western cape - mehlala ya mesebetsi ya ... · web viewcreated date 10/02/2013 02:57:00 title...

27
MEHLALA YA MESEBETSI YA TEKANYETSO YA SEMMUSO BOITLHOPHISETSONG BA HO KENYA LEANO LE LETJHA LA KHARIKHULAMO TSHEBETSONG SELEMONG SA 2015 MOKGAHLELONG WA KEREITI YA 12

Upload: others

Post on 06-Jul-2020

2 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

MEHLALA YA MESEBETSI YA TEKANYETSO YA SEMMUSO BOITLHOPHISETSONG BA HO KENYA LEANO LE LETJHA LA KHARIKHULAMO TSHEBETSONG SELEMONG SA 2015 MOKGAHLELONG WA KEREITI YA 12

KETAPELE

Tokomane ena e reretswe ho thusa matitjhere ntlheng ya ho fana ka mehlala ya mesebetsi e ka lekanyetswang mokgahlelong wa Kereiti ya 12. Mesebetsi ena e radilwe ho ipapisitswe le Leano le letjha la Kharikhulamo, kahoo Tokomane ena e hlophisitswe ho ya ka bokgoni bo fapaneng boo moithuti a tshwanelang ho bo fihlela boemong bona.

DIKAHARE

1. Lenaneo la tekanyetso la selemo ……………………………………………………………………………………………………....... 22. Ditema ……………………………………………………………………………………………………………………………………… 3

Tema ya A – G.…………………………………………………………………………………………………………………………….. 33. Mesebetsi ………………………………………………………………………………………………………………………………….. 12

3.1 Bokgoni ba ho mamela le ho bua ………………………………………………………………………………………………… 123.1.1 Ho mamela ………………………………………………………………………………………………………………………… 123.1.2 Puo e hlophisitsweng …………………………………………………………………………………………………………….. 123.1.2.1 Dipuisano tsa diphanele …………………………………………………………………………………………………. 123.1.2.2 Tlaleho ……………………………………………………………………………………………………………………… 133.1.3 Puo e sa hlophiswang ……………………………………………………………………………………………………………. 13 3.2 Bokgoni ba ho ngola ……………………………………………………………………………………………………………… 14 3.2.1 Tema tsa kgokahano ……………………………………………………………………………………………………………… 14 3.2.1.1 Atikele ya makasine wa webosaete ……………………………………………………………………………………… 14 3.2.1.2 Tokomane ya boitsebiso le diphihlello ………………………………………………………………………………….. 15 3.2.2 Meqoqo …………………………………………………………………………………………………………………………….. 15 3.3 Teko ………………………………………………………………………………………………………………………………… 16 3.3.1 Temanakutlwisiso ………………………………………………………………………………………………………………. … 16 3.3.2 Kgutsufatso ………………………………………………………………………………………………………………………… 17 3.3.3 Dibopeho le tshebediso ya puo ………………………………………………………………………………………………….. 17

1

LENANEO LA TEKANYETSO LA SELEMOMOSEBETSI 1 MOSEBETSI 2 MOSEBETSI 3 MOSEBETSI 4 MOSEBETSI 5

KOTARA 1 Mosebetsi wa molomo (15/10)

Ho mamela bakeng sa kutlwisiso (15)Puo e hlophisitsweng (10)Puo e sa hlophiswang (15)

Ho ngola (50)

Moqoqo Wa phetelo O hlalosang O sa tshehetseng lehlakore O tebisang maikutlo Wa kgang

Ho ngola (25)

Tema ya kgokahano: Lengolo (sheba mefuta tokomaneng) Tokomane ya boitsebiso Nalane ya bophelo ba mofu Lenanetsamaiso le metsotso ya kopano Raporoto Tekolo kakaretso Atikele e yang koranteng Atikele ya makasine Puo Dayaloko inthaviu

Mosebetsiwa molomo (15/10)

Sheba Mos. 1

Teko (35)

