabatoweng ana e tshwanetse ho nosetswa kapa metsi a fumanwe ka mokgwa wa poloko
ya metsi mobung. Mabatowa a ka hlahisang koro a Diprovenseng tse ka Leboya a tlamehile ho ba le
mobu o nang le bokgoni ba ho tshwara metsi a mangata hore metsi a lekaneng a lehlabula le fetileng
a ka bolokwa le ho sebediswa ho fihlela nako ya pula tsa pele tsa selemo di fihla hape. Le hoja koro e
nosetswang e ka nna ya jalwa kae kapa kae dihlabeng tsa Afrika Borwa, tlhlahiso ya dibaka tsa moo
ho sa nosetsweng e batla e fella feela Foreisetata le dibakeng tse potapotileng, tsa mobu o loketseng.
Ka tlwaelo re ka re, dijothollo tse nyane di hloka dinoko (millimetre) tse makgolo a mararo a metsi
nakong yohle ya sehla sa tlhahiso hore kuno e kgotsofatsang e tle e fihlellwe. Mabapi le dibaka tsa
moo ho sa nosetsweng, empa ho nang le metsi a bolokilweng mobung, lekgolo le mashome a
robileng meno e meli a linoko a fumanwa mobung, ha lekgolo le mashome a mahlano ho isa ho
makgolo a mabeli e le a pula tsa selemo.
Dijothollo tse nyane mehatong ya ho mela ha peo le ho hlaha ka hodima mobu le ho hlahisa
makgaba, ha di tshabe serame. Mefuta ya mariha e batla serame haholo bonyane matsatsi a leshome
ho isa dibekeng tse robedi hore dimela di kgone ho hatsela le ho fihla boemong ba ho etsa mahlaka.
Mefuta ena ya koro e ka jalwa ka tekanyetso e tlase ya peo (15-30 kg/ha). Koro ya selemo, jwalo ka
mefuta e meng e jalwang dibakeng tse nosetswang le tsa Kapa Bophirimela, ha e hloke serame, empa
e ke ke ya utlwiswa bohloko ke serame nakong ya tshimoloho ya kgolo ya tsona. Koro ya selemo e
ke ke ya etsa mahlaka a mangata jwalo ka mefuta ya mariha, mme ka baka lena, ho tla hlokahala
tekanyetso e holimo ya peo (80-120 kg/ha) dibakeng tsena. Le ha ho le jwalo, dijothollo kaofela tse
nyane di tshabana le serame ha di tswala, e leng nakong eo kgolo e seng e le ka hodima mobu kapa
ho se ho hlahile hlohwana. Serame nakong ena, hangata ka Loetse le Mphalane se ka baka tshenyo e
mpe haholo dijothollong.
Dijothollo di ka nna tsa utlwiswa bohloko dinako tsa komello, kapa tse motjheso. Kgatello ya
motjheso e bakwa ke ha maemo a komello a eba teng, mme a amana le meya e ommeng, e
futhumetseng. Kgatello ya motjheso ka ho qolleha e ka baka tshenyo nakong ya mohato wa ho etsa
dipalesa.
Pula
Dijothollo tse lengwang mabatoweng a pula tsa hlabula, mobung o ommeng kapa o nosetswang, di
fihlella kgolo e phethahetseng mathwasong a hlabula ho tloha ka Pudungwana ho isa ho Tshitwe. Ke
nakong ena he, moo pula le sefako di ka bakang tshenyo semeleng se ntseng se fihlella boemo ba ho
butswa. E batla e le mefuta kaofela ya peo e angwang ke ho mela ha peo lihlohwaneng e le
masimong pele ho kotulo, mme e tshwanela ho kotulwa kapele ho thibela ho theoha ha boleng kapa
15
ho mela ha peo. Koro e sa kotulweng ka nako kapelenyana e ka senyehelwa ke boleng ba yona, mme
ya ba ya hlaselwa ke hlobo, e leng se bonahalang ka ho fetoha ha mmala hlohong (ho ya bosehleng
ba kgauta, bosweung le botshong). Sefako nakong ena ya ho hlaha ha hlohwana se ka baka tshenyo e
kgolo kunong, mme mohato o ka etswang ke balemi ho qoba sena ke ho sereletsa lijalo ho ba
insurance kgahlanong le tshenyo e bakwang ke sefako.
Kapa Bophirimela e fumana pula e nyane haholo, mme ha ho sefako sa letho nakong ya kotulo, empa
meya e matla nakong ena e ka baka tahlehelo e kgolo dijothollong, haholoholo kgareseng le
haboreng. Ke ka baka lena dijothollo tsena di helwa pele di fihlella boemo ba kotulo, mme di
bokellwa hamorao ka motjhine o kotulang. Maemong a tshohanyetso moo pula e ka nnang ya eba
teng dijothollong tse hetsweng yaba ha di bokeletswe, tshenyoho e tshwana le ya dijalo tse eme e ka
etsahala.
Ho jala mofuta ka mong wa peo nakong e nepahetseng, e kgothaletswang, ho ya ka lebatowa ka leng,
ho tla thusa ho fokotsa kotsi ya tshenyo e ka bakwang ke diphetoho tsa maemo a leholimo, tse kang
komello, motjheso, mohatsela le pula. Ka ha mefuta e kgothaletswang e fetile ditekong nakong ya
dihla tse ngata tikolohong ka nngwe, mme kgatello yohle e kgonahalang e hlokometswe ha ho etswa
dikgothaletso, jwale ho ipapisa le dikgothaletso ho tla fana ka menyetla e metle ya ho fumana kotulo
e ntle.
Ditlhoko tsa mobu
Dijothollo tse nyane ka kakaretso di kgona ho mela hantle mefuteng e fapaneng ya mobu, mme ka
lebaka lena, e ka mela mebung yohle e teng ya Afrika Borwa, ho kenyelleditswe mobu o letsopa
haholo, o lehlabathe haholo, o majwe haholo, ha feela ditlhoko tsa tikoloho di kgotsofatsa.
Dijothollo tse nyane le ha ho le jwalo di batla di tshaba bodila mobung, mme di hloka pH (Kcl) ya
bonyane 4.5. Mananeo a Kalala a ho boloka pH e le maemong a amohelehang ke karolo ya bohlokwa
haholo ya tlhahiso ya dijothollo tse nyane dibakeng tse ngata. Dijothollo tsena di tshabana le letswai
le lengata haholo le bang teng moo ho ileng ha nosetswa, mme mebu e letswai haholo ha e a lokela
tlhahiso.
Mabapi le tlhahiso mabatoweng a moo ho sa nosetweng teng ho tsepilwe pula tsa lehlabula, ho
hlokahala mobu o ikgethileng o nang le bokgoni ba ho tshwara metsi. Mebu ena e tshwanetse ho
kgona ho tshwara bonyane 180mm ya metsi pele ho nako ya ho jala, mme haholoholo ke mobu o
akgang mefuta e mmedi. Mefuta ya mebu e kang Avalon, Westleigh, Clovelly, Longlands le
16
Pinedine e na le lekgapetla le matla la letsopa le thibelang metsi a bolokilweng hore a lahlehe, mme
ka baka lena ke mebu e loketseng ho ka boloka metsi. Mobu o monyang metsi hantle jwalo ka
mefuta ya mobu wa Hutton ha e metle mabapi le tlhahiso dibakeng tse sa nosetsweng, empa e loketse
moo ho nosetswang teng.
5.0 Mekgwa e sebediswang temong le dimeleng
Mekgwa ya temo ya dijothollo
Lebitsong la moruo, temo le dimela, ho molemo ho jala koro tlasa mokgwa o motle wa
phapanyetsano ya dijothollo. Kuno ya dijothollo e a eketseha, ha mathata a mahola, dikokwanyana le
malwetse, a fokotseha haholo. Mokgwa o motle wa phapanyetsano ya dijothollo ke oona feela o
laolang kuno le phaello. Ke matsete a bohlokwa a ho qoba kotsi. Phapanyetsano e rerilweng hantle le
ho tsamaiswa hantle e fokotsa ditjeo tsa tse sebediswang temong, e eketsa kuno le ho fokotsa dikotsi
tlhahisong.
Ha ho mokgwa wa phapanyetsano o tla lokela tlhahiso mabatoweng kaofela. Molemi e mong le e
mong o tshwanetse ho rera le ho ntshetsa pele mokgwa wa nako e telele, o tshwarellang, o ka
lokelang maemo a fetohang, o kenyelletsang tsamaiso yohle ya mobu le dimela hammoho le temo ka
kakaretso. Kgetho ya sejothollo mabapi le tshimo ka nngwe e tshwanetse ho thehwa ho shebilwe
tjhelete e tla kena qetellong, ditjeo tsa tse sebediswang mobung, nalane ya tshimo le ya
phapanyetsano ya dijothollo. Phapanyetsano ya dijothollo maemong a itseng e tla laolwa ke tse
latelang:
(a) Maikutlo a molemi le seo a se habileng.
(b) Merero e fapaneng ya tshebetso polasing le ditheko tsa sebele tsa thepa.
(c) Tjhelete e tshwarwang ka matsoho le ditaba tsa ditjhelete tsa dijothollo tse lenngweng.
(d) Mekgwa ya tsamaiso ya temo le dimela.
(e) Boemo ba ho nona ha mobu le bodila.
(f) Pula kaofela hammoho le kabo nakong ya sehla sa kgolo.
(g) Bongata ba mahola masimong.
(h) Phapanyetsano ya dijothollo tse lokisang Nitrogen le tse itshetlehileng ka Nitrogen.
(i) Malwetse a dimela hammoho le dikokwanyana.
(j) Thibelo ya malwetse a jarwang ke mobu.
(k) Metjhine e leng teng le disebediswa.
(l) Ditlhoko tsa mehlape le tsa furu.
(m) Ditlhoko tsa mmaraka.
17
Menyetla ya mokgwa o tshwarellang wa phapanyetsano ya dijothollo ke phokotseho ya malwetse,
phokotseho ya mahola, keketseho ya monono wa mobu le ya phaello.
Tokiso ya mobu sebakeng sa ho jala
Tsimo e lengwa hore maemo a matle a be teng a ho jala koro. Maemo a jwalo a kenyeletsa mobu,
moo metsi a lekaneng a bolokwang teng hore peo e mele, le tswelopele ya pele kgolong ya semela.
Mabapi le tlhahiso ya koro lehlabula maemong a e eseng a nosetso, ho sebediswa mokgwa wa
sejwalejwale wa ho phethola mobu (Setshwantsho 9). Mabapi le tlhahiso ya koro lehlabula maemong
a tlasa nosetso, hang feela ka mora kotulo ya dijalo tseneng li lemilwe ka Motsheanong, masimo a
lengwa ka mohoma, a ekgwa ka tetse, ebe ho jalwa koro. Ke feela dibeke tse pedi tse mahareng, tse
sebedisetswang mesebetsi ya masimong. Ho teng mefuta e meraro ya ho phethola mobu, eo ka
tlwaelo e atisang ho sebedisa tlhahisong ya koro, e leng, mokgwa wa sejwalejwale wa ho phethola
mobu, mokgwa wa sekgalekgale, le wa tshebediso ya peo ka ho otloloha.
Mokgwa wa sejwalejwale (Setshwantsho 9) o kgothaletswa moo ho jalwang koro-ka-mora-koro, e
leng moo kotsi e phahameng ya bolwetse ba metso, mme kotsi ya moya le kgoholeho ya metsi e leng
nyane. Kotulo e ba kgweding ya Tshitwe ho ya ho Pherekgong. Hang ha maemo a mobu a dumela,
ho phetholwa ha mobu ho ka etswa ka tetse. Ho lema ho ka etswa pakeng tsa Pherekgong le Hlakola
dibakeng tse sa nosetsweng, le pakeng tsa mahareng a Hlakola le qetellong ya Hlakubele, dibakeng
tse mongobo (Setshwantsho 10). Masimo a tlohelwe a ntse a le jwalo ho fihlela ka Phupu ha nako ya
ho jala e fihla.
Ho lema ho okolang ka hodimo, ho sa tebang, (Setshwantsho 11) ho ka sebediswa ho thuha makwete
le ho batalatsa tshingwana pele ho ka jalwa.
18
Setshwantsho 9: Mokgwa wa sejwalejwale wa ho phethola mobu
Setshwantsho 10: Mohoma o lemang
19
Setshwantsho 11: Ekge ya tetshe
Mokgwa wa sekgalekgale wa ho phethola mobu (Setshwantsho 12) o kgothaletswa dibakeng tsohle
moo ho nang le kotsi ya moya le metsi ka baka la letsopa le lengata mefuteng ena ya mebu. Kotulo e
ba ka Pudungwana ho ya ho Tshitwe. Ekge ya tetshe e a sebediswa ho laola mahola. Ho phethola
mobu ho tebileng ho etswa ka Hlakubele ka sesebediswa sa thaene.
Hore o kgone ho kwala bokahodimo ba mobu, sebedisa mokgwa o sa tebang wa ho lema, hore o
kgone ho lokisa tshimo le ho laola mahola, mme ka mora moo o ka jala koro ho ya ka
tataiso, mme o bile o sebedisa plantere ya koro e nang le matshwao a hlakileng a ho lekanya
(Setshwantsho 13).
Setshwantsho 12: Mokgwa wa sekgalekgale wa ho lema
20
Setshwantsho 13: Plantere ya koro
Peo le ho jala
Nako e nepahetseng ka ho fetisisa ya ho jala e laolwa ke dintlha tse ngatanyana, tsa bohlokwa ka ho
fetisisa hara tsona e leng motjheso kapa serame le mongobo nakong ya ho hola ha dimela. Koro e
batla serame hore peo e hatsele ka sepheo sa ho potlakisa ho tswala. Koro e jalwa maemong a moo
ho sa nosetsweng le moo ho nosetswang, dibakeng tsa pula ya hlabula, ha dibakeng tsa pula ya
mariha teng e jalwa tlasa maemo ao e seng a nosetso feela. Mabatoweng a pula tsa hlabula, ho jala ho
qala ka Mmesa ho fihlela ka Phupu, ha nakong tsa sehla sa kgolo mariha ho jala ho qala ka
Motsheanong ho fihlela ka Phupu.
Bongata ba peo e sebediswang ke dikilograma tse mashome a mabeli ho isa ho mashome a mararo
haekethareng moo ho sa nosetsweng. Moo ho nosetswang bongata ba peo ke mashome a robileng
mono o lemong ho isa ho lekholo le mashome a mabeli. Ho arohana ha peo pakeng tsa mela ke
mashome a mane ho isa mashome a mahlano a linoko, ha meleng peo e arohana linoko tse supileng
ho isa ho tse leshome le metso e mehlano ha ho sebediswa plantere. Peo e tshwanetse ho sunngwa
mobung botebo ba linoko tse hlano. Ka mehla sebedisa peo e fetileng ditekong hore o kgone ho laola
21
malwetse a ka mobung.
Palo ya dimela
Palo e nepahetseng ya dimela ke eo ditjeo keketsehong ya palo ya tsona e leng haufi haholo le ho
fana ka kuno e phahameng ka ho fetisisa. Theibole 1 e bontsha palo ya dimela e tshwanetseng ho
lengwa e le hore ho fihlelwe kuno e itseng. Ka mehla lekanya plantere ya hao mabapi le palo e itseng
eo o lakatsang ho e fihlella (Setshwantsho 13).
Theibole 1: Palo ya dimela ho fihlella bokgoni ba kuno
Bokgoni ba kuno bo
lebelletsweng
Bokgoni (t/ha)
Palo e lebelletsweng ya dimela
Dimela/m2 Dimela/m moleng
1.0
2.0
3.0
4.0
50
100
150
200
9
18
27
36
Kgetho ya mofuta wa peo
Kgetho ya mofuta wa peo ke qeto ya bohlokwa tlhahisong, mme ha qeto e entswe hantle, taba ena e
ka nna ya fokotsa haholo feela ditshinyehelo le ho eketsa kuno. Ke taba ya bohlokwa hore balemi ba
tsebe hore ho teng mefuta ya peo e ka sebediswang mabatoweng a moo ho sa nosetsweng le e ka
sebediswang moo ho nosetswang teng. Balemi ba boetse ba tshwanetse ho jala mefuta ya peo e
ratwang ke boramalwala (Theibole 2). Ntlha tsa bohlokwa tse laolang kgetho ya mofuta wa peo ke
bokgoni ba kuno, sehlopha le boleng, malwetse le dikokwanyana, theko, hectolitre mass, matla a
lehlaka, mamello ya bodila, bolelele ba letsatsi le ya ho ha tsetswa ha semela, ho hlohloreha ha
dihlohwana le mamello mabapi le ho mela ha dihlohwana pele ho kotulwa.