Temanakutlwisiso, kgutsufatso, dibopeho le melao ya tshebediso ya puo

KOTARA 2 Dingolwa (35)

Dipotso tse kgutshwane (10)Moqoqo wa sengolwa (25)

Mosebetsi wa molomo (15/10)

Sheba Mos. 1

Tlhahlobo ya bohareng ba selemo (250)

KOTARA 3 Mosebetsi wa molomo (10/15) Tlhahlobo ya sekamakgaola-kgang (250)

ELA HLOKO:

Ha re lekanyetsa re tshwanela ho nnetefatsa hore mesebetsi ya rona e na le dikgato tsa boiphihlelo tse hlano tsa boleng ba dipotso mme sena o ka se fumana leqepheng la 86 – 87, webosaeteng e latelang: http://www.education.gov.za/LinkClick.aspx?fileticket=s5yYYOE%2bhT4%3d&tabid=420&mid=1830

2

DITEMA

TEMA YA A

Ditshwantsho tse ka hodimo ho tse latelang di bontsha maemo ao batho ba Ethiopia ba phelang tlasa ona ha ditshwantsho tse ka tlase ho tsona di bontsha baahi ba Afrika Borwa ba lwanelang ditshebeletso tse sa ba kgotsofatseng. Boha ditshwantsho tsena mme o arabe dipotso tse itshetlehileng ditabeng tsena tsa dinaha ka bobedi.

ETHIOPIA

AFRIKA BORWA

E qotsitswe ho tswa ho: http://www.reuters.com/article/2010/03/21/ozatp-safrica-protests-idAFJOE62K08A20100321

PHETOLELO:

DITSHEBELETSO TSE MPE KE YONA NTHO EO RE E NYATSANG.

BO KAE BOPHELO BO BOTERE BOO LE RE TSHEPISITSENG BONA?

EKABA KE YONA NTHO EO RE ILENG DIKGETHONG BAKENG SA YONA EE?

3

Kaha dikgweding tse sa tswa feta re ne re keteka letsatsi la tswalo la mopresitente wa mehleng, Nelson Mandela, baphatlalatsi ho tswa dikgutlong tsohle tsa lefatshe ba ne ba eme ka maoto ho bona hore ba fumana monyetla wa sohle seo batho ba se etsang ho keteka letsatsi leo, haholo jwang kaha yena a ne a robetse diphateng tse babang sepetlele nako e ka fetang kgwedi pele ho letsatsi leo la hae la tswalo. Ka lebaka lena, dikoranta tsa dipampiri hammoho le tse inthaneteng di ne di jere ditaba tse ngata ka yena. Ha re sa bua ka melaetsa e fumanwang hekeng ya sepetlele, yona e ne e le letlapa feela le tletseng melaetsa ka dipuo le mekgabiso e fapaneng. Tse ding tsa tsona ke tse latelang:

TEMA YA B

4

TEMA YA E

6

Ho tswa ho webosaete ya Nelson Mandela Centre of Memory.

TEMA YA F

7

RE A LEBOHA KA HO ETSA LETSATSI LA MATJHABA LA NELSON MANDELA HORE LE TSWELELLE KA TSELA TSOHLE. HOPOLA, HO

MAHETLENG A HAO HO ETSA LETSATSI LE LENG LE LE LENG JWALO KA HA EKA KE LA

MANDELA KAHA RE AHA LE HO NTLAFATSA SETJHABA SA RONA MMOHO.

Tswela pele ho posa mme o arolelane le rona melaetsa, ditshisinyo hammoho le tseo o di entseng ka ditshwantsho ho www.mandelasay.com/ www.facebook.comNelsonMandelaCentreofmemory/@NelsonMandela mme o etse boitlamo ba ho bontsha tshehetso letloleng la ho etsa botle lefatshe ka bophara.

LETSATSI LA NELSON MANDELA

NKA BOHATO. TLISA PHETOHO, KETEKA LETSATSI LE LENG LE LE LENG JWALO KA HA EKA KE LA MANDELA.

8

Tswela pele ho posa mme o arolelane le rona melaetsa, ditshisinyo hammoho le tseo o di entseng ka ditshwantsho ho www.mandelasay.com/ www.facebook.comNelsonMandelaCentreofmemory/@NelsonMandela mme o etse boitlamo ba ho bontsha tshehetso letloleng la ho etsa botle lefatshe ka bophara.

E qotsitswe ho tswa leqepheng la: http://www.mandeladay.com/

(NGODISA SEO O BATLANG HO SE ETSA HONA JWALE)

9

TEMA YA G

Setshwantsho se latelang se itshetlehile hodima sehlooho se shebaneng le disosa tse itlhommeng pele tse bakang lefu lefatshe ka bophara mme ho tsuba kwae/sakarete ke se seng sa tsona. Se lekodisise ka hloko mme o arabe dipotso tse tla latela tse itshetlehileng hodima sona.

PHETOLELO:

Ho tloha sakareteng e telele ho di feta kaofela o e bona ho tloha ka letsohong le letshehadi, o filwe naha le palo ya batho ba sebedisang kwae/sakarete mme ba balwa ka dimiliyone le dikete:

1. Russia (59); U.K. (17.7); Turkey (18.9); China (333.7); France (15.9); Germany (22.5); Japan (32.3); Malaysia (5.2); Ireland (900 000); Italy (13 200); Philippines (14.4); Bangladesh (26); Australia (4.1); Mexico (18.2); U.S. (57.2); Canada (5.8);Pakistan (21.7); India (143.5); South Africa (6); Iran (8.9); Iraq (2.4); Congo (2.6); Nigeria (5.8); Ghana (800 000)

2. KEY (SENOTLOLO): Bosehleng: bolelele ba sakarete: phesente ya batho ba sebedisang sakarete ho tloha dilemong tse 15 le ho feta ho tloha ka selemo sa 2005.Bosweung: (dipalopalo tsa batho ba sebedisang sakarete naheng eo).Bofubedung: Semoko: Dinaha tse nang le manane a nyolohang a tshebediso ya sakarete.

3. Disosa tse itlhommeng pele tse bakang lefu: dipalopalong tsa manane a batho lefatshe ka bophara, e ka ba dimiliyone tse ka bang 57 tsa batho ba shwang selemo le selemo. Ho tsuba sakarete ho na le tlatsetso ho tse tsheletseng hodima tse robedi tse bolayang tse ka sehlohlolong: tlohela ditompi o tla pholosa maphelo a mangata.

10

Lefu la methapo ya pelo lefu la methapo lefuba mafu a mang a amanang le kwae

lefu la pelo tshwaetso ya ho phefumoloha mofetshe wa qoqotho, sefuba, matshwafo

letshollo boholo ba mafu a amanang le tshebediso ya kwae

11

MESEBETSI1. MOSEBETSI WA MOLOMO:

1.1 HO MAMELA

Sepheo: ho mamela bakeng sa ho fumana tlhahisoleseding e itseng e ikgethileng. Baithuti ba arolwa dihlopha tse pedi mme sehlopha ka seng se mamediswa puo e sa tshwanengle ya sehlopha se seng. Dipuo tsena tse pedi ke tse hatisitsweng ho tswa inthaneteng. Ha baithuti ba qeta ho mamela, moithuti ka mong sehlopheng o tshwanela ho akaretsa ditaba tsa puo eo a neng a e mametse ka ho hlwaya ditaba tse molemo tseo a di utlwileng kapa tseo a hanyetsanang le sebui ka tsona mme a tshetleha mabaka a utlwahalang. Titjhere a kgetha hore ba ngole kgutsufatso eo kapa ba etse tlaleho e buuwang. Dipuo tseo di fumaneha diwebosaeteng tse latelang:

http://www.ted.com/talks/ken_robinson_how_to_escape_education_s_death_valley.html