Tataiso tsa bohlokwa tseo balemi ba tlamehileng ho nahana ka tsona kgethong ya mofuta wa peo:
(a) Jala mefuta e mmalwa ya dipeo tse fapaneng e le ho qoba dikotsi mabapi le komello le
malwetse.
(b) Se ke wa be se o lahla mefuta e lekilweng nakong ya sehla se le seng feela, ebe o se o sala
morao e metjha e bileng e sa tsejweng le hantle.
(c) Mefuta ya peo e tshwanetse ho kgethwa hore e ikamahanye le maemo a itseng a bokgoni ba
kuno.
(d) Hlahloba kgetho ya mofuta wa peo selemo le selemo e le ho ikamahanya le maemo a ntseng a
fetoha, mme haholoholo ho shebisisa mefuta e metjha.
22
Theibole 2: Lenane la koro ea bohobe ho ya ka malwala lemong tsa 2008/2009
Mabatowa a Komello Tlhahisong ka Leboya Mabatowa a Nosetso
Mofuta o ratwang Mofuta o sa ratweng Mofuta o ratwang Mofuta o sa ratweng
Belinda PAN 3377 Adam Tas Baviaans Adam Tas
Betta DN SST 107 Alpha Buffels Alpha
Caledon SST 124 Gamtoos CRN 826 Gamtoos
Carina SST 308 Karee Duzi Karee
Carol SST 319 Multilyn Z Kariega Multilyn Z
Elands SST 322 Nantes Krokodil Nantes
Gariep SST 333 Palmiet Marico Palmiet
Hugenoot SST 334 Scheepers 69 Olifants Scheepers 69
Komati SST 347 SST 38 PAN 3434 SST 38
Limpopo SST 356 SST 44 SST 802 SST 44
Matlabas SST 363 T4 SST 822 T4
Nossob SST 366 Tugela SST 825 Tugela
PAN 3118 SST 367
Tugela DN SST 835 Tugela DN
PAN 3120 SST 399 SST 867
PAN 3122 SST 935 SST 874
PAN 3144 SST 936 SST 875
PAN 3161 SST 946 SST 876
PAN 3191 SST 954 SST 885
PAN 3211 SST 963 SST 886
PAN 3235 SST 964 Steenbras
PAN 3349 SST 966
PAN 3355 SST 972
PAN 3364 SST 983
PAN 3368 Tarka
Tshebediso ya manyolo
Ditjeo tsa manyolo ke karolo e kgolo ya ditjeo tsohle tsa tlhahiso ya koro, mme ka hoo, tshebediso e
hlwahlwa ya manyolo e bohlokwa haholo.
Ntshetsopele ya mefuta e itseng ya peo dilemong tse sa tswa feta e entse hore e be taba ya bohlokwa
ho hlophisa lenaneo la molemi mabapi le manyolo selemo le selemo. Jwalo ka kgethong ya mofuta
wa peo, lenaneo la ho tshela manyolo le rerwa ho itshetlehilwe ka bokgoni bo ikgethileng ba kuno
23
kapa kuno e habilweng. Tataiso tse latelang di ka sebediswa e le motheo wa ho rala lenaneo le jwalo
maemong a itseng.
Tlhophollo e tshepahalang ya mobu e bohlokwa morerong wa lenaneo le hlwahlwa la tshebediso ya
manyolo. Nka mobu masimong sebakeng sa tlhahlobo e le mothati wa pele wa ho tseba monono wa
tsimo ya hao.
Tlhophollo ya mobu o tswang masimong
Mobu o hlophollwa ho fumana bokgoni ba ona ba ho fana ka menontsha e hlokahalang ya semela.
Ditlhophollo tsa mobu di amana le matla a bokgoni ba ho monya menontsha, ho tlatseletswa ha
menontsha ya semela ka manyolo le kuno e habilweng. Ho ya ka mananeo a diphuputso a menontsha
ya dimela a kenyelletsang dintlha tsena, ditataiso tseo e tla ba tsa makgonthe maemong a itseng, di a
totobatswa.
Ka baka lena, hore o kgone ho sebedisa ditataiso tsena hantle, ho bohlokwa hore disampole tsa
mobu tse hlaloswang, di emele masimo a itseng. Ho fihlella sena, mehato e latelang ya motheo e a
hlokahala ha o sebetsana le mobu:
(a) Tekanyo tsa bonngwe bo tshwanang, tseo hape di ka sebediswang mesebetsing ya tlhahiso ya
dijothollo.
(b) Bonngwe bo tshwanang bo laolwa ke tshebetso ya dijothollo ya nako e fetileng, sebopeho le
botebo ba mobu, mmala le boleng.
(c) Sampole ya mobu e tlamehile ho ema bakeng sa tekanyo ya bonngwe bo tshwanang e sa
feteng 50 hekethara.
(d) Tekanyo tsa bonngwe bo tshwanang di tlamehile ho fuwa dinomoro ka mokgwa o hlakileng o
arohaneng.
(e) Dibaka tse nang le mathata/tse fokolang di tshwanetse ho bontshwa le ho sampolwa di le ding
ka thoko.
(f) Ha ho nkuwa sampole, dikarolwana kaofela tse sa batleheng (jwang, dithutswana, majwana)
di tshwanetse ho tloswa moo sampole e nkuwang teng. Moo ho sebetsanwang le mebu e
majwe haholo, ho ka etswa kgakanyo feela ya peresente ya lejwe ka nngwe.
(g) Disampole tse mashome a mabeli ho isa mashome a mane di tshwanetse ho nkuwa mona le
mane hodima sebaka sohle sa tekano ya bonngwe bo tshwanang ba masimo. Dibatobato tse
24
totobetseng hore di a fokola, karolo ya masimo e sa lengwang qetellong ya masimo, moo
diphoofolo di kgobokanang, jwalo-jwalo, di tshwanetse ho qojwa.
(h) Botebo bo kgothaletswang ba mobu o ka hodimo o tshwanetseng ho nkuwa e le sampole ke
linoko (cm) tse bang mashome a mabeli mobung.
(i) Disampole tsa mobu o ka tlase di tshwanetse ho nkuwa ho tloha botebong ba linoko tse
mashome a mabeli ho isa ho mashome a mane tsa mobu o sa nosetweng, le mashome a mane
ho isa a tseletseng, le mashome a tseletseng ho isa ho a lekgolo le mashome a mabeli la
mobung o nosetswang.
(j) Ha eba masimo a se a phethotswe, disampole tsa mona le mane di tshwanetse ho nkuwa
sebakeng seo sohle. Ha eba mela ya dijothollo tsa nako e fetileng e ntse e bonahala,
disampole di tshwanetse ho nkuwa mona le mane pakeng tsa le hara mela.
(k) Ho bapisa diphetho, disampole di tshwanetse ho nkuwa ka kakaretso nakong e batlang e le
nngwe ya selemo, selemo se seng le se seng, kapa nakong ya mohato o le mong wa lenaneo la
ho lema, empa bonyane hang dilemong tse ding le tse ding tse tharo.
(l) Disampole tse mashome a mabeli ho isa mashome a mane tseo sampole ya qetelo e tla etswa,
di tshwanetse ho bokellwa ka hara mokotlana o hlwekileng. Balemi ba lemoswa kgahlanong
le mekotlana ya letswai, ya manyolo, kapa setshelo sefe kapa sefe se hahlametsweng kapa se
silafaditsweng. Makwete a tshwanetse ho thuhuwa, dinthonyana tse sa hlokahaleng di tloswe,
mme mobu o tswakanngwe ka ho phethahala. Hoba mobu o alwe ka ho lekana, ka mokgwa o
mo sesane, ho kguwa hanyane ka ho lekana ka lebekere kapa sekotlolwana karolong yohle ya
botebo le sebaka, ebe ho behwa ka hara mokotlana o hlwekileng wa polasetike kapa
khateboto. Sampole ena ya ho qetela, e emetseng tekanyo ya bonngwe bo tshwanang, e
tshwanetse ho ba boima ba halofo ya kilograma.
(m) Ditaba tse ding tsa tlatsetso mabapi le matshwao a mobu, tikoloho, nalane ya tlhahiso le ya
manyolo di tshwanetse ho tsebiswa ka ha dikgothaletso di ke ke tsa thehwa tlhophollong ya
mobu feela.
Bodila mobung
E nngwe ya mathata a sehlooho tlhahisong ya koro lebatoweng la pula tsa hlabula ke keketseho ya
bodila mobung, haholoholo mabatoweng a pula tse phahameng tsa hlabula. Sekgahla se sebe sa
mobu o nang le bodila ke bongata ba aluminium papisong le mehato e meng mobung. Ka baka lena,
bongata ba tjhefo ya aluminium bo monngwa ke semela sa koro.
25
Le hoja ho mela ha peo le ho tiya ha semela di sa tshwaetswe ke sekgahla se phahameng sa bodila
mobung, matshwao a tjhefo ya bodila a ba teng mehatong ya pele ya tswelopele ya semela, hangata
Loetse ha ho futhumetse dimela di ntshetsa pele kgolo e matla. Ha metso ya semela se senyane e
kopana le mehato e phahameng ya bodila, ho bonahala matshwao a matla a komello le kgatello ya
menontsha, mme semela se ka nna sa qetella se shwele. Matshwao a tjhefo ya bodila e bonahala ka
ho bosweu ba metsong. Dintlha tsa metso di ba tenya, metso e ka mahlakoreng e a robeha le mmala o
mosootho o senyang le ona o ba teng. Tshitiseho kgolong ya metso e kgina ho monngwa ha metsi le
menontsha ke semela.
Ditataiso
pH (KCl) le boleng ba mobu di sebediswa ho tseba ditlhoko tsa Kalala mabapi le koro. Tlhatlobo ya
mobu mabapi le ditlhoko tsa Kalala ke taba e hlokolosi nakong eo bodila ba mobu bo leng tlasa
linoko tse nne le halofo (KC12), kapa tlasa noko tse hlano haele CaCl2, metsi feela (H2O) ke linoko
tse hlano feela. Theibole 3 e ka tlase mona e bontsha ditlhoko tsa Kalala, tone hekethareng ka
nngwe, mabapi le boleng bo fapaneng ba bodila le bongata ba letsopa mobung.
Ka hobane karolo ya bodila ho matswai a mang e le bohlokwa mobung, taba ena e bohlokwa
kamanong le semela, mme ho bohlokwa ho kgothalletsa tshebeliso ya Kalala haeba bodila bo le ka
tlaase ho linoko tse nne le halofo.
Theibole 3: Ditlhoko tsa Kalala (tone/ha) mehatong e fapaneng ya bodila le letsopa.
Karolo ea
letsopa
lekgolong
pH >0.5
SV >32
pH 0.5-0.4
SV 32-25
pH 0.4-0.3
SV 25-15
pH 0.3-0.2
SV 15-10
pH 0.2-0.1
SV <10
5-10 3.9 3.0 2.2 1.4 0.5
10-15 4.1 3.3 2.5 1.6 0.8
15-20 4.4 3.5 2.7 1.9 1.0
20-25 4.6 3.8 2.9 2.1 1.3
25-30 4.8 4.0 3.2 2.3 1.5
30-35 5.1 4.2 3.4 2.6 1.7
pH – Phetoho ho pH(KCl)
SV – Phetoho peresenteng ya bodila
26
Ditlhoko tsa Kalala = pH*8.32+0.0459*Letsopa-1.037
Ha ditlhoko tsa Kalaka di feta tone tse nne hekethareng, Kalala e tshwanetse ho arolwa habedi,
karolo ya pele e tselwe selemong sa pele, e setseng se latelang. Tekano e bontshwang Theibole 3 ka
holimo e ka sebediswa ho fumana ditlhoko tsa Kalala, kapa o ka sebelisa equation ka ho kenya lipalo
tse hlokahalang hore o fumane bongata ba Kalaka eo o lokelang ho e sebelisa.
Ditlhoko tsa Kalala theiboleng di theilwe mohloding wa Kalala ka CCE (Resin) ya 75.3. Ha eba
mohlodi wa Kalala o ena le boleng ba CCE (Resin) bo phahameng kapa bo tlasa 75.3
diphetohonyana tse latelang di tshwanetse ho etswa mobung wa ditlhoko tsa Kalala wa 3.5 tone/ha.
Nka hore mohlomong CCE (Resin) ya 90%, eba he, ditlhoko tsa Kalala di tla ba tjena:
75.3/90 = 0.84
3.5*0.84 = 2.93 tone Kalala/ha, ka hoo e/ha.
Nka hore mohlomong CCE (Resin) ya 60%, eba he, ditlhoko tsa Kalala di tla ba tjena:
75.3/60 = 1.26
3.5*1.26 = 4.4 tone Kalala/ha ka hoo e/ha
Mofuta wa disebediswa tsa Kalala
Ho bohlokwa hore mohlodi wa Kalala (calcitic or dolomitic) o kgethwe ka nepo. Mofuta wa Kalala
o tshwanetseng ho sebediswa o laolwa ke bongata ba letswai la calcium papisong le magnesium
mobung. Ha eba calcium e phahametse magnesium ka bongata ka karolo ya leshome bongweng.
Kalala ya dolomite ya kgothaletswa. Haeba karolo ya calcium ho magnesium e le tlase ho leshome
bongwe, kgetho ya mohlodi wa Kalala e laolwa ke magnesium e ka mobung. Ha eba e phahame ho
feta 40 mg/kg (ppm.), Kalala ya calcitic lime ya kgothaletswa. Dolomitic lime e sebediswa ha
magnesium ka mobung e le tlase ho feta 40 mg/kg.
Tshebediso ya Kalala
Disebediswa tsa Kalala di tshwanetse ho dumellana le ho ipapisa le ditlhoko tse itseng tse beilweng,
e leng boleng, ho thumiseha le tshebetso e kgahlanong le ho fedisa letswai mobung. Kalala ya
dolomite e tshwanetse ho ba le ho fetang karolo ya mashome a mabeli lekgolong ya magnesium
27
carbonate le Kalala ya calcitic e fetang karolo ya makgolo a supileng lekgolong ya calcium
carbonate. Kalala e tshwanetse ho ba le thumiseho e tlasa makgolo a mabeli a metso e mehlano (250
micron).
Ho bohlokwa hore Kalala e sebediswe dikgwedi tse tharo ho isa ho tse nne pele ho jalwa. Ha ho
tshelwa Kalala mobung o ommeng, phetoho ya bodila mobung ya fokola. Ke ho bolela hore metsi a
ya hlokahala hore Kalala e kopane le mobung mme ka hona bodila bo tla fokotseha. Boleng kapa ho
thumiseha ha mobu, manyolo a nitrogen hammoho le bongata le boleng ba Kalala e sebedisitsweng,
ke tsona tse tla laola hore Kalala e tshwanetse ho tshelwa kgafetsa ho le hokae. Ho ba le bodila ho
potlaka kapele mebung e silehileng hanyane ho feta mobung o letsopa ka baka la phapang ya yona
mabapi le tlwaelo ya yona ya ho tshwara letswai. Mobu o thumisehileng haholo o na le ditlhoko tse
nyane tsa Kalala ho fihlella mehato e itseng ya bodila mobung.
Ho bohlokwa ho hopola hore tshebetso e ntle e tla bonahala feela ha Kalala e kopantswe hantle
mobung. Dikarolwana tsa Kalala di tshwanetse ho kopana le ho thetsana le dikarolwana tsa letsopa
ho tlosa ayone tsa hydrogen le aluminium. Kalala e tlamehile ho tswakangwa le mobu ka tetse,
ebe e phetholellwa botebong ba linoko tse mashome a mabedi ho isa a mane (200- 400 mm).