http://www.ted.com/talks/ken_robinson_says_schools_kill_creativity.html

1.2 PUO E HLOPHISITSWENG

1.2.1 DIPUISANO TSA DIPHANELESehlopha se tla ba le mosebetsi wa dipuisano tsa diphanele. Moithuti ka mong ya kgethetsweng ho ba le seabo sehlotshwaneng ka seng o tshwanela ho etsa diphuputso tse phethahetseng a batlisise ka mafu a robedi a ka sehlohlolong a bolayang batho haholo ho ya ka Tema ya G. A fumane hore mafu ana a tsheletseng ao kwae e bang le seabo ho ona ke afe ho latela Tema ya G. A fumane disosa tsa ona hammoho le dipheko tse ka fumanehang ntle le taba ya hore motho a tlohele ho tsuba kwae. Dihlopha di tla arolwa ho ya ka maemo a batho a latelang: Letona la tsa Bophelo; Ngaka ya sepetlele se seholo sa naha; ngaka ya setso e tsebisahalang; mookamedi wa mokgatlo o thusanang le batho ba nang le a mang a mafu ana o jwalo ka TAC; le morupelli lekaleng la tsa mahlale unibesithing ya Cape Town. Sehlooho se tla tshohlwa se re: ‘Sesosa le pheko ya mafu a ka sehlohlolong’. Dipuisano tsa phanele di tla nka metsotso e dipakeng tsa e 20 – 30.

12

KAPA1.2.2 TLALEHO

Boholo ba baithuti ha bo na lesedi la hore Nelson Mandela o bile le seabo sefe molemong wa hore Afrika Borwa e fumane tokoloho. Etsa diphuputso tse phethahetseng o batlisise ka seabo seo a bileng le sona hore a fumane tlotla e kaana lefatshe ka bophara. Itlhophisetse ho nehelana ka puo e le molemong wa ho ruta baithutimmoho le wena ka seo o se fumaneng. Tlaleho e tla etswa ka metsotso e dipakeng tsa e 4 – 5.

1.3 PUO E SA HLOPHISWANG

1.3.1 Temeng ya F, molaetsa o ka sehloohong ke wa hore re keteke letsatsi le leng le le leng jwalo ka ha re keteka la Mandela. Etsa puo e kgutshwane ya metsotso e 2 – 3, o lokodisa tse ding tsa dintho tseo o ka thabelang ho di etsa molemong wa ho ba le seabo letloleng lena.

KAPA

1.3.2 Ka mora ho mamela dipuo tsa Sir Ken Robinson, etsa puo moo o hlalosang seo o se ratileng kapa seo o ithutileng sona ho tswa dipuong tsa hae. Kapa o ka hlahlobisisa dipuo tsa hae mme wa hanyetsana le ntlha e itseng eo ebang o bona e sa tlo sebetsa ha o shebile maemo a naha ya heno. Puo ya hao e be dipakeng tsa metsotso e 2 – 3.

13

2. HO NGOLA LE HO NEHELANA

Bakeng sa ho ngola le ho nehelana, methati e tshwanelang ho latelwa kamehla ke e latelang:

Ho etsa moralo/boitokisetso ba ho ngola Ho ngola mekgwaritso Ho boeletsa mesebetsi, ho bala hape bakeng sa ho ntlafatsa tema, ho hlaola diphoso le ho nehelana.

ELA HLOKO: ‘ha boitokisetso ba ho ngola ditema bo ka nna ba etswa ka ntle ho phaposi ya ho rutela, sehlahiswa sa ho qetela se lokela ho

ngolwa ka phaposing ya ho rutela tlasa maemo a laolwang.’ Baithuti ba tshwanela ho nehwa ruburiki pele ba ka ngola.

2.1 TEMA YA KGOKAHANO

2.1.1 ATIKELE YA MAKASINE WA WEBOSAETE

Temeng ya F, sekotwana sa bobedi sa yona se na le mantswe a reng ‘NGODISA SEO O BATLANG HO SE ETSA HONA JWALE’. Ka mora ho etsa puo e sa hlophiswang ya metsotso e 2 – 3, etsa diphuputso tse phethahetseng tikolohong eo o dulang ho yona mme o shebe mathata ao batho ba thulang le ona. Ha o se o a fumane, kgetha bothata bo le bong boo o ka lakatsang ho ba le seabo tharollong ya bona. Tlanya ditaba tsa letlole la hao khomphutheng mme o ngole hore o batla ho etsa eng, o le mong kapa le le sehlopha se itseng. Ngola atikele e bolele ba mantswe a sa feteng a 400, moo o hlalosang hore letlole leo le tla etsahala neng, hokae, mme le tla tlisa phetoho efe bophelong ba batho bao ba tla thuswa. Atikele ya hao e ka ba le ditshwantsho, mekgomeletso ya tokomane tse ding tse hlahellang diwebosaeteng tse ding moo ebang o ile wa ka wa sebetsa mesebetsi e tshwanang kapa wa bona batho ba entsweng ntho e tshwanang le eo o batlang ho e etsa. Ka mora hore Tokomane ya hao e hlolwe ke mosuwe(tsana), o tla tshwanela ho ingodisa ka ho kgomareletsa tokomane ya hao atereseng ya webosaete e latelang: http://www.mandeladay.com/ .

14

KAPA

2.1.2 TOKOMANE YA BOITSEBISO LE DIPHIHLELLO

Ho tswa diphuputsong tseo o di entseng ho Potso 1.2.2, ngola Tokomane ya boitsebiso le diphihlello o iketsa Nelson Mandela.

2.2 MOQOQO

Sheba Tema ya A mme o batlisise ka botlalo mabaka a etsang hore bofuma bo iphe matla naheng ya Ethiopia le ya Afrika Borwa. Bapisa bofuma ba dinaha tsena tse pedi mme o ngole moqoqo wa kgang oo ho wona o shebang hore na ke toka hore maAfrika Borwa a etse mehwanto ya boipelaetso e kenyeletsang tshenyo ya thepa ya mmuso hammoho le dikotsi bathong ba bang haholo ha o bapisa le bofuma ba dinaha tse ding tse kang boEthiopia. Sheba taba ena o ipapisitswe le sehlooho se reng:

‘DITSHEBELETSO TSE MPE TSA SETJHABA KE YONA NTHO EO RE E NYATSANG’.

15

3. TEKO (35)

3.1 TEMAKUTLWISISO:

1. Ntle le boto e re supisang sepetlele seo Mandela a fumantshwang kalafo ho sona temeng ya C, ke eng e nngwe e re

nnetefaletsang hore efela diphousetara di manehilwe haufi le sepetlele seo? (2)

2. Phapano ke efe dipakeng tsa diphatlalatso tse entsweng ke baqolotsi ba ditaba (Tema ya C) le setjhaba feela

(Sheba Tema ya A le C)? Fana ka tse pedi. (2)

3. Nelson Mandela o kene sepetlele ka lebaka la lefu lefe ho latela Tema ya C? Tshehetsa karabo ya hao. (2)

4. Hobaneng ha ho bonahala diphatlalatso tsa baqolotsi ba ditaba di manehuwe dipalong tsa matshwafo a mmuso feela

tsa setjhaba di manehuwe leboteng la sepetlele? (2)

5. Temeng ya C, re bona diphousetara boholo tse manehileng sefahleho sa mopresitente wa mehleng e le tsa

mokgatlo o busang naha ya Afrika Borwa.