Tharollo ka mofuta wa peo
Mabapi le lenaneo la Kalala, mefuta ya peo e nang le mamello e ntle ya bodila e ka nna ya sebediswa
ho fokotsa tahlehelo e bakwang ke mebu e bodila kunong. Ho teng phapang e kgolo mamellong ya
mefuta ya peo mabapi le bodila. Mefuta ya peo e ka arolwa dihlopha tse tharo tsa mamello ya bodila:
(a) Mamello e ntle
(b) Mamello e amohelehang
(c) Mamello e fokolang
Theibole 4: Mefuta ya peo dihlopheng tse fapaneng tsa bodila
Mamello e ntle Mamello e amohelehang Mamello e fokolang
PAN 3349
PAN 3377
SST 966
PAN 3120
PAN 3118
Gariep
Caledon
Elands
PAN 3191
Betta-DN
Limpopo
PAN 3235
SST 399
PAN 3364
28
Komati
SST 322
SST 334
Ho bohlokwa ho hopola hore kgetho ya mofuta wa peo ha e etswe feela ka baka la mamello ya
bodila. Kuno ya dijothollo e dula e ntse e le e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa kgethong
ya mofuta wa peo. Kgetho ena ho ya ka mamello ya bodila ke tharollo ya nako e kgutshwane, mme e
ena le kotsinyana e itseng. Kgetho ya mofuta wa peo e ka sebediswa ka mokgwa o hlwahlwa ho hlola
bothata ba bodila nakong ya phokotso ya yona. Mananeo a Kalala ha a fokotse feela kotsi tlhahisong,
empa a boetse a ntlafatsa mobu mabapi le meleko ya nako e tlang.
Koro e hloka menontsha e lekaneng ho hola le ho hlahisa kuno e phahameng ya boleng bo botle.
Menontsha e hlokolosi mabapi le kgolo le tswelopele ya koro ke nitrogen, phosphorus le
potassium. Le ha ho le jwalo, nitrogen e ngata e baka ho putlama ho matla mefuteng e melelele ya
dimela; ha ka le hlakoreng le leng ha e le tlase yona e baka bosehla ba mahlaku le kgolo e
kginehileng. Nitrogen e jara boikarabelo ba mmala o botala bo tebileng ba mahlaku. Phosphorus e
sa lekanang yona e baka mahlaku a bofubelu bo lefifi le kgolo e diehang ya metso. E na le
boikarabelo ho ateng ha metso.
Nitrogen e hlokwang ke koro heketareng ka nngwe ke mashome a mane ho isa ho a tseletseng moo
ho sa nosetsweng, ha moo ho nosetswang e le lekgolo le mashome a mane ho isa ho a robileng
metso e mmedi. Ditlhoko tsa Phosphorus ke leshome le metso e mmedi ho isa ho le metso e
mehlano heketareng. Keletso ke ho nka disampole tsa mobu dilemo tse ding le tse ding tse tharo le
ho di romella setsing sa tlhahlobo hore ho shejwe menontsha e fapaneng e teng mobung o nkilweng
masimong a hao. Diphetho di tla bontsha hore ke menontsha e mekae e lokelang ho kenyelletswa
hore ho fihlellwe ditlhoko tsa dijothollo tsa hao. Theibole 5 – 8 tlase mona di bontsha bongata bo
teng mobung le bongata bo hlokwang ba phosphorus le potassium. Mabapi le tshebediso ya nitrogen,
kuno e habilweng e sebediswa ho fumana hore ke nitrogen e kae e tla lokela ho sebediswa. Ka ha
nitrogen e monyela ha bonolo, e sitwa ho emiswa, mme e fetoha phofudi ha bonolo, ho kgothaletswa
hore e sebediswe ka mekgahlelo e mmedi; wa pele e sebediswe nakong eo ho jalwang. Mokgahlelo
wa bobedi o tshelwa semela se se se hodile, haholoholo moo mokgwa wa ho nosetsa o sebediswang.
Maemong ao ho sa nosetsweng teng, tshebediso e arohaneng ha e hlokahale. Theibole 5 e bontsha
hore ha eba molemi a le tikolohong e nang le bokgoni ba ho hlahisa ditone tse pedi le halofo
haketareng, mashome a mane a metso e mehlano ho isa a mashome a mahlano a dikilograma tsa
monontsha wa nitrogen o tlamehile ho sebediswa.
29
Theibole 5: Manyolo a Nitrogen ho ya ka kuno e habilweng lebatoweng la pula tsa hlabula
Kuno e habilweng (ton/ha) N manyolo (kg N/ha)
1.0
1.5
2.0
2.5
3.0
3.5
10
15-20
25-30
45-50
55
65+
Ka mokgwa o jwalo, Theibole 6 e sebediswa ho fumana bongata ba nitrogen e tshwanetseng
ho sebediswa tulong e itseng e leng tlasa nosetso. Tlasa nosetso, kuno e a menahana papisong
le moo ho sa nosetsweng, ke ka hoo, bongata ba nitrogen bo phahame haholo. Moo molemi a
habileng kuno ya ditone tse tseletseng ho isa tse supileng, dikilograma tse lekgolo le
mashome a tseletseng ho isa ho a robile meno e medi a tshwanetse ho sebediswa.
Theibole 6: Manyolo a Nitrogen (kg N/ha) ho ya ka kuno e habilweng tlasa nosetso
Kuno e habilweng
(ton/ha)
Nitrogen (kg N/ha)
4-5
5-6
6-7
7-8
8+
80-130
130-160
160-180
180-200
200+
Bongata ba phosphorus bo tshwanetseng ho sebediswa bo laolwa ke phosphorus e seng e ntse e le
mobung, hammoho le kuno e habilweng. Ha eba ka mora tlhatlhobo ya mobu, diphetho di supa hore
bongata ba phosphorus mobung bo pakeng tsa 5 – 18 mg/kg, mme kuno ya hao e habilweng ke 2.5
tons/ha, 15 kg/ha ya phosphorus e tshwanetse ho sebediswa e le ho fihlella kuno e habilweng.
Ditheibole 7 le 8 tlase mona di sebediswa ho haba kuno le ho tseba hore ke phosphorus e kae e
tshwanetseng ho sebediswa tlasa maemo a komello le nosetso.
Theibole 7: Manyolo a Phosphorus (kg/ha P) ho ya ka kuno e habilweng tlasa maemo a komello le
boemo ba mobu ho ya ka mokgwa wa tlhophollo wa Bray
30
Kuno e
habilweng
(ton/ha)
Boemo ba phosphorus mobung (mg/kg)
< 5* 5-18* 19-30 >30
1.0
1.5
2.0
2.5+
6
9
12
18
5
8
12
15
4
6
8
12
4
5
7
10
Theibole 8: Manyolo a Phosphorus (kg/ha P) ho ya ka kuno e habilweng tlasa nosetso le boemo ba
phosphorus ho ya ka mokgwa wa tlhophollo wa Bray
Kuno e
habilweng
(ton/ha)
Boemo ba phosphorus mobung (mg/kg)
< 10 10 – 18 19 - 30 >30
4 – 5
5 – 6
6 – 7
7+
36
44
52
>56
28
34
40
> 42
18
22
26
> 28
12
15
18
21
Bongata ba potassium e tshwanetseng ho sebediswa bo laolwa ke potassium e seng e ntse e le teng
mobung hammoho le kuno e habilweng. Ha eba ka mora tlhophollo ya mobu, diphetho di bontsha
hore bongata ba potassium mobung bo pakeng tsa mashome a tseletseng a nang le motso o le mong
ho isa mashome a robedi a dimiligrama kilogramong, mme kuno ya hao e habilweng ke ditone tse
pedi, mashome a mabedi a dikilograma a potassium a tshwanetse ho sebediswa ho fihlella kuno e
habilweng (Theibole 9 e tlasa maemo a komello). Theibole 10 ke ya tshebediso ya Potassium
hammoho le kuno e habilweng tlasa maemo a nosetso.
Theibole 9: Tataiso manyolong a potassium (kg /ha K) tlasa amemo a komello ho ya ka
mehato ya potassium le kuno tse habilweng
31
Kuno e
habilweng
(ton/ha)
Potassium mobung (mg/kg K)
< 60 61 – 80 81 – 120*
120+
1 – 2
2 – 3
3+
20
30
40
15
20
25
15
20
25
0
0
0
Mobu o nang le letsopa le ka tlase ho mashome a mararo lekgolong, ha ho kgothaletswe ho tsela
potassium, empa tshebediso ya potassium e ka nna ya etswa tlasa tlhokomelo ya boleng ba K tsa
mobu.
Theibole 10: Ditataiso manyolong a potassium (kg /ha K) tlasa nosetso ho ya ka mehato ya
potassium mobung hammoho le kuno tse habilweng
Kuno e
habilweng
(ton/ha)
Potassium ya mobu (mg/kg)
< 60 61 – 80 81 – 120*
120+
4 – 5
5 – 6
6 – 7
7+
50
60
70
80
25
30
35
40
25
30
35
40
0
0
0
0
* Mobu o nang le letsopa le ka tlase ho mashome a mararo lekgolong, ha ho kgothaletswe ho
tsela potassium, empa tshebediso ya potassium e ka nna ya etswa tlasa tlhokomelo ya boleng ba
K mobung.
Tshebediso ya metsi dijothollong mehatong e fapaneng ya kgolo
Ho ya ka phuputso tsa Yunibesithi ya Foreisetata, theibole e ile ya etswa e bontshang ditlhoko tsa
metsi ka kakaretso mabapi le koro tlasa nosetso, e leng se theilweng bokgoning ba tshebediso ya
metsi ya boima ba dikilograma tse leshome kuno ya dijothollo ho ya ka bongata ba metsi a
sebedisitsweng (Theibole 11). Hape ho boetse ho teng mehato e itseng ya kgolo e hlokolosi haholo
nosetsong ka metsi. Mehato ena ya kgolo hammoho le dintlha tse amehang haholo, lethathama la
tsona ke lena le latelang, tatellano ke ya bohlokwa ba tsona:
Kgolo ya peo: Kuno, boima ba thollo esitana le thlahiso ka bo yona.
Ho hlaha ha hloho le ho thunya: Phokotseho palong ya dithollong le dimatlafatsing tse
ka hare.
Lehlaku la phepelo: Palo e fokotsehileng ya dithollo tsejaneng ka nngwe, dimatlafatsi le
32
kuno.
Telefalo ya kutu: Tswelopele ya dipalesa ditsejaneng tse holang e a ameha le ho
fokotseha.
Ngatafalo ya mahlaka: Tswelopele ya mahlaka a tlatsetso, tswelopele ya metso ya morao
bokgoni ba tswelopele ya kuno bo a ameha.
Theibole 11: Ditlhoko tsa metsi korong mehatong e itseng ya kgolo mabapi le kuno ya ditone tse
supileng haketareng.
Mohato wa kgolo mm
metsi (%)
Ho jalwa ha peo le ho hlaha
mobung
Ngatafalo ya mahlaka le telefalo
ya kutu
Telefalo ya kutu le lehlaku la
phepelo
Lehlaku la phepelo le dipalesa
Kgolo ya peo
Kgolophethahalo
58
67
105
211
173
86
8.3
9.6
15.0
30.1
24.7
12.3
Kaofela 700 mm 100%
6.0 Tshireletso ya dijothollo
Taolo ya dikokwanyana
Mabatuwa a pula tsa hlabula
Mefuta e fapaneng ya dikokwanyana e hlaselang semela ka tsela tse fapaneng e teng korong, mme
ha se dikokwanyana kaofela tse fumanwang korong, tse leng kotsi. Ka baka lena, qeto ya ho laola e
tshwanetse ho etswa ke motho ka mong mabapi le kokwanyana ka nngwe ka ho sebedisa ditataiso tse
teng, mme mehato e itseng ya taolo e tshwanetse ho kgethwa ha eba e loketse moruo le tikoloho. Ho
tsejwa ho nepahetseng ha dikokwanyana ke taba ya bohlokwa ho tiisa hore mehato e nepahetseng e a
nkuwa le ho latelwa. Hore o tsebe dikokwanyana tsa koro Afrika Borwa fumana buka ARC-Small
Grain Institute ka ditjeo tsa R50 (+ R6 ya setempe). Tataiso ena kaofela e na le tlhaloso e
kgutshwane le setshwantsho sa kokwanyana e nngwe le e nngwe, ho kenyelleditswe mmoho
kokwanyana tse bakang tshenyo le tse molemo. Pampitshana e fupereng ditaba mabapi le
dibolayadikokwanyana tse ngodisitsweng le yona e kenyelleditswe. Ho bohlokwa ho sebedisa
kgalase e hodisang ditshwantsho ha o hlwaya dikokwanyana tsa koro, ka ha bongata ba tsona e le
33
kokwanyana tse nyane. Ikopanye le Goddy Prinsloo, Justin Hatting, Vicki Tolmay kapa Astrid
Jankielsohn ho tseba haholwanyane. Tataiso mabapi le taolo ya dikokwanyana e tshohlwa tlase
mona.
Hwaba
Mefuta e mehlano ya hwaba e atisa ho fumanwa korong mabatoweng a pula tsa hlabula Afrika
Borwa. Hwaba ya Borashya ya koro ke ya bohlokwa ka ho fetisisa ka tlhaselo e bang teng selemo
le selemo, ha hwaba tse ding, jwalo ka e tala, ya belete, e tsebe e sootho le ya dipalesa tsa dirosa
tsona di hlasela mona le mane. Ka kakaretso ya Borashya le e tala di hlasela maemong a komello, a
fokolang, ha e tala, e tsebe e sootho le ya dirosa di hlasela tikoloho tse mongobo, tsa maemo a
nonneng.
a) Hwaba ya Borashya
Ena ke tolokinyana (<2.0 mm), e mmala o bosehla bo botala ho isa boputswa bo botala ena le dinaka tse
kgutshwane hammoho le mehatla e mmedi (Setshwantsho 14). Ho fihlela ka 2005 ke mofuta o le mong
feela wa hwaba ena o neng o atile provenseng ya Foreisetata, e leng RWASA1. Le ha ho le jwalo,
mofuta o senyang haholo wa hwaba ea se Rashya o ile wa hlwauwa nakong ya sehla sa 2005, mme
mefuta ya semela e kgahlanong le RWASA1 ya pele e senngwa haholo hwaba e ntjha. Mokgwa wa
semela wa ho ithwanela e bile mokgwa o motle wa taolo ya Hwaba ea se Rashya dilemong tse leshome
le metso e mmedi tse fetileng. Mefuta wa semela o ithwanelang ho RWASA1 ha e senngwe hampempe
ke mofuta ona o motjha hwaba jwalo ka mefuta e sa itwaneleng, mme ka baka lena, e sa ntse e
kgothaletswa. Ha ho kgonahale ho bona phapang ya mefuta ena (ya biotype) ka mahlo. Le ha ho le
jwalo, o ka kgona ho bona phapang ka matswao a tsenyo pakeng tsa mefuta ena e medi ya hwaba.
Dimela tse nyane tse hlolehang ho itwanela kgahlanong le Hwaba di a putlama, mme mahlaku a bontsha
ho kwaleha. Dimeleng tse seng di fihlelletse boemo ba kotulo, matshwao a hlaselo a kenyelletsa metwa
e mesweu, e melelele, e mmala o mosehla kapa e mesweu, e ka nnang ya fetoha ya ba kgubelu bo lefifi
ha ho bata, mahlaku a menahane, a kwalehe, le dihloho tse tswarelehileng. Kgahlanong le maemo ana,
ke feela matheba a masweu kapa a masehla a bang teng mahlakung a dimela tse bontshang bokgoni ba
ho itwanela, mme mahlaku ha a kwalehe ka ho phethahala jwalo ka dimeleng tse bontshang bofokodi.
Balemi ba tshwanetse ho hlahloba masimo kgafetsa le ho hlokomela ho sebedisa meriana ha Hwaba e
hlasela ka bongata.
34
Setshwantsho 14: Hwaba ya Borashiya
Koro e senngwa haholo ke Hwaba ea se rashya nakong e pakeng tsa ho mela ha peo le ho hlaha ha
lehlaku (GS 14) le boditse (awn) (GS 18). Tshebediso ya meriana ho GS 12 e tla tiisa hore mahlaku a
mabedi a ka hodimo a tshireletswa tlhaselong ya Hwaba, e leng se tla eketsa kuno. Ho fafatsa pele ho
GS 12 ho kgothaletswa feela maemong a tlhaselo e matla e ka holimo ho mashome a mararo karolong
ya lekgolo, ntho e ka nnang ya etsahla korong e jetsweng nakong ya selemo Foreisetata Botjhabela kapa
tlasa maemo a komello e kgolo Foreisetata Bophirimela. Ho hlaselwa hape ha koro ena ho ka etsahala
nakong ya tlhaselo e qobellang hore ho be teng ho fafatsa ha tlatsetso, e le hore tshenyo e itseng e se e
etsahetse ha ho fafatsa ho entswe ka mora GS 12. Boemo ba tlhaselo mehatong e fapaneng ya bokgoni
ba kuno, e leng se qobellang ho fafatsa, ho fanwe ka tsona Theiboleng 12. Peo e sireleditsweng ka
meriana le meriana e sebediswang mobung ya dikokwanyana e a fumaneha mabapi le taolo ya bongata
ba Hwaba hammoho le taolo ya ho fihla matsatsing a 100 ka mora ho jala.
Sekgahla sa tlhaselo ya hwaba masimong
Ka ho laola peresente ya tlhaselo masimong, molemi o tla kgona ho etsa qeto hore na Hwaba di
tlamehile ho laolwa ka mokgwa wa dikhemikhale. Ha eba peresente ya tlhaselo masimong e lekana
le kapa e phahame ho feta kgothaletso mabapi le masimo a ikgethileng, kuno e tla fumanwa
qetellong ka baka la tshenyo ya Hwaba ya Rashya, e ke ke ya fihlella bokgoni ba kuno e phahameng.
Mehato e ka nkuwang ho fumana peresente ya tlhaselo masimong e tjena:
(a) Etsa qeto e sa le pele hore ke mehato e mekae e tla sebediswa e le selekanyetsi (standard) le
hore ke leoto lefe leo e tla ba la ho lekanya.
(b) Tsamaya ka hara masimo sebaka se seng sekae, ebe o simolla ho bala palo ya mehato eo ho
entsweng qeto ka yona. Palong e itseng ya mehato, dimela tse leshome tse haufiufi le
bokapele ba leoto le tshwayang/lekanyang, e a hlahlojwa mabapi le Hwaba. Palo ya dimela
tse hlasetsweng ho tse leshome e a rekotwa.
Tshebetso ena e boela e phetwa hape masimong kaofela ka makgetlo a leshome kapa ho feta moo.
Tsela ya ho hlahloba e tshwanetse ho emela masimo kaofela ka ha tlhaselo ya Hwaba hangata e
35
etsahala ka dibatobato mona le mane. Palo e kgolokgolo ya ho iphetapheta e kgonahalang e
tshwanetse ho hlahlojwa, ka ha e tla eketsa nepahalo peresenteng ya tlhaselo.
Theibole 12: Mehato e tlasetlase ya tlhaselo ya Hwaba ya Rashya bokgoning bo fapaneng ba kuno, e
leng bo qobellang ho fafatsa
Bokgoni ba kuno (ton ha-1) Mehato ya tlhaselo ho GS 12
(% dimela)
2.0 - 2.5
1.5 - 2.0
1.0 - 1.5
7
10
14
b) Mefuta e meng ya Hwaba
Hwaba ya belete, Hwaba ya sekgwa le Hwaba ya dipalesa ke dikokwanyana tsa mabatowa a pula tsa
hlabula. Hwaba tsena di rata dimela tse tenya, maemong a mongobo jwalo ka maemo a masimo a
noseditsweng, empa di boetse di tla ba teng dilemong tsa mongobo masimong a dibaka tsa komello.
Hwaba ya belete e na le mmele o botala bo fifetseng, o nkileng sebopeho sa tholwana ya pere, mme
ho na le bofubedu pakeng tsa siphunculi karolong e ka morao ya Hwaba (Setshwantsho 15a). Hwaba
ya sekgwa e ka nna ya ba tala kapa sootho ka mmala (Setshwantsho 15b). Siphunculi se selelele, se
setsho karolong e ka morao ke letshwao le totobetseng haholo la Hwaba ena. Hwaba ya dipalesa e
bosehla bo kganyang, mme e na le motsero o botla bo fifetseng ka morao ho ya ka bolelele ba yona.
(Setshwantsho 15c). Siphunculi ya Hwaba ena e tshwana le mmele ka mmala.
Setshwantsho 15 (a): Hwaba ya belete Setshwantsho 15 (b): Hwaba ya sekgwa
36
Setshwantsho 15 (c): Hwaba ya dipalesa
Mohato o kgothaletswang pele taolo ya Hwaba tsena e nkuwa, e leng ditsebe tse 70% tse
hlasetsweng ke Hwaba tse 5-10 tsebe ka nngwe. Diteko tsa ho fumana ditekanyo tse nepahetseng
haholo di etswa mabatoweng a pula tsa mariha. Moo taolo ka dikhemikhale e tshwanetseng ho etswa,
etsa bonnete hore e etswa ka nepo e kgolo. Ka mehla bala leibole le ho latela ditaelo ka nepo.
Hlokomela ho sebedisa methamo (dosage) e nepahetseng, ka ha methamo e fosahetseng e ka nna ya
qobella hore ho phetwe hape tshebetso, e leng ditshenyehelo tsa ditjhelete le kotsi thibelong ya
tswelopele ya Hwaba. Tshebediso e sa hlokahaleng ya dikhemikhale e tshwanetse ho qojwa ka hohle
hobane e boetse e bolaya dira tsa tlhaho e leng taba ya bohlokwa taolong ya Hwaba.
Dikokwanyana tse ding tse senyang
Dikokwanyana tse latelang di bonahala di hlasela mona le mane, mme ha se tsa sehlooho empa di
hlasela hamorao dijothollo tse nyane lebatoweng la pula tsa lehlabula:
a) Nta tse sootho tsa koro (Brown wheat mite)
Dikokwanyana tsena di nyane, di bosootho bo fifetseng, mmele o motopo; maoto a ka pele a
malelele ho feta a mang. Ho hlwela ho tshwanetse ho etswa nakong ya motsheare ka ha dikwanyana
tsena di qeta bosiu maemong a tjhesang, a moya, tlasa makwete a mobu. Mahe a behelwa ka tlasa
makwete. Ho behelwa mefuta e mmedi ya mahe; mahe a mafubedu, a mafolofolo, a fuangwang
nakong ya matsatsi a mmalwa; le mahe a masweu, a seng mafolofolo, a ka nnang a itulela mobung
nako ya selemo. Hoba a qhotswe, maemo a komello a tla kgothaletsa keketseho moo dimela tse
amehang di bontshang mahlaku a dibatobato ka baka la tshebetso ya phepo ya lero. Maemong a
matla a tlhaselo, mahlaku a ka nna a ba masehla kapa bronze, e leng se qetellang ka dibatobato tse
tshehla kapa tse sootho tse bonahalang masimong. Taolo ka tjefo e ka sebediswa maemong a tjena.
Ka lehlakoreng le leng, tshenyo ya kokwanyana tse sootho tsa koro e totobala haholo nakong eo
semela se leng tlasa kgatello, mme maemo ana ka kakaretso a thibela ho amohelwa ha tjhefu. Balemi
ba tshwanetse ho ela hloko hore pula ya sekgahla sa 12 mm kapa ho feta e ka fokotsa kokwanyana
tsena ka mokgwa o hlwahlwa, mme sena se ka fokotsa tlhokeho ya ho sebedisa tjefo.
b) Mokana seboko (False wireworm)
37
Ke mohato wa seboko wa kgolabolokwe ya mmala o fifetseng o nang le maoto a malelele, e atisang
ho bonwa e matha hodima mobu le ho ipata tlasa matlakala. Dibokwana ke mohato e senyang
haholo ka ho fetisisa, e jang peo, metso, le mahlaka tsa peo bokahodimong kapa hang feela tlasa
mobu. Dikgolabolokwe tse kgolo di ka senya mahlaka tse hlahang tsa peo hang feela tlasa mobu.
Sebokwana sena se ka hola ho fihla boleleleng ba 20 mm, mme e boreledi, mmala ke wa kgauta, o
bosootho bo fifetseng. Ditlwaelo tsa meetlo tsa ho lwantsha mohato ona wa dibokwana mobung di ka
thusa ho fokotsa ho ata ha tsona, ka ha dikgolabolokwe tse kgolo ha di tsebe ho fofa, mme masimo a
mang le a mang a dula a ena le palo ya baahi e fetohang ka palo selemo le selemo. Tshebetso peong
le yona e ka etswa ka mokgwa o hlwahlwa haholoholo moo dimela tse nyane di holang ka potlako
mobung o mongobo.
c) Popone (Bollworm)
Mmoto o seng o hodile o mmala o bosootho bo kganyang ho isa boputsweng, mme bolelele ba
mapheo ke 20 mm. Mmoto e fofa hoseng le mantsiboya, mme e behela mahe ka ho otloloha hodima
semela. Dibokwana tse nyane tse simollang sehla di qala ka ho ja chlorophyll ya mahlaku, hamorao
di falle, mme di qetelle ka ho ja dikarolo tse ka hare tsa peo. Mmoto ya moraorao tjena e behela
mahe a yona ka kotloloho hodima boditse ba koro. Dibokwana tsa qetelo di ka fapana botala bo
kganyanyang ho isa mmaleng o mosootho, mme wa ba le letshwao la moreto o mosweu ka
mahlakoreng. Dibokwana di ka hola fihlala boleleleng ba 40 mm, mme e ka baka tshenyo e kgolo,
haholoholo mabapi le tahlehelo ya boleng. Boteng ba bollworm ka kakaretso bo simolla ho
lemohuwa hang ha sebokwana se fihlelletse mohato o mahareng ka hara boditse. Balemi ba
tshwanetse ho hlwela masimo ho batlana le dibokwana tse nyane, ka ha tse seng di hodile di batla di
sa tshabe tjhefu, mme ho totobetse hore di baka tshenyo e kgolo papisong le tse nyane. Tlasa maemo
a komello, ho ka sebediswa tjhefo ha dibokwana tse 3-4 di le teng moleng ka mong wa mithara. Palo
e batlang e phahaphahame ya dibokwana tse 6-7 mithareng ka nngwe e a ameha tlasa maemo a
nosetso a nang le palo e phahameng ya peo. Le ha ho le jwalo, balemi ba hlokomele ho sebedisa
tekanyo e nepahetseng ya tjhefu tse ngodisitsweng tlasa maemo a lehodimo a loketseng taolo ya
dikokwanyana.
d) Kgolabolokwe e ntso ya poone (Black maize beetle)
Kgolabolokwe e seng e hotse ka ho phethahala e ntsho ka mmala, mme e bolelele bo ka etsang 12-15
mm, mme e na le bokgoni ha feela kganya e ntse e le teng. Tse tshehadi di behela mahe a 7-10
mobung, mme dibokwana di tswela pele mehatong e meraro e latelwang mohato wa pupa.
Kgolabolokwe tse kgolo di baka tshenyo e kgolo ka ho fetisisa, mme mehato ya tsona ya kgolo e
kgona ho phela haholoholo ka tse bolang tse fumanwang mobung. Tse kgolo di senya ka ho ja
karolong e tlase ya kutu e ntseng e hola, mme sena se qetella ka palo e fokotsehileng ya mahlaka. Ka
baka la tlwaelo ya tsona ya ho falla, ho tipa peo tjhefung pele jalwa e ka ba yona tharollo.
38
e) Litsienyane le kokwanahloko (Leafhoppers and maize streak virus)
Maize streak virus ke kokwanahloko e ka nnang ya nkuwa le ho fetisetswa ho tswa pooneng kapa ho
a mang a majwang a hlasetsweng, haholoholo e ka baka boemo bo tshwenyang ba bookgolane
korong le mefuteng e meng ya majwang. Koro e jetsweng pele haufi le masimo a poone ke yona e
kotsi haholo. Ha dimela tse nyane tsa koro di hlaselwa, di a kgineha, mme mahlaku a menahaneng a
bontsha metwa e mesesanyane, e mesweu, e melelele. Ha ho tjhefo tse ngodisitsweng mabapi le taolo
ya bookgolane korong. Tlhaselo e ka thibelwa ka ho sebedisa matsatsi a moraonyana a ho jala, hole
le masimo a poone.
Mabatowa a pula ya mariha hammoho le nosetso
Hwaba
Mefuta ya hwaba e bakang mathata dibakeng tsa pula ya mariha haholoholo ke Hwaba ya habore,
Hwaba ya sekgwa le Hwaba ya dipalesa. Hwaba ya Borashya, e leng hwaba ya koro e kotsi ka ho
fetisisa Afrika Borwa, e hlasela mona le mane karolong ena. Hwaba tse boletsweng pele mona di rata
moo dimela di teteaneng haholo, maemo e le a metsi, e leng a tlwaelehileng dibakeng tsa pula ya
mariha hammoho le masimo a noseditsweng. Nakong ya maemo a komello tulong ena, palo ya
hwaba e tlase, ntle feela le hwaba ya Borashya, e ithatelang maemo a komello.
Hwaba ya habore e botala bo fifetseng, e sebopeho sa tholwana ya pere, e mmala o mofubedu pakeng
tsa setono karolong e ka morao ya Hwaba (Setshwantsho 5a). Hwaba ya Sekgwa (Setshwantsho 5b)
e ka ba mmala o motala kapa o mosootho. Setono se selelele se setsho karolong e ka morao ke
letshwao le totobetseng haholo la Hwaba ena. Hwaba ya habore e bosehla bo kganyang le moreto o
molelele, o botala bo fifetseng ka morao (Setshwantsho 5c). Setono sa ya Hwaba ena se na le mmala
o tshwanang le wa mmele.
Setshwantsho 16 (a):Hwaba ya habore Setshwantsho 16 (b) Hwaba ya sekgwa
39
Setshwantsho 16 (c): Hwaba ya dipalesa
Hwaba ya habore e ikgethela ho itjella mahlaka a dimela, mme ha di le teng tshimolohong ya sehla,
di itjella mahlaka a haufi le bokahodimo ba mobu. Hamorao di itjella kutu ka tlasa hlohwana, mme
di ka nna tsa kena ka tsebeng. Hwaba ya sekgwa le ya rose di itjella bokatlase ba mahlaku a ka
hodimo. Ka mora ho etsa dihloohwana, Hwaba ya sekgwa e tla be e kena ka hara tsebe. Hwaba tsena
ha di tadingwe di le kotsi ka ho fetisisa. Mefuta ena ya hwaba e hlasela dimeleng tsa koro ka nako e
le nngwe, mme sekgahla sa tshenyo ya mofuta ka mong ha se bonahale. Tekong ya ho fafatsa ka
Kapa e ka borwa, boteng ba mefuta e fapaneng ya Hwaba ka mora nako e telele bo ile ba kgona ho
tsejwa (Setshwantsho 17). Hwaba ya sekgwa e bile e ngata ka ho fetisisa.
Taolo ka tjhefo e ka etswa ha 40 – 50% ya dikutu e hlasetswe ke 5-10 ya hwaba hloho ka nngwe.
Diteko tsa ho fumana ditekanyo tse nepahetseng haholo di etswa mabatoweng a pula tsa mariha.
Moo taolo ka tjhefo e tshwanetseng ho etswa, etsa bonnete hore e etswa ka nepo e kgolo. Ka mehla
bala tataiso le ho latela ditaelo ka nepo. Hlokomela ho sebedisa tekanyo e nepahetseng, ka ha
tekanyo e fosahetseng e ka nna ya qobella hore ho phetwe hape tshebetso, e leng ditshenyehelo tsa
ditjhelete le kotsi thibelong ya ngatafalo ya Hwaba. Tshebediso e sa hlokahaleng ya tjhefo e
tshwanetse ho qojwa ka hohle hobane e boetse e bolaya dira tsa tlhaho e leng taba ya bohlokwa
taolong ya Hwaba.
40
Setshwantsho 17: Palohare ya Hwaba seratswaneng ka seng.