5.1 See se pakahatswa ke eng? Bolela tse pedi. (2)

5.2 Kamano ya hae ke efe le mokgatlo o busang? (2)

6. Hobaneng ha batho, lefatshe ka bophara, ba bonahala ba rata Mandela hakaale? (4)7. Ke tlatsetso efe eo o nahanang hore baqolotsi ba ditaba ba na le yona ditabeng tse ditemeng tse ka hodimo? (5)

[20]

DIKARABO TSE KA LEBELLWANG:

1. Ke seaparo sa sepetlele seo nese e fetang ka tsela e se apereng. (2)2. Diphousetara tsa setjhaba di manehilwe leboteng la jarete ya sepetlele ha tsa baqolotsi ba ditaba tsona di manehilwe

dipalong. Hape ditema tsa baqolotsi ba ditaba di tlantswe ha di a ngolwa ka letsoho jwalo ka tsa setjhaba feela. (2)3. Ho latela Tema ya C, Nelson Mandela o kene sepetlele ka lebaka la pelo kaha ho bonahala sepetlele seo a leng ho sona

16

e le sa batho ba alafuwang dipelo. (2)4. Ba tshwanela ho fumana tumello ya ho di maneha mme ba di patalle ka molao mme ba sehelwa nako e itseng. (2)5. 5.1 Ka mebala hammoho le letshwao la mokgatlo o busang. (2)

5.2 E ne e le mookamedi wa mokgatlo wona hammoho le mopresitente wa pele wa mokgatlo wona pele a tswa dipolotiking. (2)

6. Batho ba lefatshe ka bophara ba rata Mandela kaha o ile a ba le tshwarelo ho ba neng ba hatelletse batho ba batsho mona Afrika Borwa mme a se kgothalletse dikgoka jwalo ka dinaheng tse ding tsa Afrika ha naha e fumana puso. (4)

7. Ba na le tlatsetso e kgolo kaha ke bona ba kgethang hore ba batla ho hlahisa ditshwantsho dife mme ba sielle mang ka thoko. Hape ke bona batho ba etsang hore motho ba mo etse ya hlomphehileng haholo ka ho totobatsa makgabane a hae.Feela ba pheta hape ba ka mo theola ka lebaka la ho toboketsa ditaba tse mpe tseo ba di hlahisang. (4)

[20]

3.2 KGUTSUFATSO

Baithuti ba ne ba mamedisitswe dipuo tse latelang ka dihlopha tse pedi tse fapaneng tlasa Mosebetsi wa 1.1, jwale dihlopha ka bobedi di tla pheta di mamediswe puo eo di neng di sa ka tsa e mamela. Moithuti ka mong o tshwanela ho ngola kgutsufatso a qolla dintlha tsa bohlokwa tseo Sir Ken Robinson a buileng ka tsona puong ya bobedi. Ha a qeta, o tshwanela ho bapisa hore na dipuo tseo ka bobedi di utlwahala di fetisa molaetsa o tshwanang.

[10]

3.3 DIBOPEHO LE TSHEBEDISO YA PUO

3.3.1 Ke sebetsa sefe sa ho bapatsa se fumanwang ditemeng kaofela tse ka hodimo? (1)3.3.2 Sheba Tema ya G. Ke hobaneng ha moradi wa yona a kgethile ho sebedisa mahlakana a kwae bakeng sa ho fetisa

molaetsa ho babadi? (2)3.3.3 Ke naha efe e bonahalang e na le bothata bo boholo haholo ba batho ba tsubang? (1)3.3.4 Temeng ya G, ho bolelwa hore ke diphesente tse 18.4 tsa baahi ba Afrika Borwa ba dilemong tse 15 le ho feta ba

17

sebedisang kwae ho tloha ka selemo sa 2005. Fana ka palo ya baahi bana ka dimiliyone e seng ka diphesente. Ngola karabo ya hao ka mantswe e seng ka dipalo. (2)

3.3.5 Hobaneng ha ho bonahala mantswe a itseng a ngotswe ka mongolo o moholo ho feta a mang ditemeng tsohle tse ka hodimo? Qolla mohlala wa sena temeng e le nngwe o ntano fana ka lebaka. (3)

3.3.6 Setshwantsho se hlahisitsweng Temeng ya D se bontsha naha ya Afrika Borwa jwalo ka ha re bona phousetara ya Nelson Mandela kapa tjhe? Nnetefatsa ntlha ya hao ka lebaka. (2)