Lilemo
Dikokwanyana tse ding tse tshwenyang
a) Popane (Bollworm)
Mmoto o seng o hodile o mmala o bosootho bo kganyang ho isa boputsweng, mme bolelele ba
mapheo ke 20 mm. Mmoto e fofa hoseng le mantsiboya, mme e behela mahe ka ho otloloha hodima
semela. Larva tse nyane tse simollang sehla di qala ka ho ja chlorophyll ya mahlaku, hamorao di
falle, mme di qetelle ka ho ja dikarolo tse ka hare tsa peo. Mmoto ya moraorao tjena e behela mahe a
yona ka kotloloho hodima boditse. Dibokwana tsa qetelo e ka fapana ho tloha botaleng bo kganyang
ho isa bosoothong, mme ya ba le letshwao la moreto o mosweu ka mahlakoreng. Dibokwana e ka
fihla boleleleng ba 40 mm, mme e ka baka tshenyo e kgolo, haholoholo mabapi le tahlehelo ya
boleng. Boteng ba bollworm ka kakaretso bo simolla ho lemohuwa hang ha larva e se e fihlelletse
mohato o mahareng ka hara boditse. Balemi ba tshwanetse ho hlwela masimo ho batlana le
dibokwana tse nyane, ka ha tse seng di hodile di batla di sa tshabe dibolayakokwanyana, mme ho
totobetse hore di baka tshenyo e kgolo papisong le tse nyane. Tlasa maemo a komello, ho ka
sebediswa dikhemikhale ha dibokwana tse 3-4 di le teng moleng ka mong wa mithara. Palo e batlang
e phahaphahame ya 6-7 dibokwana mithara ka nngwe e a ameha tlasa maemo a nosetso a nang le
palo e phahameng ya peo. Le ha ho le jwalo, balemi ba hlokomele ho sebedisa bongata bo
nepahetseng ba dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng tlasa maemo a lehodimo a loketseng taolo ya
dikokwanyana.
0
5
10
15
20
25
30
35
26/06/2006 5/08/2004 1/09/2004 14/09/2004 6/10/2004
Hwaba ya Rashya
Hwaba ya Belete
Hwaba ya Sekgwa
Hwaba ya Dipalesa
41
b) Polile (Grain chinch bug)
Ditshitshidi tsena tse telele di ja lero, mme di bolelele ba 4-5 mm. Mahe a behelwa meleng e ka
fihlang ho 150 hodima kgohlopo tsa mahlaku, hammoho le larva (nymph) tse se nang mapheo tse
mmala o mosehla ho isa mmaleng wa lamunu, e leng o bang teng nakong ya selemo. Ka bobedi,
nymph tsena le tshitshidi tse seng di hodile, di ja ka ho monya lero la semela. Lero le ka nna la
monngwa le etswa peong. Tshenyo e totobala haholo tlasa maemo a futhumetseng, a ommeng, ka ha
dimela tse hatelletsweng di haellwa ke bokgoni ba ho mamella kapa ho boela di eba le matla ka mora
tshenyo. Nakong ya tshimoloho ya lehlabula, ditshitshidi di a falla, mme di aha semeleng se di
amohelang, moo di phelang matsatsi a hlabula teng pele di hlasela dijothollo tsa koro nakong ya
mariha. Le hoja ho se dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng kgahlanong le kokwanyana ena
korong, mofuta o mong o haufi, o fosahetseng wa Nysius natalensis o na le dibolayakokwanyana tse
ngodisitsweng kgahlanong le yona. Le ha ho le jwalo, ha ho dintlha tsa boleng tseo hajwale di
fumanehang mabapi le mofuta ka mong kgahlanong le koro.
c) Kgofu (Grain slug)
Le hoja lebitso le bolela ho hong hosele, hona ke larva ya kgolabolokwe e botala ba tshepe. Ena e
bolelele ba 5 mm, mme e fumaneha disereleng ho tloha kgweding ya Phupjane ho ya pele. Mahe a
behelwa ka dihlopha tsa mela ya 2-5 mothapong wa sehlooho wa lehlaku. Dibokwana di a kganya
ka mmala, empa di phakisa di kwahela mebele ya tsona ka ntho e ntsho, mme sena se di fa sebopeho
se setsho sa tsona. Dibokwana e itjella pakeng tsa methatswana (veins), e leng se qetellang se bakile
mereto e melelele, e mesweu, e tswelang pele mahlakung a sentsweng. Hajwale, ha ho
dibolayakokwanyana tse seng di ngodisitswe mabapi le koro.
d) Nta tse ntsho tse maoto a mafubelu (Black sand mite on red-legged earth mite)
Tsena ke dikokwanyana tse nyane tse ntsho, tse bolelele ba 0.5 mm, tse maoto a mafubedu, a
simollang ho hlaha ka mora sehla se setle sa pula tsa mariha. Di itjella lero la semela, e leng se
qetellang se hlahisitse metero e bosweu bo benyang e bapileng le mothapo wa sehlooho haholoholo
wa mahlaku a seng a tsofetse. Tlhaselo e matla haholo e ka nna ya kgannela ho shweng ha dimela
tse nyane. Dikgonyana tsena di qeta nako ya hlabula di le ka maheng a bolokilweng ke kokwanyana
42
e tshehadi ka hara mmele wa yona ho fihlela ka mora lefu la yona. Moriana o le mong o se o
ngodisitswe le hoja ho se katleho e seng e le teng.
Taolo ya malwetse (Mabatowa kaofela)
Malwetse a metso
Mahohola (Take-all)
Mahohola korong e bakwa ke kokwanahloko, mme hape bolwetse bona bo tsejwa ka hore ke Ggt.
Bolwetse bona bo ka kgannela tahlehelong ya kuno e ka fihlang ho 72% ha eba bo sa laolwe di sa
tloha. Tlhaselo e tlwaelehileng ya Mahohola e tsebahala ka dibatobato tse tjheleng tsa dihloohwana
tse tshweu pele di butswa. Dihloohwana tsena di hlahisa peo e sa tsweleng pele, e omeletseng, mme
e ka nna ya sitwa ho hlahisa peo. Ntle le ho sweufala ha dihloohwana mahlaku le metso aa ntshofala
(Setshwantsho 18). Ho kgineha le phokotseho ya palo ya mahlaku a semela sa koro ke taba e
lemohuwang kgafetsa ka nakong eo semela se holang ka yona. Keletso e ka thusang ho tseba ha eba
bolwetse bo se bo kena masimong ke ho leka ho fothola semela mobung. Semela se hlasetsweng se
itswela ha bonolo feela mobung, mme se tla bontsha le ho ntshofala ho tlwaelehileng ha metso e
senyehileng.
Ke ntlha tse ngata tse lemohuweng e le tsona tse kgothaletsang bolwetse bona. Tsona di kenyelletsa
mobu o lehlabathe,o se nang bodila, o sa nonang, o sa monyeng metsi hantle, moo ho jaduweng peo
e ngata, mobu o nang le kgaello ya manganese le nitrogen. Ntlha e totobetseng ka ho fetisisa e
kgothaletsang bolwetse bona ke ho jalwa ha koro tshimong e le nngwe moo pele ho neng ho jetswe,
nawa, soya, lesere kapa masimo ao bolwetse bo neng bo atile ho ona sehleng se fetileng. Bolwetse
bona ba Mahohola bo ka laolwa ka matla ka ho sebedisa mekgwa ya taolo ya tjhefo le ya tlwaelo. Ho
fihlela jwale, Latitude ke yona feela e ngodisitsweng e ka ka sebediswang ho bolaya hlobo peong e
ka sebediswang kgahlanong le Mahohola Afrika Borwa. Re tshwanetse ho utlwisisa hore ho
sebedisa Latitude ha ho bolele hore jwale re se re hlotse ntwa ka hohle mabapi le bolwetse bona.
Sena se mpa se bolela feela hore ha bolwetse bo kena, metso e tla be e se e tiile hoo e ka emang
kgahlanong le tlhaselo ya bolwetse, mme metso e fa semela monyetla wa ho fihlella bokgoni ba
sona. Mabapi le mekgwa ya taolo ho ya ka tlwaelo, ke phapantsho ya dimela ka ho jala semela se
seng se sa angweng ke bolwetsi bona jwaloka sonoblomo, ditapole le habore. Tsena di thusa haholo
ho kgina bolwetse bona ba Mahohola. Tshebediso ya nitrogen ya mofuta wa ammonium e se e
bonwe hore e matlafatsa semela kgahlanong le bolwetse bona. Sena se tshwanetse ho etswa mmoho
le manyolo a nang le potassium chloride kapa chlorine.
43
Setshwantsho 18: Ho ntshofala ha metso le hloho e sa behang
Ho bola lipakeng tsa metsho le kutu (Crown rot)
Ho bola lipakeng tsa metsho le kutu ke bolwetse bo bang teng ha karolo e tlase ya kutu ya dimela tse
kgolo dihlaselwa ke hlobo e bitswang genus Fusarium. Matshwao a bolwetse bona a iponahatsa
haholo nakong ya ho hlaha ha dipalesa kapa ka mora nako e telele ya kgatello ka baka la mongobo, e
leng nakong eo semela kaofela ha sona kapa dikarolo tsa sona di itjhwellang feela ka tshohanyetso.
Ka baka lena, bolwetse bo kena neng kapa neng ha koro e lengwa maemong a komello, haholoholo
dikarolong tse bohareng le tse Bophirimela, mabatoweng a Swartland le Humansdorp ho la Kapa
Bophirimela. Matshwao a itshwanela hantle le a tlhaselo ya take-all mabapi le ntshetsopele ya
hlohwana tse tsweu tse feletsweng ke matla a tlhahiso. Le ha ho le jwalo, matshwao a itseng a
ikgethang a ka sebediswa ho bontsha phapang pakeng tsa Ho bola lipakeng tsa metsho le kutu le
Mahohola. Ana a kenyeletsa mmala o bosootho bo bofubedu tlase kutung le masoba a bang teng
kutung, e leng a tletseng kokwana ya hlobo, e bosweu bofubedu (fungal hyphae) (Setshwantsho 19).
Hajwale ha ho dithibekalahloho tse seng di ngodisitswe kgahlanong le Ho bola lipakeng tsa metsho
le kutu Afrika Borwa. Mefuta kaofela ya peo e a hlaselwa, le hoja e le e mmalwa feela e hlaselwang
ha bonolo ho feta e meng. Tshebediso ya mokgwa wa ho tlohela masimo a phethotswe empa a sa
jalwa, hammoho le thibelo ya ho teteana ha mobu ke mehato ya bohlokwa taolong ya bolwetse bona.
Ho teteana ha peo ho fetang ho kgothaletswang le tshebediso e fetang tekano ya nitrogen di
tshwanetse ho qojwa mabatoweng a pula tse tlase.
Setshwantsho 19: Mahlaka tse hlasetsweng ke hyphae
↓ ↓ ↓
44
Malwetse a mahlaku
Rusi e tsehla ( Yellow Rust)
Ke bolwetse ba senwamadi hobane bo ka hola feela ha bo holela ka hara semela kapa ho hong ho
phelang. Bolwetse bona bo ka hlasela koro, kgarese, triticale, rye hammoho le mefuta e meng ya
majwang. Matshwao a bolwetse bona hangata ke dihloba tse bosehla bo kganyang ho isa mmaleng
wa lamunu, tse hlahang meleng e latelanang hodima lehlaku (Setshwantsho 20). Ha eba tlhaselo e le
matla haholo, dihloba di ka nna tsa ba teng hodima kutu kapa ka hara ditsejana. Rusi e tsehla e
hlahella mathwasong a sehla sa selemo, mme bolwetse bona bo hloka motjheso o pakeng tsa 10 -
20C le pula kapa serame se bang teng mona le mane. Metsi a ya hlokahala mabapi le ho mela le
tlhaselo. Nakong tse tjhesang le tse ommeng, bo ya emisa, mme bo tla boela ho tswela pele
maemong a phodileng, a mongobo. Mefuta e fapaneng ya dibolayahlobo e ngodisitswe kgahlanong le
bolwetse bona. Taolo ya bolwetse ka ditjhefo e tshwanetse ho sebediswa ka mora ho hlwauwa ho
nepahetseng ha bolwetse, ha maemo e le a matle mabapi le ho kena ha bolwetse le ho ata ha bona.
Ha eba sewa se kena mefuteng ya peo e hlaselwang ha bonolo, nako e nepahetseng ya ho fafatsa ke
ya bohlokwa haholo ho tshireletsa semela nakong ya pokello ya peo. Tlhaselo tse matla haholo di ka
baka tahlehelo ya kuno ka ho fokotsa palo ya peo hlohwaneng ka nngwe kapa boleng ba peo.
Setshwantsho 20: Matshwao a pele le a morao a yellow rust
45
Rusi e sootho (Rusi e Sootho)
Bolwetse bo bakwang ke Puccinia recondita f.sp. tritici. Dihloba tse mmala wa lamunu ho isa ho o
mofubedu di bonahala bokahodimong ba lehlaku (Setshwantsho 21). Leaf rust e hlasela dijothollo tse
nyane hammoho le mefuta e meng ya jwang. Dihlobana di nyane ho feta tsa Rusi e ntsho.
Tshimolohong, mahlaku a ba matala, empa hadihloba di bopeha, disele tsa mahlaku di a shwa, mme
mahlaku a ba bosootho ka mmala. Bongata ba masobana a matsho a ka nna a bonahala dimeleng tse
kgolo ha maemo a tikoloho a le matle. Nako e nepahetseng ya ho fafatsa ke taba ya bohlokwa haholo
mabapi le ho tshireletsa semela nakong ya ho tlatswa ha peo. Tlhaselo tse matla di ka kgannela
tahlehelong ya kuno. Boleng ba peo bo a senyeha ha tlhaselo e le matla haholo.
Setshwantsho 21: Matshwao a pele le a morao a leaf rust
Rusi e ntsho (Stem Rust)
Rusi e ntsho e bakwang ke Puccinia graminis. f.sp. tritici, ke senwamadi se ka holang ka ho phela ka
hara semela se seng. Koro, harese, rye le mefuta e itseng ya majwang di hlaselwa ke bolwetse bona
ba stem rust. Matshwao a kenyeletsa dihloba tse motopo ka sebopeho, tse mmala o bofubedu bo
fifetseng ho isa bosoothong, e leng tse bonahalang kutung ya dimela (Setshwantsho 22). Ha tlhaselo
e le matla, mahlaku, kgohlopo ya mahlaku, boditse le yona peo ya mofuta o hlaselwang, kaofela di a
ameha. Motjheso o kgothaletsang ho mela ha peo ke o pakeng tsa 15-24°C. Stem rust e ata haholo
hamorao nakong ya sehla sa selemo moo maemo a lehodimo a tjhesang, a leswe a kgothaletsang ho
ata ha bolwetse bona. Tlhaselo ya pele e fokotsa palo ya mahlaka a koro, mme e qetella ka tahlehelo
ya boima ba dijothollo le boleng. Tlasa maemo a mabe, tahlehelo e phethahetseng ya dijothollo e ba
teng.
46
Setshwantsho 22: Matshwao a pele le a morao a stem rust
Mabadi a maputswa (Glume Blotch)
Mabadi a maputswa a koro e bakwa ke hlobo e jarwang ke peo, Septoria nodorum, mme e ama
mahlaku. Bolwetse bona bo ba teng haholo moo ho jalwang morao dibakeng tsa Botjhabela ba
Foreisetata le Kwazulu-Natal, mme peo e ka itshalla hodima ditlhaka ho fihla kgweding tse 12.
Maemo a thusang keketsehong ya bolwetse bona a kenyeletsa leswe mahlakung ho fihlela horeng tse
7, Motjheso o pakeng tsa 15-25°C hammoho le mongobo oo ka kakaretso o batlang o phahame.
Matshwao a amanang le glume blotch a fapana ka mofuta wa peo ho ya ka hore semela se hlaselwa
ha bonolo hakae. Temalo e nkileng sebopeho sa kgalase e atile haholo mefuteng e tsofetseng ya
dipeo, e hlaselwang ha bonolo. Temalo tsena di hlaha di le sootho di ena le bohare bo botsho, mme
di potapotilwe ke dibaka tse kgolo tse shweleng. Mefuteng e lwantsang tlhaselo, temalo ke tse nyane
tse potapotilweng ke karolwana tse shweleng. Dikarolwana tse nyane, tse ntshonyana di ka nna tsa
fumanwa tsebeng e hlasetsweng. Bolwetse bona bo ka laolwa ka mokgwa o hlwahlwa wa ho
sebedisa mefuta ya peo e lwantshang tlhaselo. Mefuta e mengata ya dibolayahlobo e boetse e a
fumaneha kgahlanong le bolwetse bona, empa tsena di ka sebediswa feela ha bolwetse bona bo se bo
qollotswe ka nepo. Mabadi a maputswa e ba le tshenyo e kgolo ha tlhaselo e simolla e tloha
mohatong wa lehlaku ho ya ho wa dipalesa; ke ka baka lena e leng tlameho hore semela se baballwe
nakong ena. Ntle le taolo ka ditjhefu, mekgwa ya tlwelo e kang ho tjheswang ha ditlhaka ho ka nna
ha laola bolwetse bona. Le ha ho le jwalo, phapantsho ya dimela e sala e le mokgwa o hlwahlwa ka
ho fetisisa wa taolo.