3.3.7 Ditemeng tsa C le D ho bonahala ho hlahella batho ba itseng mme ba bang bona ba sa hlahiswa ditshwantshong ka bone ba tsona. Lebaka la see ke lefe? (2)

3.3.8 Temeng ya C ya pele, moqolotsi wa ditshwantsho o nkile setshwantsho sena a se hlahile ka lehlakoreng le tla sira diphousetara tsa mekgatlo e meng ya dipolotiki. Morero ke ofe ka see? (3)

3.3.9 Mongolo wa ditlhaku tse kgolo o hlahellang ditemeng tsa A le B o re supisa eng ka maikutlo a bangodi ba tsona? (2)3.3.10 Sheba Tema ya C. Ke bopaki bofe ba hore ditema tsee di bontsha diketsahalo tsa Afrika Borwa? (2)3.3.11 Na tshebediso ya dibetsa tsa bongodi e fihletse sepheo? Tiisa ntlha ya hao. (2)3.3.12 Na ho dumellehile hore Temeng ya C re bone dipolelo tse kang: ‘DITSHEBELETSO TSE MPE KE YONA NTHO EO RE E

NYATSANG’, feela di be di ngotswe ka mongolo o mosweu? Hlalosa ntlha ya hao. (3) [25]

DIKARABO:3.3.1 Ke tshebediso ya mmala/ mongolo o moholo dihloohong/ mongolo wa ditlhaku tse kgolo ho bontsha botebo ba maikutlo,

le tse ding. (Amohela dikarabo tsa baithuti tse dumellehang). (1)3.3.2 Ke hobane taba kgolo eo ho buuwang ka yona ke tshebediso ya kwae mme o na le bonnete ba hore babohi ba tla tseba

lehlakana kaha ke sehlahiswa se molaong, se rekiswang mabenkeleng a mangata. (2)3.3.3 Ke naha ya Russia. (1)3.3.4 Ke batho ba miliyone e le nngwe, lekgolo le le leng le nang le metso e mene ya dikete (1 104 000). (2)3.3.5 Temeng ya G, lentswe ‘SENOTLOLO’ (KEY) ngotswe ka ditlhaku tse kgolo kaha ditaba tse ngotsweng tlasa lona ke

sona senotlolo se fanang ka tlhalosetso ya hore babohi ba tsebe ho sheba tema le ho e boha ka kutlwisiso. (3)3.3.6 Ha se naha ya Afrika Borwa kaha re bona meaho e meholo haholo e siyo mona Afrika Borwa mme le batho bongata

ke ba basweu empa re a tseba hore mona Afrika Borwa ditoropo tsa teng di na le batho ba merabe e fapaneng. (2)3.3.7 Ke hobane moqolotsi a ne a batla ho tataisetsa mmohi molaetseng oo a hlileng a batlang ho o fetisa. (2)

18

3.3.8 Sena se ka bontsha tshekamelo ya hae mokgatlong o hlahisitsweng kapa sa bontsha bonono ba hae ba ho matahanya dintho tse nyalanang ntle le ho loba letho. (3)

3.3.9 O re bolella botebo ba maikutlo a bona ka seo ba se ngotseng kaha ba tseba hore ho bua ho ka se fetise molaetsa jwalo ka mongolo. (2)

3.3.10 Ditema tse ngotsweng ka puo ya Afrikaans le ya Senyesemane ke tsona tse nnetefatsang hore ke Afrika Borwa. (2)

3.3.11 Tshebediso ya dibetsa tsa bongodi e fihletse sepheo kaha ditema di ngotswe ka tsela e tlwaelehileng ho babohi mme

sena se etsa hore ho be bobebe ho fumana molaetsa wa ntlha-kgolo ya tema ka nngwe. (2)

3.3.12 Ho ntse ho dumellehile kaha setjhaba ha se a ithutela bokgoni ba ho ngola diphousetara, se mpa se fetisa maikutlo a

sona feela. (3)[25]

19