Rusi e Tsweu ( Powdery Mildew)
Setshwantsho 23: Matshwao a Powdery Mildew
47
Rusi e tsweu e bakwang ke Erysiphe graminis f. sp. Tritici ke bolwetse bo bang teng maemong a
mongobo, mme bolwetse bona bo hlasela koro, harese, habore, rye le mefuta e mengata ya majwang.
Matshwao a powdery mildew a kenyelletsa dibatobato tse tshweu ho isa ho tse putswa dikarolong tse
hlaheletseng ka ntle tsa semela. Rusi e tsweu e boetse e ngata haholo dikarolong tse ka hodimo tsa
mahlaku a ka tlase (Setshwantsho 23), empa bolwetse bona bo ka nna ba ata le ho fihlella dihlooho
ka tlhaselo tse matla.
Dikarolwana tse nyane, tse ntshonyana, di a bopeha dikarolwaneng tse lemetseng, tse tsofetseng tsa
semela, mme di fetoha dikarolwana tse salletseng. Rusi e Tsweu e rata maemo a phodileng, a maru, a
leswe hammoho le dimela tse teteaneng.
Bolwetse bona bo hlahella haholo motjehesong o dipakeng tsa 15 le 22°C. Ka baka la tlhaselo,
tswelopele ya semela e a kgineha ho tloha hloohong ho ya mohatong wa ho bopa dipeo.
Phori e ntsho (Loose smut)
Bolwetse bona bo bakwang ke Ustilago tritici, bo hlahella hohle moo koro e melang teng.
Matshwao a tlwaelehileng a bolwetse bona a ka bonwa feela ha hloho e se e hlahile. Dihloho tse
hlasetsweng le tse phetseng hantle ka bobedi di hlaha ka nako e le nngwe. Dihlohong tse
hlasetsweng, ho hlaha dikarolwana tse senyehileng, tse bosootho bo fifetseng tse nkang sebaka sa
dijothollo. Dikarolwana tsena di tla fefoleha, mme ho sale feela kutu e hlobotseng. Dikarolo tsena tse
senyehileng di tla hlasela dihloho tse phetseng hantle. Bolwetse bo tla kgutsa, bo ipate, empa
selemong se hlahlamang bolwetse bo tla boela bo hlaha. Bolwetse bona bo ntshetwa pele ke maemo
a phodileng, a mongobo, a tla lelefatsa nako ya dipalesa ya semela. Ho thibela bolwetse ba loose
smut ho kgothaletswa tshebediso ya dikhemikhale peong. Ho tlatselletsa, ho kgothaletswa hore
balemi ba sebedise peo e tiiseditsweng feela.
Phori ya Polile (Stinking smut)
Bolwetse bona bakwa ke Tilletia species, mme bo atisa ho fumanwa dimeleng tsa koro, harese le
mefuta e meng ya majwang. Matshwao a bolwetse a ka bonwa ha hloho di se di hlahile.
Dikgokgwane kapa metsu e fifetse ka mmala, e fapana ka bophahamo, mme ho holofala ha metsu ho
ba teng. Metsu ena e hlasetsweng e nka nako e teletshana ho fihlella boemo bo phethahetseng ba
kgolo. Dibolonyana tse jereng bolwetse di dula di kwaletswe ka hara sephuthelwana sa peo ho fihlela
kotulong, di bosootho bo boputswa, di tjhitja ka sebopeho. Ha dibolonyana tsena tse senyehileng di
thuuwa, ho hlaha phofonyana e ntsho, e nang le monkgo o matla wa tlhapi. Nakong ya kotulo,
dikarolwana tsena tse senyehileng di a hasanngwa, ebe di tshwaetsa dijothollo le mobu. Ho thibela
bolwetse bona, sebedisa peo e nang le kemelo kgahlanong bolwetsi bona kapa sebedisa mokgwa wa
peo e inetsweng ditjhefu pele ho jalwa.
48
Malwetse a atileng haholo moo ho nosetswang
Kokwana tlhoko ya poone (Maize streak virus)
Setshwantsho 24: Kokwana tlhoko ya poone
Kokwana tlhoko ya poone e kgannela boemong bo tsejwang e le motwa wa koro kapa ho kginwa ha
kgolo le tswelopele ya koro. Bolwetse bona bo tsamaiswa ke mofuta of iseng wa marutle nang le
kokwanahloko, mme a e fetisetsa semeleng nakong ya ho ja. Palo ya marutle ana e phahame haholo
moo maemo a lehodimo a futhumetseng, mme ka baka lena mehato ya bolwetse e phahame haholo
mabatoweng ana. Mabatowa a shebaneng le mathata a kenyeletsa Northern Province (Limpopo),
Vaalharts le KwaZulu-Natal. Matshwao a tlwaelehileng a MSV a kenyeletsa ho kgineha ha kgolo ya
dimela, le metwa e mesehla, e mesesanyane e mathang mmoho le bolelele ba lehlaku. (Setshwantsho
24). Metwa ena e bonahala e simolla ntlheng ya lehlaku, mme e theose jwalo ho ya molaleng wa
lehlaku. Ditsebe le tsona di bonahala di sosobane, di honyetse, mme di sa hlahe hantle. Tshebediso
ya mefuta ya peo e emelanang le bolwetse e sebetsa e le mohato o motle taolong ya bolwetse bona.
Hlooho e pinki (Fusarium head blight)
Hlooho e pinki ke kokwanahloko e bakang bolwetse ba Hlooho e pinki. Matshwao a tlwaelehileng a
kenyeletsa ho sweufala ha pele ho nako ha e nngwe kapa kaofela dihlohwana. Kapelenyana
dihlohwana di lahlehelwa ke chlorophyll, ebe di ba putswa ka mmala (Setshwantsho 25). Ha di
hlaselwa, dihlohwana hangata ha di sa na matla kapa peo e a omella, e sosobana, e ba nyane, e ba
bopinki bo bosweu ka mmala. Maemo a matle a kenyeletsa motjheso o pakeng tsa 16 le 36°C,
hammoho le mongobo o phahameng ka kakaretso. Ka baka la tlhahiso ya tjhefo tse kang DON, NIV
le ZEA, bolwetse ba scab bo ka nna ba baka tahlehelo e nngwe temong. Bolwetse bo atile haholo ka
ho qolleha moo nosetso ya bohareng-tikoloho e sebediswang, e leng moo mokgwa wa phapantsho ya
dimela wa “koro korong” kapa “koro pooneng” o latelwang. Mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa wa
ho laola bolwetse bona ke wa phapantsho ya dimela ka dijothollo tse sa hlaselweng ha bonolo ke
bolwetse bona, hammoho le ho tjheswa ha masalla a koro le a poone. Ho tipa peo ditjhefong pele o
49
jala e ka nna ya sebediswa e le mohato wa thibelo. Tshebediso ya dibolayahlobo hangata e sitwa ho
sebetsa hobane koro e tshwanetse ho fafatswa nakong ya mohato wa ho hlahisa dipalesa, mme
hangata ketsahalo ena e batla e sitisa mohato ona.
Setshwantsho 25: Hlooho e Pinki
Phori ya Karnal (Karnal Bunt)
Phori ya Karnal (KB), e bakwang ke kokwana, smut fungus Tilletia indica var. Mitra, ha jwale e
tsejwa e le bolwetse bo jeleng setsi dibakeng tse nosetswang tsa Douglas/Prieska. KB e tadingwa e le
bolwetse bo tshireleditweng ho ya ka melao le ditaelo tsa Afrika Borwa, mme boteng ba bolwetse
bona bo tshwanetse ho tlalehwa ho ba Lefapha la Naha la Temo (National Department of Agriculture
(NDA). Ka mora ho qollwa ha KB Afrika Borwa ho ile ha hlongwa Sehlopha sa Tshebetso ka
sepheo sa ho bokella melao e lokelang ho latelwa mabapi le phokotso ya ho ata ha bolwetse bona.
Mehato e latelwang e kenyeletsa ho behwa tekong ha diyunite tse ngodisitsweng tsa peo hammoho le
dijothollo kaofela tsa kgwebo mabapi le boteng ba diphedi tsa KB tse bitswang teliospores. E boetse
e kenyelletsa melawana ya ho behelwa ka thoko le ditumello tse thata mabapi le ho tsamaiswa ha
dijothollo ho tloha ntlheng e nngwe ho ya ho e nngwe hammoho le ditshilong.
Maemo a matle tswelopeleng ya KB a kenyeletsa motjheso o pakeng tsa 16-23ºC, tse tlase tse
pakeng tsa 7-11ºC, mongobo o phahameng ka ho fetisisa letsatsi le letsatsi o fetang 70% le mongobo
o tlase o fetang 48% le pula e ka methwang nakong ya matsatsi a latelanang. Matshwao a
tlwaelehileng (Setshwantsho 26) a amanang le KB a kenyeletsa ditlhaku tse hlasetsweng tse
bonahalang di ntshofaditswe le ho jeha, ho kumeha, tse nang le monkgo o mobe wa tlhapi. Tsejaneng
tse hlasetsweng le glumes di ka boela tsa hlaha di bulehile, mme tsa pepesa ditlhaku tse sentsweng.
Hlohwana tsa dimela tse hlasetsweng ka kakaretso di a fokotseha ka bolelele le ka palo ya spikelets.
Le ha ho le jwalo, hangata ho boima ho ka tseba bolwetse masimong, ka ha tsebe yohle kapa semela
sohle ha se a tlameha hakaalo ho hlaselwa sohle. Mokgwa o batlang o tshepahala ke o kenyeletsang
tlhahlobo ya microscopic e mabapi le diphedi (teliospores) tsa KB. Dikarolwana tse senyehileng
(spores) tsena di bonahala ha bonolo tlasa lebone la microscopic mabapi le spores tse ding tsa
50
malwetse a smut a atileng Afrika Borwa (loose smut le stinking smut). Ka baka lena, ho hlokahala
tlhahlobo e nepahetseng hammoho le mehato e hlokahalang ya tlhokomediso e ka nkuwang.
Mabapi le taolo ya KB, balemi ba koro ba sebedisa peo e tiisitsweng hore ha e na spores tsa KB.
Kgothaletso hape ke ho phekola peo ka Anchor Red (active ingredient: carboxin) ka ha
sebolayahlobo sena se ena le bokgoni ba ho fedisa spores dife kapa dife tse ka bang teng bokantleng
ba peo, le ho sebetsa e le mohato wa thibelo pele bolwetse bo simolla ho kena. Mabatoweng ao KB e
seng e hlwailwe, ho fafatsa habedi ka Triticonazole (Tilt or Bumper) ho a kgothaletswa. Teko ya pele
e etswa ka 25% ya ho hlaha ha tsebe, mme e latelwe ke ya bobedi ka mora matsatsi a 10. Mokgwa
ona wa ho fafatsa o sebediswa ke boholo ba balemi ba koro lebatoweng la Douglas ka sepheo sa ho
fokotsa tlhaselo ya KB hore e be tlasa mohato wa 2%.
Mekgwa ya dikhemikhale ha e a lekana ho laola bolwetse bona. Katamelo e kopanetsweng e
sebedisang mekgwa ya tlwaelo ya taolo hammoho le ditjhefo tsa dibolayahlobo, e a kgothaletswa.
Phuputso e bontshitse hore sekgahla se phahameng sa bolwetse se mpefatswa ke tshebediso e
phahameng ya nitrogen, dimela tse teteana le ho jala siilweng lata. Ho arola tshebediso ya manyolo a
nitrogen ho bontshitse ho theoha ha sekgahla sa tlhaselo ya bolwetse papisong le tshebediso e le
nngwe feela pele ho jalwa. Phapantsho ya dijothollo e kgothaletswa haholo. Dijothollo tse kang
durum kapa harese di ka sebediswa bakeng sa koro mabatoweng a boemo bo kotsi haholo ba koro.
Ho bohlokwa ho nka mehato ya bophelo bo botle mabapi le mabatowa a behetsweng ka thoko ho
thibela kokwanahloko hore e se tswe lebatoweng le hlasetsweng. Maemong ana, disebediswa tsohle
tsa temo le metjhine di tshwanetse ho hlatsuwa ka kgatello e phameng ya metsi pele disebediswa
kapa di tloha tikolohong e hlasetsweng ke KB.
Setshwantsho 26: Phori ya Karnal
51
Bolwetse bo atileng haholo Kapa Bophirimela
Thaka ya leihlo (Eyespot)
Thaka ya leihlo e bakwang ke Pseudocercosporella herpotrichoides, e iponahatsa tlase kutung
(crown) ya koro. Tlhaselo ya bolwetse bona e fokodisa mahlaka, mme tahlehelo ya kuno e bakwa
haholoholo ke ho putlama pele ho kotulo. Ho qhoma ha bolwetse bona ho etsahala haholoholo
mabatoweng a pula tse phahameng tsa Koeberg le Swartland. Mabatoweng a Rûuens bolwetse bo ba
teng mona le mane. Ntle le koro, majwang a Bromus le Hordeum a boetse a ikentse dibaka tse fang
bolwetse bodulo hore hlobo e qetelle kgolo ya yona. Tshebediso ya phapantsho ya dijothollo le ho
fediswa ha majwang a hlaselwang ha bonolo, e ka ba mekgwa ya ho laola bolwetse. Le ha ho le
jwalo, dibolayahlobo tse sebetsang ka hara semela di a fumaneha ho thusa ho kgina tlhaselo le bohale
ba sewa sa bolwetse bona.
Mahola le taolo ya ona
Lehola ke semela se phehelletseng ho mela moo se sa batlweng kapa moo se sa hlokweng teng.
Semela sa poone se fumanwang masimong a koro ke lehola hobane se mela moo e seng ka sepheo,
mme se ka nna sa hlodisana le koro.
Tse tsebahalang ka mahola
(a) Mahola a hlahisa peo e ngata semeleng ka seng sa lehola, mohlala, thepe, senkgane le seruwe.
b) Mahola a leqophe, mme a kgahlanong le taolo le ho fediswa ha ona.
c) Mahola a ka ipata yaka a fedile nako ya dilemo tse mashome a mararo ho isa ho a mane.
d) Mahola a thata ka nnete, mme a kgona ho mamella maemo a mabe a leholimo joalo ka
komello.
e) Mahola a etsisa dijothollo tse ding, mme ho arolwa ha ona le dijothollo ke bothata bo boholo
haholo.
f) Mahola a ka atiswa ka mokgwa wa motabo kapa ka mekgwa e meng.
Sekgahla se kotsi sa mahola
(a) Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le kganya, menontsha le metsi.
(b) Mahola a fokotsa boleng le bongata ba dihlahiswa tsa temo.
(c) Mahola a fetoha sebaka sa bodulo sa malwetse le dikokwanyana.
(d) Mahola a eketsa ditjeo tsa mosebetsi le disebediswa.
(e) Boteng ba a mang a mahola bo ka nna ba baka ho theoha ha boleng ba mobu, mme ka hoo a
baka ho theoha ha boleng ba masimo.
52
(f) Mahola a mang a na le tjhefo, mme a ka baka dikotsi bophelong bo botle ho batho le
diphoofolo.
(g) Mahola a metsing a sitisa ho phalla ha metsi a dikema tsa nosetso, ho monngwa ha metsi,
mme a fetoha moleko bophelong ba metsing, mohlala, ho tshwaswa ha dihlapi.
(h) Mahola a fokotsa boleng ba boithapoloso ba dibopuwa tsa metsing.
(i) Mahola a fokotsa bokgoni ba ho jara ba masimo le ba makgulo.
(j) Mahola a hola ka potlako, mme a hlola dijothollo.
Melemo ya mahola
(a) Mahola a mang a na le melemo ya meriana, mohlala, lipitsa tse nowang, kgebong ya meriana.
(b) Mahola a sebediswa e le mohlodi wa lero la kokwana mananeong a tswadiso.
(c) Mahola a sebediswa e le furu ya diphoofolo le meroho ya batho.
(d) Mahola a mang a sebediswa mabapi le ho sehela meedi joalo ka terata.
(e) Mahola ha a tswakantswe le mobu a eketsa tse bolang ho etsa manyolo.
(f) Mahola a sebedisa jwalo ka kobo e tshireletsang ho fokotsa tahlehelo ya metsi mobung.
(g) Mahola a mang a eketsa nitrogen mobung.
(h) A fana ka kobo e tshireletsang bokahodimo ba mobu kgahlanong le pula le moya o hoholang.
Hlophiso ya mahola
Mahola a ka hlophiswa ho ya ka tse latelang:
(a) Popeho- Ka lehlaku leleleng - majwang le mefuta ya majwang.
-Mahlaku a mabedi a peo, mohlala, dinawa kapa tseo e seng tsa monawa.
(b) Nako ea bophelo –selemo le selemo, lemo tse pedi, dihla kaofela, nako e kgutshwane.
(c) Ditlwaelo tsa ho ja – di ja ho tse ding, di a itlhokomela ka botsona.
(d) Tlwaelo lefatsheng - tlameho kapa boikgethelo kapa itshetlehile ka hohle ho tse ding.
(e) Tshimoloho- lehola leo e leng letswallwa la sebakeng seo kapa le hlaha ka ntle.
f) Kopano ya dijothollo le mahola –ho phela ka tse ding.
g) Theho ya mabitso – theho hodima tse ding.
h) Ditlamatlama kapa patsi
Kgolo le ho ata ha mahola
(a) Mahola a ata ka mokgwa o sa kenyelletseng motabo. Ke ka kutu tse namang, mahlaka a kang
metso, metso e jewang, le ka kutu tse tenya tlasa mobu. Mahola a ata ka peo, e leng mokgwa
wa motabo.
(b) Kgolo ya mahola le ntsetsopele.
53
Dipeo tsa mahola, jwalo ka dipeo tsa dijothollo, di a kgutsa jwalo ka hoja ha di yo nakong eo maemo
a seng matle. Hang ha maemo a boela a eba matle di a mela. Le ha ho le jwalo, ho kgutsa hoo ho ka
fediswa ka mekgwa ya meriana le e meng e ka sebediswang ke motho.
Ho kgutsa hona ho ka hlaloswa e le boemo ba ho kginwa ha kgolo ya peo ka baka la mabaka a ka
hare le a ka ntle. Mabaka a ka hare a kenyelletsa maro a ka peong, meriana e thibelang. Mabaka a ka
ntle a kenyeletsa motjeso, metsi, kganya le moea.
Mefuta e robalang
(a) Dipeo tseo ka tlhaho di phetseng hantle empa di sitwa ho mela ka baka la dintho tse sitisang
kapa tse thibelang ho mela tse kang maro.
(b) Dipeo tse kgothalleditsweng ho ba boemong bo phethahetseng di sitwa ho mela ka baka la
sekgahla sa ho butswa, jwalo ka mohato o phahameng wa moea o ditsila le meriana e tjefo.
(c) Dipeo tse qobelletsweng – tse boemong bo phethahetseng ba kgolo di pepesehile maemong a
tla sitisa le ho kgina ho mela ha peo.
Mehato ho meleng ha peo
(a) Ho monngwa ha metsi – ka ha peo e omme, e monya metsi ha e jalwa mobung o leswe ho
fihlela karolong ya mashome a mane lekholong ya boima ba yona e le metsi feela.
(b) Ho tsoha molota ha maro –ha metsi a monngwa ke peo, maro a teng ka hara peo a tsoswa
molota ho ba kgahlanong le metswako e ka hara peo.
(c) Ho fetolwa ha sebaka ha tse sebetsang mmoho – matla a tswang nakong ya ho thuuwa ha
metswako e bolokilweng e sebediswa ke popelo e ntseng e tswela pele.
(d) Kgolo ya popelo.
Sekgahla sa ho hola ha mahola se potlakile, mme se tshirile le sona sejothollo. Palo ya peo ya mahola
ke ditlamorao tsa dintho tse fapaneng:
(a) Pokello ya peo tsa mahola mobung.
(b) Tsamaiso ya peo tsa mahola ho tloha mehloding e meng ho ya sebakeng se itseng.
(c) Dipeo tsa dijothollo tse hlasetsweng ke dipeo tsa mahola.
(d) Tahlehelo e bakwang ke dinonyana, ditweba, bohlwa, ho bola ha peo mobung.
Mekgwa ya ho hasanngwa ha peo ya lehola
(a) Ka dipeo tse sa hlwekang.
(b) Ka manyolo a tse bolang, a mpang a sa bola ka ho phethahala.
(c) Ka moya le metsi.
54
(d) Ka dinonyana, diphoofolo le batho.
(e) Ka metsi a nosetsang le a monyelang.
(f) Ka seretse le dikgwerekgwere.
Mekgwa ya taolo ya mahola
(a) Ka metjhine – tshebediso ya mehoma, haraka, ekge, tse lemang, tse kutang, tse hulwang ka
matsoho.
(b) Ya tlwaelo – Phapantsho ya dijothollo ho qoba ho ata ha mahola a ratang dijothollo tse itseng,
mofuta wa sejothollo ka ha tse ding di hlodisana ka ho fapana kgahlanong le lehola,
tshebediso ya manyolo ho matlafatsa kgolo ya sejothollo, mme ka mokgwa ona ho tshirwa
lehola, ho jala e sa le pele le sekgahla se phahameng sa peo se thusa sejothollo ho hlola ka
katleho, ho tjha, ho kgangwa ke metsi le ditlhaka tse kupeditseng mobu.
(c) Ka mekgwa ya tlhaho – tshebediso ya tse ratang ho phela ka ho sebedisa tse ding, tse ke
keng tsa phela ntle le tse ding le tse bakang malwetse.
(d) Taolo ka meriana – tshebediso ya dibolayalehola taolong ya mahola.
Dibolayalehola di ka hlophiswa ka mokgwa o latelang:
- Mekgwa ya tshebediso, ho e tsela mobung kapa lehlakeng.
- Tshebetso ya moriana dimeleng ka ho thetsana kapa ka hara semela).
- Nako ya tshebediso - pele ho jalwa
- pele peo e mela
- Metswako meriana – arolwa ho ya ka carbonates, ureas, s-trazine, amides, phenoxy
acids.
- Mokgwa wa tshebetso – sebetsa hodima popeho ya menontsha ya
semela, karohano le telefalo ya sele, thibelo ya tswakano ya
dihaha, tsamaiso ka ditsela tse arohaneng le tsela tse
kopanetsweng.
Ho monngwa ha dibolayalehola ke dimela
-Ho monngwa ka mahlaku – dibolayalehola di sebetsa ka kamano kapa tsamaiso
-ka kamano lehlaku le bolawa hanghang.
-tsamaiso – dibolayalehola di tsamaya ka hara semela ka ho fihla
dikarolong tse ntseng di hola le ho theohela tlase metsong.
-dibolayalehola di ka kena ka masobana kapa letlalo la sejalo.
Ho kena ka masobana ho a potlaka, empa nakong ya komello
masobana a a kwaleha, mme dibolayalehola ha di kene, di a
omella.
-Matswai a dibolayalehola a tlwaelehile haholo, ha bodila le
metswako ya bodila le alkhoholo e sa tlwaeleha. Letswai la
55
sebolayalehola le monngwa kapele ka letlalo la lehlaku. Ho monngwa
ha dibolayalehola ho potlakiswa ke keketso ya metswako e
nolofatsang.
-Ho monngwa ka metso – Dibolayalehola di sebediswa bokahodimong ba mobu, mme di
tswakanngwe le karolo e ka hodimo ya mobu ka ho phetholwa ho
honyane, pula kapa nosetso, kapa di ka nna tsa peitelwa ka tlasa
bokahodimo ba mobu. Dibolayalehola di monngwa ke metso.
Ho tsamaya ha dibolayalehola ka hara semela
-Ho na le karolwana semeleng e tsamaisang moriana ho tloha mahlakung ho ya
dikarolong tse ding tsa semela. Karolo e ka nna ya shwa ha eba e sebediswa ho feta
tekano. Dibolayalehola tse sebediswang mobung di tsamaiswa ka karolwana e le ngwe le
menontsha.
-Tsamaiso metsong e ka ditsela tse arohaneng le tse kopanetsweng.
(a) Popeho – karolwana tse holang tsa dimela tsa dicot di pepesehetse tshebetso ya
dibolayalehola.
-mahlaku a dijothollo a etsa hore ho be boima hore sebolayalehola se
thetsane ka ho otloloha le bokantle ba letlalo.
-mahlaku a sephara a na le sebaka se batsi se dumellang sebolayaleha ho
nama.
-Botenya ba letlalo la lekgasi la sejalo.
-Boholo le palo ya masobana a mahabeng.
-Lehlaku – bokahodimo, bophara ba lehaba, boya ea bo mahabeng.
(b) Mesebetsi – Sebopeho se setisa ho tsamaya ha sebolayalehola se seng mofuteng o
mong.
-Letlalo semeleng le fedisa matla a tjhefo ya sebolayalehola sa
mefuteng e meng.
- Maro semeleng a fetola motswako ya dibolayalehola hore e be tjhefo.
- Sebopeho se sitisa ho kopana ha metswako e itseng.
Mekgwa eo sebolayalehola se fumanehang ka sona
(a) Se metsi- matla ao tjefo e kopaneng le metsi a tswang ka oona ekaba a holimo kappa a
tlase ho latela sepeiti se sebediswang.
(b) Dithollo -loketse tshebetso e telele e tla salla morao
(c) Phoofo – sebolayalehola se ka fumaneha ka mokhwa wa phoofo.
Dintlha tse amang tshebetso ya sebolayalehola
(a) Maemo a lehodimo – motjeso o phahameng o eketsa ho kenella ha
moriana wa dibolayalehola maholeng.
56
- mongobo- ha mongobo o le tlase o fokotsa ho kenella ha
sebolayalehola.
-Kganya e kgothaletsa ho buleha ha masoba a mahabeng a
sejalo.
- Pula e eketsa tahlehelo ya metsi le ho tiya ha letlalo
mme ka hoo e eketsa mongobo ha lehaba.
(b) Maemo a mobu – Ho monngwa ha sebolayalehola ke mobu ho itshetlehile ka
bongata le mofuta wa mobu. Letsopa le boima
lona le hloka sebolayalehola le le ngata hammoho le
mosuela, ho feta mobu wa lehlabathe.
- Tahlehelo ka phufudi ha ho tjhesa/mobu o omme
Tahlehelo tshebedisong ya sebolayalehola
- Tahlehelo ka phufudi – e bakwa ke mocheso o hodimo.
- Kganya e matla– matla a kganya a theola boemo ba
sebolayalehola.
- Nosetso – ha sebolayalehola se kentswe metsing a
noesetsang se sebetsa hantle haholo ho feta disebediswa tsa
metjhine tse kang sepeiti.
.
Mehato e hlokolosi ya sejothollo mabapi le taolo ya mahola
Mohatong wa peo, dijothollo di kopana le mathata a maholo ka baka la tlhaselo e
phahameng ya mahola. Hang ha bophahamo ba semela sa sejothollo bo se bo feta ba
lehola, taba ya ho hlaola lehola ha e sa hlokahala.
Dintlha tse laolang bokgoni ba hlodisano ba dijothollo
(a) Mefuta ka ho fapana – kgetha mofuta wa sejothollo o loketseng maemo a selehae a
mobu, metsi le maemo a leholimo. Kgetha mofuta o holang ka matla kapele.
(b) Ho phethola mobu – phetola ka nako hantle o tebisitse mohoma, sebedisa ekge kapa
sebolayalehola lehola le sa le lenyane.
(c) Dikamano tsa metsi le mobu – bongata le kabo kapa ho phatlalla ha pula ho na le
tshwaetso kgolong ya dijothollo. Pula e ngata, e nang kgafetsa, e potlakisa kgolo ya
sejalo.
(d) Boemo ba bodila mobung – bodila bo kgothaletsa mefuta e itseng ya mahola ho hlaha.
Mefuta ena ea mahola ka nako e nngwe e sebediswa ho supa hore bodila bo bo ngata
me ho hlokahala hore ho tshelwe Kalala.
(e) Potlako e kgolo ya ho mela ha peo – ho teteana ho hoholo hwa palo ya dimela ho ka
hlola tlhodisanong le mahola.
(f) Nako ya ho jala – dipeo tsa sejothollo tse jalwang e sa le pele le ho mela pele ho peo
ya mahola, di tla fa sejothollo monyetla.
57
Ka kakaretso mahola a laolwa ka ho sebedisa dibolayalehola tsa mabitso a latelang: Topic sebakeng
sa belete, Glean le Brush off sebakeng sa mahola a mahaba a liphara. Moo motabatabane e lokelang
ho laolwa sebedisa Servian. Mabitso ana ao re a boletseng hodimo mona ke mabitso a kgwebo, a
fapanang ho ya ka baetsi ba tlhahiso tsena, empa tsebetso e matla ya metswako e ka nna ya tshwana.
Se ka sebediswang ho thusa se tshwanetse ho sebediswa mmoho le sebolayalehola e le hore
marothodi a sebolayalehola a kgomarela bokahodimong ha lehlaku. Ditaelo tsa ho tswaka
sebolayalehola, metsi le se ka thusang ho etsa motswako di bontshwa pampitshaneng ya ditaelo e
kgomareditsweng setshelong. Mohato wa hore sebolayalehola se sebediswa neng o bohlokwa ka ho
fetisisa ka ha mahola a manyane a bolawa ha bonolo ho feta a seng a le maholo.
Mahola a tshwenyang haholo korong
Seruwe Sereledi
Kokobiti Belete
Kotulo
Sejothollo sa koro se butswa matsatsi a mashome a mararo ka mora ho tswala. Dikarolwana tse
bonolo tsa dithollo di tletse ka ho phethahala ha di fihla boemong ba hlama. Ka nako eo, mahlaku,
mahlaka le dihlohwana, di qala ho lahlehelwa ke mmala wa tsona o motala, mme di ba bosehla ba
kgauta. Sejothollo sa koro se fihlela boemo ba phethahalo kgolong pakeng tsa mashome a mararo a
metso e mehlano ho isa ho mashome a mane a metso e mehlano lekgolong tsa mothamo wa mongobo
dijalong, empa e sa tshwanetse ho oma ho fihlela mothamong o bolokehileng wa ho kotulwa le ho
bolokwa e leng metsi a dijalong a etsang karolo ea leshome le metso e meli lekgolong. Mongobo wa
peo o ka sebediswa jwalo ka sesupo sa hore sejothollo se loketse ho kotulwa neng. Metjhine ya
motlakase e methang mongobo e ka nna ya sebedisetswa ho metha mongobo wa peo. Motjini o
58
Kotulang (Setshwantsho 27) o sebediswa ho kotula masimong a maholo. Masimong a manyane ho
tlwaelehile ho sebediswa matsoho e leng sekele. Dintlha tse hlokolosi ka ho fetisisa mabapi le poloko
setorong, e leng ntlha tse tshwanetseng ho nahanwa ke boemo ba mongobo, motjeso le tlhweko ya
sesebediswa.
Setshwantsho 27: Motjhine o kotulang o helang koro
Kuno
Ke taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ho ipehela kuno e kgonahalang lenaneong la dijothollo ka ho
sheba mehlodi kaofela eo motho a nang le yona. Kuno tse habilweng ho fihlellwa ke motheo wa
diqeto. Kgetho ya mofuta wa peo, bongata ba manyolo, tshebediso ya dibolayalehola, haholoholo
moralo wa ditjhelete hammoho le diqeto tse ding tsa tsamaiso, ke tse ka etswang feela ka thuso ya
kuno e hlakileng e habilweng kapa e lebelletsweng. Mekgwa e fapaneng ya ho ipehela selekanyetso
sa seo motho a batlang ho se fihlella e ka nahanwa:
(a) Boiphihlelo – palohare ya nalane ya kuno hammoho le mashome a mabeli a metso e mehlano
lekgolong.
(b) Metsi a fumanwang ke semela – bongata ba metsi a bolokilweng hang feela pele ho jalwa,
hammoho le pula e bileng teng sehleng sa kgolo.
(c) Maemo a amanang le kuno eo o e kgethileng hore o tla e fihlella ke taba e tshwanetseng ho
nahanisiswa ka hloko.
(d) Phaello ke tlhodisano e fumanwang ka ho ipeha kotsing, empa e be dinthong tse ka
fihlellehang.
(e) Tlwaelo tse ding tsa tsamaiso le tse habilweng kapa sepheo ke tse ding tse fupereng mohato o
kotsi.
Ke sefe se laolang kuno? Kuno kaofela ya dijothollo e laolwa ke tse latelang:
(a) Palo ya dimela hekethareng ka nngwe.
59
(b) Palo ya dihloho semeleng ka seng.
(c) Palo ya dijothollo hloohong ka nngwe.
(d) Boima ba sejothollo ka nngwe.
7.0 Poloko hammoho le mmaraka
Poloko
Dihlahiswa di tshwanetse ho kotulwa ha kgolo e phethahetseng e se e fihlelletswe, di omme, mme di
fihlelletse ho oma wa karolo ya leshome le metso e mmeli lekgolong, di bolokilwe tlasa maemo a
matle le ho tshireletswa tshenyong le dikokwanyaneng ho fihlela di rekiswa. Dihlahiswa di
tshwanetse ho bolokwa di omme, di photse ka hara ditoro tse hlwekileng. Ha dihlahiswa di omme, di
photse, diketsahalo tse etsahalang popehong ya tsona, tshebetso ya bolele le ya dikokwanyana di ba
tlase. Tse latelang ke maemo a loketseng ho elwa hloko ha koro e bolokwa:
(a) Peo e sa holang ka ho phethahala kapa e senyehileng e sitwa ho bolokwa nako e telele. Peo e
tshwanetse ho kotulwa hang ha e fihlelletse boemo bo phethahetseng ba kgolo.
(b) Ho lemala ha peo ho bakwang ke metjhine nakong ya kotulo kapa nakong ya ho tshwarwa ho
itseng ho potlakisa ho senyeha ha yona polokelong.
(c) Peo e tshwanetse ho omiswa hantle pele e ilo bolokwa, mme e tshireletswe kgahlanong le
mongobo le ho phahama ho amehang ha mohudi/phufudi.
(d) Mocheso o ka setorong o baka tshenyo peong. Maemo e tshwanetse ho ba a mohatsela
polokong.
(e) Dikgoto, haholoholo ditweba, di ka baka tshenyo peong. Meriana kapa metswako e bolayang
dikgoto e a sebediswa. Lenaneo le phethahetseng la thibelo, la tlhweko mabapi le
dikokwanahloko hammoho le taolo le tshwanetse ho sebediswa.
(f) Dikokwanyana di tshwanetse ho laolwa ka tshebetso e kopantseng meriana ya
dibolayakokwanyana le ya ho peita. Phostoxin e ka sebediswa ka paballeho e kgolo, empa ha
e le methyl bromide yona e ka nna ya ama sehlahiswa.
(g) Maemo a moya a laolwang, a kwalang ka ho phethahala, ke taba ya bohlokwa haholoholo.
(h) Melao e ngotsweng ya mmuso e amang meriana e esong ho dumellwe ho sebediswa kapa
taolo ya dikokwanyana polokong.
60
Balemi ba bangata ba tshebetso e nyane ba sebedisa dibaka tsa poloko, tse kang ditoro, tse sa
lekanang hantle ho tshireletsa dijothollo puleng kapa mongobong le tlhaselong ya dikgoto kapa
dikokwanyana. Menyetla e nepahetseng ya polokelo e teng e ka nnang ya rekwa hoba ho fumanwe
keletso ya ditsebi. Disiu tsa konkreiti le masenke di atisa ho sebediswa.
Setshwantso 28: Disiu tsa konkreiti tsa ho boloka koro
Ho arola koro ka lihlopha
Sepheo sa ho arola koro ka lihlopha ke ho e bea ho latela boleng hammoho le hore e tle e tsebe ho
beela theko ya eona setsing sa thekiso. Ho latela molao wa Afrika Borwa koro e na le lihlopha tse
hlano. Sehlopha se laola mofuta wa chai, mme ke pontsho ya boleng ba ho baka le matshwao a koro.
Ho hlopha ho bontsha boleng ba kgwebo, e leng boleng ba phoofo le bongata ba yona, e leng tse ka
fumanwang korong. Dintlha tse tharo tsa motheo mabapi le ho hlopha koro ke boima ba litlhaku tsa
koro semethong, ho mela ha koro masimong pele e kotulwa le lihahammele tsa koro e jwalo. Ha eba
ho se letho le leng le ka theolang sehlopha sa koro ya hao, jwalo ka tshenyo e bakwang ke serame,
bolele ba ho bolokwa masimong le ba poloko, hlahlobisiso kapa thollo tse senyehileng, tse sa
fihlellang phethahalo, thollo tse sentsweng ke motjheso kapa dikokwanyana kapa thollo tse holang.
Dintlha tsena tse tharo di lekane ho hlophisa koro.
Ka ho kena ha se bitswang thekiso e lokolohileng le phediso ya thekiso ya mmaraka o laolwang,
menyetla e mengata e bulehile, e leng eo koro e ka rekiswang ka yona. Sena se bolela hore koro e ka
rekisetswa mang kapa mang ya lefang morekisi theko e kgotsofatsang ha feela moreki a ikemiseditse
ho lefa theko eo. Dintlha tsa tumellano thekisong e ka ba tsa molomo kapa tse ngotsweng fatshe.
61
Ditumellano kapa mmaraka o otlolohileng
Koro e ka rekiswa ka mokgwa wa tumellano le boradikgebo tsa dijothollo kapa ba malwala. Koro e
ka boela ya rekiswa ka ho sebedisa phapanyetsano ya SAFEX ya thepa e rekiswang. Ditumellano
tsena di ka saenwa pele ho sehla sa ho jala, e leng moo theko le bongata di boletsweng ka ho hlaka
tumellanong. Ha eba molemi kapa mohlahisi a hloleha ho nehelana ka bongata le boleng ba koro e
boletsweng tumellanong, mohlahisi eo o tla lefiswa haholwanyane. Mokgwa o mong ke wa thekiso o
otlolohileng, e leng moo sehlahiswa se rekiswang ka ho otloloha ka mora kotulo. Hangata, mokgwa
ona wa ho qetela o etsa hore theko e phahameng ka ho fetisisa e fihlellwe.
Mmaraka ka mora poloko setorong
Koro e ka boela ya bolokwa le ho rekiswa hamorao ka tshepo ya ho fumana theko e phahameng.
Boemong bona, mohlahisi o hloka sebaka sa ho boloka dijothollo ka mokgwa o bolokehileng – sheba
serapa se ka hodimo se mabapi le poloko setorong.
Theko
Theko ya koro Afrika Borwa e amana haholo le ditheko tsa matjhaba. Bongata ba thlahiso le tlhoko
ea baji ke tsa bohlokwa taolong ya ditheko tsa koro. Ha tlhoko e le hodimo empa thlahiso e le tlaase,
theko e ba holimo. Ka mokgwa o tswanang ha tlhahiso li le holimo, ditheko dia thweoha.
Kgothaletso
Ho kgothaletswa hore molemi a rekise karolo ya koro ya hae ka mokgwa wa ditumellano, karolo e
nngwe ka ho otloloha ho boradikgebo tsa dijothollo kapa boramalwala, mme karolo e nngwe e
bolokwe le ho rekiswa hamorao. Jwalo ka ha polelo e atisa ho re “Se ke wa kenya mahe a hao
kaofela ka mmanking o le mong”. Tsena tsohle di tla laolwa ke maemo a mohlahisi mabapi le
motheo wa moralo le tjhelete. Tshebetso yohle ya ka mora kotulo tlhahisong ya koro e kenyeletsa
tjhelete ea thepa e boleng bo hodimo ka ha etla nka nako e telele e sebediswa.
Ho tseba haholwanyane, ikopanye le:
Agricultural Research Council
Small Grain Institute
Private Bag X29
Bethlehem
9700
62
Mohala: 058 307 3400
8.0 Dihlomathiso
A. Dikgokahano le ditsebi
LEBITSO TSEBO TULO MOHALA/THEKENG
W.H. Kilian Menontsha ya
dimela
Bethlehem 058 - 3073498
J. P. Tolmay Ho phethola mobu Bethlehem 058 - 3073422
T. Terefe Taolo ya malwetse Bethlehem 058 - 3073440
A. Barnard
W. Otto
Bophelo ba koro Bethlehem
Bethlehem
058 – 3073411
058 - 3073505
C. Miles Boleng ba koro Bethlehem 058 - 3073414
L. Visser Tlhahlobo ya mobu Bethlehem 058 - 3073401
Lemmer
Wessels
Thekiso ya koro Bothaville 0824530575
Andre
Malan
Tswadiso ya koro Bethlehem 058 - 3073430
S. Msibi Tlhahisoleseding
temong
Pretoria 012-3196380
G. Prinsloo Taolo ya
dikokwanyana
Bethlehem 058 - 3073435
General
Inquiries
Metjhine temong le
Disebediswa
Silverton - ARC 012 8424017
63
B. Matshwao a ho lekanya (Calibrations)
(a) Ho tshwauwa ha plantere ya koro
Mohato 1- Tlamella plantere kgokanyetsong e ntlhatharo ya terekere ka mokgwa wa
sekwere. Batla mobu o bataletseng hantle ka ho lekana ntle le tshitiso ya letho.
Phahamisa plantere ho tloha fatshe ka ho sebedisa hydraulic system (kgatello
ya oli) ho fihla bophahamong bo lekaneng bo ka o dumellang ho tsamaisa
lebidi le kgannang, mme o behe ditshelo tlasa sebulaforo.
Mohato 2 – Metha ho potoloha ha lebidi le kgannang. Etsa qeto ka bolelele boo o
batlang ho bo sebedisetsa ho lekanya, mme hangata ho atisa ho sebediswa
mitara tse mashome a mahlano. Arola mitara tse mashome a mahlano ka ho
potoloha ha lebidi ho fumana palo ya ho potoloha ha lebidi dimithareng tse
mashome a mahlano.
Mohato 3 – Metha bophara ba plantere bo ilo sebediswa. Atisa bophara ka mashome
a mahlano a mithara ho fumana sebaka seo peo e tla jalwa ho sona. Jwale
fumana hore ke peo e kae e tla sebediswa sebakeng sena ho ya ka
dikgothaletso tse tswang tataisong mabapi le tlhahiso.
Mohato 4 –Kenya peo ya koro ka hara pitsa ya peo, mme o leke ho e ala ka holekana
ho ya ka bolelele ba pitsa. Tlamella mekotlana ya polasetike ho sebulaforo, e
leng moo peo e tla ntshuwa teng nakong ya ho jala. Bula lesobana la pitsa
moo peo e laolwang ka ho sebedisa metwa ya ho lekanya eo ho fanweng ka
yona. Kgetha letshwao leo o nahanang hore ha o le kgethile le tla etsa hore
peo e tla tswa lesobaneng leo e tla ba ya bongata boo o tla bo hloka. Sotha
lebidi le kgannang makgetlo a tla nka sebaka sa mashome a mahlano a
dimithara. Hlokomela hore lebidi le kgannang le matha ka lebelo le le leng le
sa fetoheng.
Mohato 5 – Tlosa mekotlana ya polasetike eo jwale e nang le peo, metha boima ba
peo e ka hara polasetike ka nngwe. Etsa bonnete hore bongata ba peo ka hara
polasetike ka nngwe e a tshwana, ho seng jwalo sebedisa lesobana la peo hore
ho tswe bongata bo tshwanang. Haeba bongata ba peo kaofela mekotlaneng ya
polasetike kaofela bo le tlase ho bo kgothalleditsweng, eketsa lesobana la
pitsana ho dumella peo e ngata hore e fete. Empa haeba peo e fetang e le
ngata, o tla tshwanela ho fokotsa boholo ba lesobana. Sena se tshwanetse ho
etswa makgetlo a mangata ho fihlela sekgahla se nepahetseng se fihlellwa ka
ho eketsa kapa ho fokotsa lesobana.
Mohlala:
Bolelele ke mashome a mararo a dimithara.
Ho potoloha ha lebidi le kgannang ke mithara le halofo.
Bophara ba plantere ke mithara tse tharo.
Plantere ya mela e tsheletseng.
Ho arohana ha mela ke mashome a mahlano a disentimithara.
Sekgahla sa peo hekethareng ka nngwe ke mashome a mabeli a metso
e mehlano.
Palo ya ho potoloha = 50 metres
1.5 metres
64
= 33.3 revolutions (turns)
(Sebaka sa tekong)
50 m x 3 m = 150 m2
Bongata ba peo sebakeng sa 150m2
= 150 m2 x 25000 g
10 000 m2
= 375 g ya peo e tshwanetse ho tswa meleng e 6 ya plantere
Ka hoo, moleng ka mong, bongata ba 62.5 g bo tshwanetse ho tswa, e leng
moo ho sebediswang 25 kg kapa
25 000 g.
(b) Ho tshwauwa ha sepeiti
Mohato 1 = Sepeiti se na le pampitshana e bontshang lebelo leo terekere e
tshwanetseng ho matha ka lona le kgatello e lokelang ho ntsha sefafatsi
tankeng.
Mohato 2 = Metha sebaka sa mithara tse mashome a mahlano mobung o bataletseng
hantle. Nka nako ya sefafatsi sebakeng se methilweng.
Mohato 3 = Fumana bokgoni ba ho fafatsa ha sefafatsi nakong e le nngwe ka ho
eketsa pokello tsa melongwana kaofela. Metsi a tswang molongwaneng ka
mong o fafatsang a bokellwa ka ho otloloha sekgametsi se methang.
Mohato 4 = Fumana bophara ba ho fafatsa ha sefafatsi sa terekere ka ho metha sebaka
sa mobu o metsi ka tlasa sefafatsi. Atisa bophara ba sebaka se methilweng
hore o fumane sebaka ka mithara2.
Mohato 5 = Arola area ho 10 000 m2 ho fumana factor. Atisa bongata bo
bokelletsweng ka hara semetho se nang le factor ho fumana bokgoni ba
sefafatsi hekethareng.
Mohato 6 = Dintlha tse latelang di a hlokahala ho fumana bongata ba
dibolayakokwanyana bo tshwanetseng ho tswakwa le metsi ka tankeng:
Bongata ba metsi a tshwanetseng ho tswakwa le sebolayakokwanyana
Sekgahla se kgothaleditsweng sa sebolayakokwanyana ho ya ka leibole
Bokgoni ba sefafatsi hekethareng
Bongata ba sebolayakokwanyana se lokelang ho sebediswa = (Bongata ba
metsi x bongata ba sebolayakokwanyana litre/ha)
Bokgoni ba sefafatsi / 1 ha
65
66
D. Mabitso a tlwaelehileng mmoho le a ditjhabana tse fapaneng tsa Afrika Borwa:
Puo Lebitso
English Wheat
Sotho Koro
Zulu Kolo
Xhosa Nqolowa
Afrikaans Koring
E. Mehato ya tlhahiso le mabatowa a koro Afrika Borwa
Provense 2000-2001 Ditone
2002-2003 2003-2004 2004-2005 2005-2006
Western Cape 691 000 804 100 Hht Hht Hht
Northern
Cape
324 800 270 000 Hht Hht Hht
Foreisetata 908 000 1 035 000 Hht Hht Hht
Eastern Cape 14 500 9 280 Hht Hht Hht
KwaZulu-
Natal
43 700 50 600 Hht Hht Hht
Mpumalanga 102 000 102 500 Hht Hht Hht
Limpopo 75 000 46 500 Hht Hht Hht
Gauteng 18 000 13 200 Hht Hht Hht
North West 171 550 161 700 Hht Hht Hht
Total 2 348 550 2 492 880 1 540 000 1 680 000 1 905 000
Ela hloko: * Hht: Ha ho tsebiso
Mohlodi: Crop Estimate Committee
F. Tshekamelo tsa matjahaba tlhahisong ya koro (t/ha)
1961-1969 1970-1979 1980-1989 1990-1999 2000-2004
Lefatshe 1.41 1.86 2.37 2.84 3.02
Afrika 0.93 1.10 1.45 1.96 2.18
Asia - - - 2.15 2.87
Europo - - - 2.86 3.81
Amerika
Leboya &
Bohareng
1.86
2.26
2.49
2.79
2.88
Oceania 1.36 1.44 1.53 1.97 1.95
Amerika
Borwa
1.40 1.42 1.86 2.31 2.42
Afrika Borwa 0.71 1.03 1.36 2.01 2.61
Afrika Borwa
jwalo ka % ya
Lefatshe
50.3
55.4
57.4
70.8
86.4